Ho Hlōla Mokhoa o Mabifi oa Bophelo
’NA LE motsoalle oa ka re ile ra matha ka hohle kamoo re ka khonang, ’me ha re fihla nōkeng e haufi le motse oa heso, re ile ra itahlela ka nōkeng. Ha re hlahela ka holim’a metsi, re ile ra qala ho sesa ka lebelo ho ea lebōpong le leng la nōka.
Na hona e ne e le mofuta o mong oa papali ea bashemane? Le hanyenyane! E ne e le taba ea bophelo le lefu. Ha ke hetla, ke ile ka bona mapolesa a re supile ka lithunya. Ke ile ka qoela hore ke qobe likulo ’me ka tsoela pele ho sesa ho leba lebōpong le leng la nōka. Esita leha ke ne ke le ka tlas’a metsi, ke ne ke ntse ke utloa molumo oa sethunya.
Hang ha re fihla lebōpong la nōka, re ne re se re atlehile morerong oa rōna oa ho baleha teronkong, e leng moo re neng re koalletsoe teng ka baka la ho thuha le ho utsoa makoloi.
Lena e ne e le lekhetlo le le leng feela har’a a mangata ao ke neng ke batloa kapa ke hlile ke lelekisoa ke mapolesa ka baka la ketso e itseng ea tlōlo ea molao. Le hoja ke ne ke le lilemo li 17 feela ka nako eo, ke ne ke se ke iketselitse tlaleho e telele ea ho tšoaroa ke ba boholong. Qetellong, ’na le motsoalle oa ka re ile ra tšoaroa ’me ke ile ka boela ka ahloleloa ho ea teronkong, lekhetlong lena ke ile ka ahloleloa lilemo tse peli le halofo.
Esita leha ke le teronkong, ke ile ka bontša tšekamelo ea botho bo mabifi. Ka baka la ho loana le batšoaruoa ba bang nako le nako, ke ile ka nehoa liaparo tsa teronko tse tšoeu. Sena se ile sa etsa hore balebeli ba behe ’na le batšoaruoa ba bang ba bakang khathatso leihlo ka ho khethehileng.
Ho ba Mabifi Haholoanyane ka Mor’a ho Lokolloa
Ke ile ka lokolloa teronkong empa ke ne ke sa fetoha motho ea molemo. Ha e le hantle, ke ne ke le mabifi ho feta leha e le neng pele. Kapele ke ile ka iketsa ’musi oa literata tse fapaneng. E mong le e mong ea neng a mphephetsa kapele o ne a fumana hore o tobane le motho ea ikemiselitseng ho loana.
Ka lekhetlo le leng ke ile ka qholotsoa ke sehlopha sa bashemane. Ke ile ka ba hlasela, ka ntša ba ’maloa kotsi pele mapolesa a thibela morusu oo leha letsoho la ka le letona le ne le robehile ntoeng e ’ngoe bekeng e fetileng pele ho moo.
Ka nako e ’ngoe ’na le metsoalle ea ka e ’meli re ile ra phephetsa sehlopha sa banna ba tsoang motseng o haufi. Moeta-pele oa bona o ile a tsoa har’a bona a tšoere molamu oa tšepe ho tla nkhahlanyetsa. Ke ile ka mo amoha molamu oo empa o ile phonyoha matsohong a ka ’me a baleha. Tsela feela ea ho etsa hore a tsoele pele ho loana e ne e le ho mo neha molamu oa hae hape, ’me ke hlile ka etsa joalo. O ile a khutla ’me ke ile ka mo nkela ’ona hape, lekhetlong lena ke ile ka etsa bonnete ba hore ha a balehe ho fihlela ha ke se ke mo otlile.
Bosiung bo bong, feela bakeng sa ho “ithabisa,” ke ile ka ema hukung ea seterata Harlem, Motseng oa New York, ’me ka phephetsa e mong le e mong ea batlang ho loana. Batho ba fapa-fapaneng ba ile ba amohela phephetso eo, ’me lintoa li ne li le ngata. Ka baka leo, botumo ba ka joaloka motho ea kotsi le ea mabifi bo ile ba eketseha. Lintoeng tsena tse fapaneng, ke ile ka otloa ka libotlolo, ka lipannere tsa lebili la koloi, likoto le ho hlaseloa ka lithipa le libetsa tse ling. Empa tsena tsohle ha lia ka tsa etsa hore ke tlohele ho ba le botho bo mabifi.
Pefo ea Eketseha
Kapele ke ile ka elelloa hore ho ne ho na le chelete e ngata e ka etsoang ka ho rekisa lithethefatsi. Joaloka motho ea neng a sebelisa lithethefatsi, ke ne ke tloaelane le batho ba li rekisang. Kapele-pele ho ne ho e-na le batho ba nthekisetsang lithethefatsi ’me ba nketsa hore ke be mabifi le ho feta.
Ka lekhetlo le leng re ile ra hlasela morekisi e mong oa lithethefatsi, re ikemiselitse ho utsoa lithethefatsi tsa hae. Re hlometse ka sethunya le thipa, re ile ra thuha le ho kena ka tlung ea hae ’me ra tlama banna ba bararo le mosali a le mong ha re ntse re fuputsa ka tlung, re batla lithethefatsi.
Ka nako e ’ngoe ’na le motsoalle oa ka, re hlometse ka lithunya ’me re apere li-mask, re ile ra etsa qeto ea ho qhekella monna e mong oa morui e le hore re ka fumana chelete ea ho reka lithethefatsi. Re ile ra lisa ntlo ea hae, empa ha aa ka a hlaha, kahoo re ile ra tsamaea. Ntle ho pelaelo, haeba a ne a ile a hlaha, re ne re tla phetha morero oa rōna.
Kahoo, ke le lilemo li 20 feela, ke ile ka iphumana ke kenelletse ka ho tebileng pefong, tšebelisong ea lithethefatsi le tlōlong ea molao e tebileng. Ho ne ho ka etsahala hore bokamoso ba ka e be ho phela teronkong—’me ke ne ke hloname haholo.
Hangata ke ne ke ipotsa hore na ke mang ea lokelang ho etsa qeto ka se nepahetseng le se fosahetseng. Ke ile ka fihlela qeto ea hore e lokela hoba motho leha e le ofe ea nang le matla a maholoanyane mokhatlong oa batho. Ke ile ka boela ka pheha khang hore kaha batho ba iketsetsa liqeto ka se nepahetseng le se fosahetseng, nke ke ka hlompha bobusi leha e le bofe ba motho, ’me ke na le tokelo e tšoanang le ea motho leha e le ofe ea ho iketsetsa qeto ka taba e joalo. Empa ke ne ke le haufinyane le ho fumana karabo e molemo ka ho fetisisa.
Tsela e Molemo ka ho Fetisisa
Khaitseli ea ka, e ileng ea nyalana le e mong oa metsoalle ea ka eo ke neng ke e-na le eona teronkong, e ile ea lumela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ne a bolella e mong le e mong lapeng leso lintho tseo a neng a ithuta tsona Bibeleng—ka ntle ho ’na. Lelapa leso le ne le mpolella hore ke qobe khaitseli ea ka. Hobane’ng? Ba ile ba bolela hore lebaka ke hore sohle seo a neng a bua ka sona e ne e le ka “bolumeli bola ba bohlanya.”
Ke ne ke laba-labela ho tseba. Ke eng seo a neng a se bua se neng se ka halefisa batho hakaale? Ke ne ke batla ho tseba, empa khaitseli oa ka o ne a sa bue le ’na ka sena. Hobane’ng? O ne a nahana hore ke mobe haholo hoo nke keng ka mamela leha e le eng ka Bibele.
Empa mantsiboeeng a mang ke ile ka kōpa khaitseli oa ka ho tla jela lijo tsa mantsiboea ha hae. Ha re ntse re lutse moo ke ile ka re: “Mpolelleng ka bolumeli bona bo bocha.” Ba ile ba mpolella—ka lihora tse tšeletseng! E bile taba e nang le kelello haholo ho ’na hoo ke ileng ka khutla mantsiboeeng a latelang ho tla mamela ho eketsehileng.
Ka mor’a ketelo ena ea bobeli, ke ne ke kholisehile hore ke fumane ho hong hoo nka ho phelelang, morero oa sebele bophelong. Hang-hang, ke ile ka qala ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova le ho bua le metsoalle ea ka ka seo ke neng ke ithuta sona.
Tsela ea ka ea bophelo e ile ea lula e sa fetoha ka nakoana. Empa ke ile ka tsoela pele ho ithuta le ho bala ka seo Jehova Molimo a se lebelletseng ho ’na, ’me ke ile ka etsa bonnete ba hore ha ke fosoe ke liboka Holong ea ’Muso moo ho neng ho buisanoa ka Bibele. Ka tsela ena ke ile ka fumana matla a moea a ho fetola bophelo ba ka, ntho e le ’ngoe ka nako.
Tabeng ea pele, ke ile ka khaotsa ho rekisa lithethefatsi. Sena se ile sa halefisa ba bang bao e neng e le metsoalle ea ka, empa ke ne ke sa ntse ke na le botumo ba ho ba motho ea mabifi, e leng se ileng sa ntšireletsa kotsing. Ka mor’a moo, ke ile ka khaotsa ho sebelisa lithethefatsi tse bohale le ho tlohela tsela ea bophelo ea boitšoaro bo bobe. Ntho ea ho qetela eo ke ileng ka e laola e bile ho tsuba koae. Ka likhoeli tse robeli ke ne ke entse tsoelo-pele ho fihlela moo ke neng ke tšoaneleha bakeng sa kolobetso, ’me ke ile ka kolobetsoa ka 1970.
Qetellong ke ne ke finyelletse kutloisiso e felletseng ea karabo ea potso ea ka e mabapi le hore ke mang ea lokelang ho etsa qeto ka se nepahetseng le se fosahetseng. Karabo ke: Jehova, Mofani oa Bophelo ba rōna, ke eena ea nang le tokelo eo, ’me hape o na le tokelo ea ho lebella hore libōpuoa tsa hae li phele ka ho loketseng.
Ke ile ka nahana hangata ka kamoo papiso e ho Esaia 65:25 e ileng ea phethahala ho ’na ka mokhoa oa tšoantšetso ka teng. Boprofeta boo bo bua ka nako e tlang ha tšekamelo e mabifi ea tau e fetoloa ho ba ea khotso ho isa bohōleng ba hore e je joang joloka khomo. Ke ile ka ikutloa hore ka tsela e tšoanang, ke fetohile ho tloha ho motho ea mabifi haholo ho ea ho motho ea nang le tšekamelo ea khotso le ea nang le pono ea khotso bophelong.
Ho ntse ho le joalo, ke ne ke na le botumo bo bobe boo ke neng ke tlamehile ho bo hlakola ka boitšoaro bo botle. Ka mohlala, ka mehla ke ne ke etela batho ka ntlo le ntlo ho buisana le bona ka Bibele. Ntlong e ’ngoe moshemane ea ileng a arabela o ile a ntseba ’me a tšoha, a nahana hore ke tlile ho mo ntša kotsi. Kapele ke ile ka hlalosa molaetsa oa ka oa khotso ho tsoa Bibeleng ’me ka mo siea a maketse empa a phutholohile haholo.
Nakoana hoba ke kolobetsoe, ke ile ka nyala e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka masoabi, ka 1974 mosali oa ka o ile a etsa qeto ea hore ha a sa batla ho etsa thato ea Molimo. O ile a mpha khetho e le ’ngoe: hore ke tlohele tsela ea ka ea borapeli kapa o tla ntlohela, ’me o tla nka le bana ba rōna ba babeli. Eo ebile nako e thata ka ho fetisisa bophelong ba ka. Empa ke ne nke ke ka lahla borapeli ba ka ho Molimo, ’me ke ile ka tsoela pele ho etsa thato ea oona.
Tsela e Ncha ea Bophelo
Leha ho le joalo, Jehova o ile a mputsa ka baka la ho tsoela pele ke tšepahetse ho eena. Ka 1977, ke ile ka kopana le Paki e ntle ’me re ile ra nyalana. O ne a e-na le mora ea lilemo li hlano. Kapele ’na le mosali oa ka re ile ra kenela tšebeletso ea nako e tletseng, re inehela ho ruta batho ba bang ka Molimo le merero ea oona. Ha mor’a oa rōna a hōla, le eena o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Hona joale o thusa ka mesebetsi e fapaneng ka phuthehong ea rōna.
Ho tloha ka nako eo, ’na le mosali oa ka re bile le monyetla oa ho etela likarolong tse ngata tsa lefatše, re etsa mosebetsi oa boithaopo oa ho haha. Sena se akarelletsa ho thusa ho haha makala a macha linaheng tse fapaneng bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa ho ruta oa lefatše lohle oa Lipaki tsa Jehova.
Ha re le hae, re lula re tšoarehile ka ho thusa ba bang ho ithuta Bibele le ho thusa ho haha Liholo tsa ’Muso tse ncha. Hape, ke sebeletsa Komiting ea Kaho ea Lebatooa ea Liholo karolong e ka boroa ea United States. ’Me ’na le ’mate oa ka eo re neng re le batšoaruoa hammoho—monna oa khaitseli oa ka—re sebeletsa joaloka baholo phuthehong e le ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova.
Ke leboha Jehova ka ho nthusa hore ke khone ho laola bophelo ba ka le ho bo neha lehlakore le lecha ka ho felletseng. Ha ke ntse ke mo lumella ho mpontša se nepahetseng le se fosahetseng, bophelo ba ka bo ntse bo fetoha bo molemonyana.—E nehetsoe.