Laola Bophelo ba Hao Hona Joale!
PATLISISO ea saense tseleng eo motho a itšoarang ka eona le kamoo a susumetsehang kateng e re ruisitse molemo ka mekhoa e mengata. Mohlomong re thusitsoe ho sebetsana ka katleho le boloetse bo itseng ka ho ba le kutloisiso e feletseng haholoanyane ea bona. Leha ho le joalo, ke bohlale ho ba hlokolosi ha ho tluoa likhopolong tse amang maikutlo, haholo-holo tse bonahalang li hanyetsana le melao-motheo e behiloeng.
Tabeng ea liphatsa tsa lefutso le tsela eo motho a itšoarang ka eona, ho phahama lipotso: Na re ka hana boikarabelo ba rōna ’me ra latola molato bakeng sa liketso tsa rōna? Na re ka batla ho lokolloa kapa hona ho beha molato ho motho e mong kapa nthong e itseng bakeng sa bothoto bo itseng kapa phoso eo re e entseng, kahoo ra tlatsetsa lipalo tse eketsehang molokong oo oa “hase ’na”? Le hanyenyane. Batho ba bangata ba amohela ka boithatelo tlotla bakeng sa katleho leha e le efe bophelong, kahoo, ke hobane’ng ha ka ho tšoanang ba sa rate ho amohela boikarabelo bakeng sa liphoso tsa bona?
Kahoo, re ka ’na ra botsa, Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, le re’ng ka motho kapa lintho tse laolang bophelo ba rōna kajeno?
Maikutlo a Bibele ke Afe?
Ntho ea pele eo re tlamehang ho e hlokomela ke hore kaofela ha rōna re tsoaletsoe sebeng se futsitsoeng ho batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. (Pesaleme ea 51:5) Ho feta moo, re phela nakong e khethehileng, e bitsoang ‘matsatsi a ho qetela,’ ao ho ’ona batho ba tobanang le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Ha re bua ka ho tloaelehileng, sena se bontša hore re thulana le mathata a mangata ha re sebelisa boitšoaro bo hloekileng bophelong ba rōna, ho feta kamoo baholo-holo ba rōna ba ileng ba thulana le ’ona kateng.
Leha ho le joalo, batho bohle ke ba nang le bolokolohi ba ho ikhethela, ba ka khona ho iketsetsa khetho ea bona ea botho. Ho isa bohōleng boo, ba khona ho laola bophelo ba bona. Ho ’nile ha e-ba joalo ho tloha linakong tsa pele-pele, ’me ho ka bonoa mantsoeng a Joshua a neng a e-ea ho sechaba sa Iseraele: “Ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa.”—Joshua 24:15.
Bibele ea lumela hore Satane Diabolose o lelekiloe leholimong ’me hona joale, ho feta leha e le neng pele, o sebelisa tšusumetso e matla ea bobe molokong oohle oa batho. E boetse e re bolella hore le mehleng ea moapostola Johanne, lefatše lohle le ne le rapaletse matleng a ea khopo. (1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9, 12) Leha ho le joalo, feela joalokaha Molimo ea Matla ’Ohle a sa laole ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea rōna kapa hona ho re rerela esale pele qetello e tsejoang ke eena feela, ha rea lokela hore re be re se re potlakela ho beha molato ho Satane bakeng sa phoso e ’ngoe le e ’ngoe ea rōna kapa moo re hlōlehang teng. ’Nete e itekanetseng ea Mangolo ke ea hore “e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.” (Jakobo 1:14, 15) Moapostola Pauluse o ile a ngola mantsoe ana a bululetsoeng: “Le se ke la khelosoa: Molimo hase ea ka songoang. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula.”—Bagalata 6:7.
Ka hona, Jehova Molimo o re nka re ikarabella ka bomong bakeng sa liketso tsa rōna. Re tlameha ho ba hlokolosi hore re se leke ho ikemela ka lebaka la sebōpeho sa liphatsa tsa rōna tsa lefutso le ho se phethahale hoo re ho futsitseng. Molimo o ile a nka sechaba sa boholo-holo sa Sodoma le Gomora se neng se le mabifi, sa basodoma, se ikarabella bakeng sa liketso tsa sona tse senyehileng. Ka ho hlakileng, ha aa ka a talima baahi ba teng e le libōpuoa tse haulang, tse malimabe, tseo ho neng ho se seo li ka se etsang haese ho ba khopo ka lebaka la bofokoli bo itseng bo nkoang e le ba liphatsa tsa lefutso. Ka tsela e tšoanang, batho ba neng ba phela mehleng ea Noe ba ne ba pota-potiloe ke litšusumetso tse ngata tse mpe; leha ho le joalo, ba ile ba tšoanela ho etsa khetho, qeto ea botho, hore ba tle ba pholohe Moroallo o neng o le haufi le ho etsahala. Ba fokolang ba ile ba etsa khetho e nepahetseng. Ba bangata ha baa ka ba e etsa.
Moprofeta oa Moheberu Ezekiele o tiisa hore ho hlokahala boitaolo ba botho haeba re batla ho amoheloa ke Molimo: “Ha uena u tšositse molotsana, ’me a sa ka a kheloha bokhopo ba hae le tsela ea hae e sa lokang, ha e le eena o tla shoa ka bokhopo ba hae, empa uena etlaba u pholositse moea oa hao.”—Ezekiele 3:19.
Thuso e Molemohali e Fumanehang
Ka sebele, kaofela ha rōna re hloka thuso bakeng sa ho sebelisa boitaolo bo joalo ba botho bophelong ba rōna ba letsatsi le leng le le leng, ’me ho ba bangata ba rōna, ka sebele ena ke phephetso. Empa ha rea lokela ho felloa ke tšepo. Le hoja litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe tseo re li futsitseng li sa amohelehe ho Molimo, haeba re batla ho ntlafatsa tsela eo re itšoarang ka eona, o tla re neha thuso e molemohali e fumanehang—moea o halalelang oa hae le ’nete ea hae e bululetsoeng. Ho sa tsotellehe tšekamelo leha e le efe ea liphatsa tsa lefutso eo re ka ’nang ra ba le eona le tšusumetso leha e le efe e kantle e ka ’nang ea re ama, re ka ‘hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me ra ikapesa botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng.’—Bakolose 3:9, 10.
Bakreste ba bangata phuthehong ea Korinthe ba ile ba etsa liphetoho tse bonahalang tseleng eo ba neng ba itšoara ka eona. Tlaleho e bululetsoeng ea re bolella: “Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ha ba na ho rua ’muso oa Molimo. ’Me leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa le boletsoe le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.”—1 Bakorinthe 6:9-11.
Ka hona, haeba re loantšana le ho se phethahale ha rōna, a re se keng ra inehela ho hona. Bakreste ba bangata ba kajeno ba bontšitse hore ka thuso ea Jehova, ba khonne ho ‘fetoha ka ho nchafatsa likelello tsa bona ’me ba ipakela e le bona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ Ba fepa likelello tsa bona ka lintho leha e le life tsa ’nete, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse khabane, tse lokeloang ke thoriso; ’me ba ‘tsoela pele ho nahana ka lintho tsena.’ Ba ja lijo tse tiileng ’me ka ho li sebelisa ba koetlisetsa matla a bona a ho lemoha ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.—Baroma 12:2; Bafilippi 4:8; Baheberu 5:14.
Hoa khothatsa ho tseba ka lintoa tsa bona, ho hlōleha ha bona ha nakoana, le katleho eo ba qetellang ba e fumane ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo. Molimo oa re tiisetsa hore ho fetola tsela eo re itšoarang ka eona hangata ho ama pelo le takatso ea eona: “Hobane bohlale bo tla kena pelong ea hao, tsebo e khahlise moea oa hao; masene a u lebele, kutloisiso e u boloke; ho u phemisa tsela ea bobe.”—Liproverbia 2:10-12.
Ka hona, haeba u batla ho etsa bophelo bo sa feleng pakane ea hao—bophelo bo se nang mathata a lefatše lena le khopo ’me bo lokolohile ho se phethahaleng ho fokolisang—‘ikitlaetse ka matla’ ho laoleng bophelo ba hao hona joale ’me u tataisoe ke bohlale ba leholimo. (Luka 13:24) Fumana thuso ea moea o halalelang oa Jehova e le hore u ka beha litholoana tsa boitšoaro. Ho etse takatso ea pelo ea hao hore bophelo ba hao bo lumellane le melao ea Molimo, ’me u ele hloko keletso ena: “Baballa pelo ea hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke eona liba sa bophelo.” (Liproverbia 4:23, BPN) Ho fumana “bophelo ba sebele” lefatšeng le lecha la Molimo—leo ho lona Jehova Molimo a tla lokisa likhaello tsohle tsa liphatsa tsa lefutso motheong oa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste—ho tšoaneloa ke boiteko bohle boo u bo etsang ba ho laola bophelo ba hao lefatšeng lena!—1 Timothea 6:19; Johanne 3:16.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho ithuta Bibele ho ka re neha matla a ho hlōla bofokoli bo metseng ka metso
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho ithuta Bibele ho ka re thusa ho tšoarella ka tieo litekanyetsong tsa Molimo tsa boitšoaro