Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 35 maq. 252-256
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Sebelisa Lithethefatsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Sebelisa Lithethefatsi?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Bophelo bo Senyehile, Bophelo bo Lahlehile
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi—Ke Hobane’ng ha Batho ba li Sebelisa Hampe?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 35 maq. 252-256

Khaolong ea 35

Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Sebelisa Lithethefatsi?

NA U lemaletse lithethefatsi? E ka ’na eaba ua tseba hore ho li lemalla ho senya kelello le ’mele. Mohlomong u ’nile ua leka ho khaotsa ho li sebelisa empa ua khutlela mokhoeng oo. Haeba ho joalo, u se ke ua nyahama. Batho ba bang ba khonne ho hlōla temallo ea lithethefatsi, kahoo le uena u ka khona! Ka mohlala, nahana ka seo batho ba bararo ba hōtseng ka litsela tse sa tšoaneng ba se buang mabapi le hore na ba entse’ng hore ba khaotse ho li sebelisa.

LEBITSO Marta

TSELA EO KE HŌTSENG KA EONA ’Mè o bile le ’na a sa nyaloa, kahoo ’na le ngoan’eso re hōtse re se na ntate. Ha ke le lilemo li ka bang 12, ke ile ka qala ho tsamaea disco le ’Mangoane, ea neng a rata ho tantša. Ke ne ke le motho ea botsoalle, ’me ka mor’a nakoana ke ile ka tloaelana le batho ba mekhoa e mebe. Ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi ha ke le lilemo li 13. Ka qala ho sebelisa le k’hok’heine. Qalong, ke ne ke thabela ho e sebelisa. Empa ka mor’a nakoana, ke ile ka qala ho ba le lipono le ho tšoha ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha lithethefatsi li tsoa ’meleng, ke ne ke tleloa ke monahano oa ho ipolaea. Ke ne ke batla ho khaotsa ho li sebelisa empa ke se na boikemisetso bo matla.

KAMOO KE ILENG KA KHAOTSA HO LI SEBELISA Ke ile ka qala ho nahana ka Molimo ka ba ka ea kerekeng ka makhetlo a seng makae. Empa ke ile ka ikutloa ke nyahame le ho feta. Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka lula le mohlankana oa ka ’me ka ba le ngoana. Ho ba le mora ho ile ha etsa hore ke be le takatso e matla le ho feta ea ho fetola tsela eo ke phelang ka eona. Motho e mong eo e neng e kile ea e-ba motsoalle oa ka o ile a fallela ntlong e shebaneng le ea rōna. O ile a nketela ’me a mpotsa hore na ke ntse ke ea joang. Ke ile ka mo tšollela pelo ea ka. O ile a mpolella hore e se e le Paki ea Jehova ’me a re o lakatsa ho ithuta Bibele le ’na. Ke ile ka lumela.

Ke ile ka hlokomela hore tsela eo ke phelang ka eona ha e khahlise Molimo ’me ke lokela ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi le ho tsuba. Empa ke ne ke se ke li lemaletse. Ke ne ke kōpa Jehova Molimo ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi hore a nthuse ke khaotse mekhoa ea ka e litšila. Ke ne ke batla ho mo khahlisa. (Liproverbia 27:11) Ka mor’a ho qeta likhoeli tse tšeletseng ke ithuta Bibele ke bile ke kopanela le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka khona ho tlohela lithethefatsi. Hona joale ke na le morero bophelong. Ha ke sa lula ke tepeletse maikutlo nako ena kaofela. Ke ile ka kopana le mohlankana e mong ea khahlehang oa Mokreste, ea ileng a ’nyala. Ke hōlisitse mora oa ka ka melao-motheo ea Bibele. Ke leboha haholo hore ebe Jehova o ile a utloa lithapelo tsa ka ’me a nthusa!

LEBITSO Marcio

TSELA EO KE HŌTSENG KA EONA Ke hōletse mathōkong a motse oa Santo André, o nang le baahi ba bangata haholo profinseng ea São Paulo, Brazil. Ke qalile ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi le ho nkela batho thepa ka likhoka ke sa le monyenyane. Metsoalle ea ka e ’maloa e ne e utsoa likoloi e bile e rekisa lithethefatsi. E mong o ne a fa bacha ba motseng oa heso lithethefatsi mahala. Ha ba se ba li lemaletse, ba ne ba tlameha ho li reka ho eena.

Mapolesa a ne a lula a paterola sebakeng sa habo rōna ’me ke ile ka tšoareloa litlōlo tse nyenyane tsa molao ka makhetlo a ’maloa. Ka lekhetlo le leng ke ile ka tšoaroa hobane ke ne ke belaelloa ka hore ke rekisa lithethefatsi. Ke ne ke atisa ho boloka thepa e utsoitsoeng le lithunya lapeng.

Batho ba ne ba ntšaba. Mahlo a ka a le mafubelu. Ho se mohla ke bososelang. Ha e le hantle, sefahleho sa ka e ne eka ke sa ’molai. Batho ba ne ba mpitsa “Tufão” (Leholiotsoana) kaha hohle moo ke neng ke ea teng, ke ne ke baka moferefere. Ke ne ke boetse ke noa haholo ke bile ke phela ka boitšoaro bo hlephileng. Metsoalle ea ka e mengata e ile ea shoa kapa ea qetella e le teronkong. Ke ne ke nyahame hoo ke ileng ka tlamella ropo lekaleng la sefate ’me ka leka ho ipolaea.

KAMOO KE ILENG KA KHAOTSA HO SEBELISA LITHETHEFATSI Ke ile ka kōpa Molimo hore a nthuse. Qetellong, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova eaba ke qala ho ithuta Bibele. Ke ile ka ithuta hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova le hore o tsotella batho ba lekang ka matla ho phela ka melao ea hae ebile oa ba thusa. (Pesaleme ea 83:18; 1 Petrose 5:6, 7) Ke ne ke tlameha ho etsa liphetoho tse ngata. E ’ngoe eo ho ileng ha e-ba thata ka ho fetisisa hore ke e etse, ke ho ithuta ho bososela.

Ke ne ke lula ke kōpa Jehova hore a nthuse ke bile ke sebelisa keletso e fanoeng ka Bibeleng. Ka mohlala, ke ile ka khaotsa ho tsamaea le “metsoalle” ea ka ea pele ’me ka qoba ho ea libakeng tseo ho rekisoang joala. Ho e-na le hoo, ke ile ka khetha ho tloaelana le batho ba phelang ka melao ea Bibele. Ho ne ho se bonolo ho etsa seo, empa ha ke sa utsoa le ho baka moferefere. Hona joale ke se ke qetile lilemo tse fetang leshome ke sa sebelise lithethefatsi.

LEBITSO Craig

TSELA EO KE HŌTSENG KA EONA Ke hōletse polasing, Australia Boroa. Ntate e ne e le lekhoba la tahi ’me o ile a arohana le ’Mè ha ke le lilemo li robeli. ’Mè o ile a nyaloa hape ’me ka lula le eena ho fihlela ha ke le lilemo li 17. Selemong seo, ke ile ka ithuta ho kuta linku ’me ka qala ho tsamaea le bakuti ba neng ba batla mosebetsi libakeng tse sa tšoaneng. Ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi tse sa tšoaneng le ho sebelisa joala hampe. Ke ne ke e-na le moriri o molelele. Ke o tlotsa ka boka, ke o loha ke bile ke o kenya lifaha. Ke ne ke le mōna, ke le tala ’me ke le bohale haholo. Ke ile ka koalloa teronkong ka makhetlo a ’maloa.

Ke ile ka fallela torotsoaneng e ’ngoe e Australia Bophirimela, ’me ka lula le kharebe ea ka e neng e sebetsa moo ho rekisoang joala hoteleng ea moo. Re ne re tsuba re bile re noa, ’me re itemela matekoane.

KAMOO KE ILENG KA KHAOTSA HO SEBELISA LITHETHEFATSI Re ne re qeta ho kotula matekoane ha Lipaki Tsa Jehova li fihla ntlong ea rōna ea serutha. Ha kea ka ka lumela feela seo li se buang. Ho e-na le hoo, ha nako e ntse e feta, ke ile ka ipakela hore seo Bibele e se bolelang ke ’nete. Eaba ka mor’a moo, ke loana ka thata hore hanyane ka hanyane ke hlōle mathata a ka.

Ka mor’a nakoana, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho khaotsa ho tsuba matekoane. Seo se ne se tla akarelletsa eng? Ke ne ke sebelitse ka thata ho a lema, kahoo qalong ke ile ka nahana hore ke fane ka ’ona. Empa ke ile ka etsa qeto ea hore eo hase tharollo e molemo kahoo ka a senya. Ho rapela ho ile ha nthusa haholo hore ke khaotse ho sebelisa joala le lithethefatsi hampe. Ke ile ka kōpa Molimo hore a nthuse ka moea oa hae ho loantša mekhoa eo le hore ke e hlōle. Ke ile ka boela ka khaotsa ho tloaelana le batho ba nkhothalletsang ho etsa lintho tseo tse mpe. Ha ke ntse ke ithuta seo Bibele e se rutang le ho se sebelisa, ke ile ka ba le botsitso maikutlong, e leng seo ke neng ke se hloka hore ke loantše mefokolo ea ka. Kharebe ea ka le eona e ile ea ithuta Bibele ’me ea fetola tsela eo e neng e phela ka eona. Re ile ra nyalana. Re se re qetile lilemo tse 21 re iphelela hantle ’me hona joale re thabela ho hōlisa bana ba rōna ba babeli. Kea tšoha ha ke nahana hore na bophelo ba ka bo ka be bo bile joang hoja ebe Jehova ha aa ka a nthusa hore ke fetole tsela eo ke neng ke phela ka eona.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Jehova ke matla a ka le bonatla ba ka.”—Esaia 12:2.

KELETSO

Haeba ho khoneha, qoba batho, libaka le lintho tseo u neng u li etsa ha u sa sebelisa lithethefatsi. Liphuputso li bontša hore ha motho a bona lintho tseo, seo se ka mo lakalisa lithethefatsi.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ho sebelisa lithethefatsi hampe ho ka fetola sebōpeho sa boko le tsela eo bo sebetsang ka eona.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba nka khutlela mokhoeng oo, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha hlokahala hore motho a etse liphetoho tse khōlō bophelong haeba a batla ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi?

● Ho ithuta seo e leng ’nete ka Molimo ho ka mo thusa joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 253]

“Kaha ke phela ka melao e phahameng ea Bibele, hona joale ke thabile ebile ke na le morero bophelong.”—Marta

[Setšoantšo se leqepheng la 256]

Ho hlōla temallo ho tšoana le ho baleha ntlong e chang—u tla siea lintho moo, empa u tla ipholosa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela