Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 1/1 maq. 27-30
  • Ke Qaolloa Tebetebeng ea Bocha ba Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Qaolloa Tebetebeng ea Bocha ba Ka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke ne ke Luba Thankha
  • Jehova oa Nthusa
  • Moratuoa oa Lopolloa
  • Kamoo ke Loantšang Maikutlo a Ntetebetsang
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Hlōla Mokhoa o Mabifi oa Bophelo
    Tsoha!—1991
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 1/1 maq. 27-30

Ke Qaolloa Tebetebeng ea Bocha ba Ka

Joalokaha ho boletse Eusebio Morcillo

Ka September 1993, ke ile ka etela chankaneng e sirelelitsoeng ka thata-thata. Mariví, e leng khaitseli ea ka e nyenyane, o ne a kolobetsoa. Batšoaruoa ba bang le ba boholong chankaneng ba ile ba shebella ka tlhompho ha ke mo kolobetsa. Pele ke hlalosa hore na ho tlile joang re be moo, e-re nke ke re qaa-qaa hore na re hōtse joang.

KE HLAHETSE Spain ka la 5 May 1954, ’me ke ’na letsibolo baneng ba robeli. Mariví e ne e le oa boraro. Nkhono o ile a re hōlisa re le Mak’hatholike a popota, ’me kea thaba ha ke hopola kamoo ha ke sa le ngoana ke neng ke ikutloa ke le haufi le Molimo kateng ha ke e-na le eena. Empa lapeng boemo bo ne bo sa jese litheohelang. Ntate o ne a atisa ho shapa ’Mè le rōna bana. Re ne re lula re tšohile, ’me pelo ea ka e ne e lutla mali ha ke bona ’Mè a sotleha.

Sekolong le teng ho ne ho e-na le mathata. Tichere e ’ngoe, e bile e le moprista, e ne e re thulisa lebota ka lihlooho ha re sa nepa potso. Moprista e mong o ne a hlekefetsa liithuti ka tsa thobalano nakong ea ha a ntse a hlahloba le bona mosebetsi oa sekolo oo ba o etselitseng hae. Ntle ho moo, lithuto tsa K’hatholike tse kang lihele li ne li mpherekanya li bile li ntšosa. Kapele feela ha kea ka ka hlola ke ikutloa ke le haufi le Molimo.

Ke ne ke Luba Thankha

Kaha ho ne ho se ea nkeletsang hore ke phele ka tsela e thabisang Molimo, ke ile ka qala ho tsamaea li-disco le batho ba itšoereng hampe le ba mabifi. Hangata ho ne ho loanoa ka lithipa, liketane, likhalase le litulo. Le hoja ke ne ke sa thahaselle lintoa, ka lekhetlo le leng ba ile ba nkotla ka ba ka ea le mailiili.

Qetellong ke ile ka khaotsa ho ea sebakeng seo eaba ke batla li-disco tse ling tse batlang li se na meferefere. Esita le moo, lithethefatsi li ne li bapala bana. Empa, ho e-na le hore li nthabise ’me li ntlhaphole kelello, li ne li etsa hore ke bone lipono ke be ke lule ke tšohile.

Le hoja bophelo bona bo ne bo sa nkhotsofatse, ke ile ka hohela moena oa ka ea bitsoang, José Luis, le motsoalle oa hlooho ea khomo ea bitsoang, Miguel hore ba phele joaloka ’na. Joaloka bacha ba bang ba bangata ba Spain ka nako eo, re ne re luba thankha. Ke ne ke etsa eng kapa eng hafeela nka fumana chelete ea lithethefatsi. Ke ne ke se ke le sekatana.

Jehova oa Nthusa

Ke nakong ena ke ileng ka buisana le metsoalle ea ka ka makhetlo a ’maloa hore na Molimo o teng le hore na re phelela eng. Ke ile ka qala ho batla Molimo ka hore ke batle motho eo nka mo bolellang maikutlo a ka. Ke ne ke hlokometse hore e mong oa basebetsi-’moho le ’na ea bitsoang Francisco, o ne a fapane le ba bang. O ne a bonahala a thabile, a tšepahala a bile a le mosa, kahoo ke ile ka mo phetlela sefuba. Francisco e ne e le Paki ea Jehova, ’me o ile a mpha Molula-Qhooa o nang le sehlooho se buang ka lithethefatsi.

Ha ke qeta ho bala sehlooho seo, ke ile ka rapela Molimo ka re: “Morena, kea tseba hore u teng, ’me ke lakatsa ho u tseba le ho etsa thato ea hao. Nthuse hle!” Francisco le Lipaki tse ling ba ile ba nkhothatsa ka Bibele ’me ba mpha libuka tsa Lipaki Tsa Jehova hore ke li bale. Ke ile ka hlokomela hore ba ne ba mpha thuso eo ke e kōpileng ho Molimo. Hang-hang ke ile ka qala ho phetela metsoalle ea ka le José Luis lintho tseo ke neng ke ithuta tsona.

Ka letsatsi le leng ha re tloha konsareteng ea ’mino oa rock le metsoalle e meng, ke ile ka tsoa tjaro. Ke ile ka ba shebela hōle, ’me ka hlokomela kamoo boitšoaro ba rōna bo neng bo se bo hlabisa lihlong kateng ka lebaka la lithethefatsi. Ka oona motsotso oo, ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa ho phela ka tsela eo e le hore ke be Paki ea Jehova.

Ke ile ka kōpa Francisco hore a mphe Bibele, ’me o ile a mpha eona hammoho le buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.a Ha ke bala hore Molimo o tšepisitse ho hlakola meokho eohle esita le ho felisa lefu, ha kea ka ka re fara! hore ke fumane ’nete e lokollang batho. (Johanne 8:32; Tšenolo 21:4) Hamorao ke ile ka ea sebokeng Holong ea Lipaki Tsa Jehova. Botsoalle le mofuthu oo ke ileng ka o utloa moo o ile oa nthabisa haholo.

Kaha ke ne ke labalabela ho bolella ba bang seo ke se boneng Holong ea ’Muso, hang-hang ke ile ka bitsa José Luis le metsoalle ea ka eaba ke ba qoqela ka sohle se etsahetseng. Matsatsi a se makae hamorao, kaofela ha rōna re ile ra ea sebokeng. Ngoanana e mong ea neng a lutse ka pel’a rōna o ile a re hetla. Ho ile ha totobala hore o ne a sa lebella ho bona mahipi a meriri e metelele, empa o ile a etsa bonnete ba hore a se ke a hlola a re hetla. E tlameha ebe o ne a maketse ha a re bona hape Holong ea ’Muso bekeng e hlahlamang, hobane lekhetlong lena re ne re apere lisutu re bile re tlamme lithae.

Hang ka mor’a moo, ’na le Miguel re ile ra ea kopanong ea potoloho ea Lipaki Tsa Jehova. Re ne re qala ho bona ntho e joalo—batho ba lilemo tsohle ba ne ba kopane eka ke bana ba motho. Ho makatsang ke hore kopano e ne e tšoaretsoe holong eo re neng re ile konsareteng ea rock ho eona haufinyane. Empa lekhetlong lena, moea o neng o rena moo le ’mino oa teng o ile oa re khatholla.

Kaofela ha rōna re ile ra qala ho ithuta Bibele. Likhoeli tse ka bang robeli hamorao, ka la 26 July, 1974, ’na le Miguel re ile ra kolobetsoa. Re ne re le lilemo li 20. Ba bang ba bane ba ile ba kolobetsoa likhoeling tse ’maloa hamorao. Seo ke ithutileng sona Bibeleng se ile sa ntšusumelletsa hore ke qale ho thusa ’mè oa ka ea mameletseng ka nako e telele ka mesebetsi ea lelapa le ho mo bolella ka tumelo ea ka e ncha. Re ile ra atamelana haholo. Hape ke ile ka nka nako e telele ke thusa baena ba ka le likhaitseli tsa ka.

Hamorao, ’Mè le bana beso kaofela ntle ho a le mong ba ile ba ithuta ’nete ea Bibele ’me ba kolobetsoa ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ka 1977, ke ile ka nyala Soledad. Ke ngoanana eloa ea neng a maketse ha a re bona ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, re ile ra ba bo-pula-maliboho, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li bitsang batho ba bolelang evangeli ka nako eohle.

Moratuoa oa Lopolloa

Khaitseli ea ka e bitsoang Mariví o ile a hlekefetsoa ka tsa thobalano a sa le monyenyane, ’me ketsahalo eo e mpe e ile ea mo ama haholo. Ha e se e le moroetsana, o ile a phela bophelo bo hlephileng a sebelisa lithethefatsi, a utsoa a bile a hoeba ka ’mele. Ha a le lilemo li 23, o ile a kena teronkong, moo a ileng a tsoela pele a phela bona bophelo boo.

Ka nako eo, ke ne ke le molebeli oa potoloho, e leng moholo ea etelang liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova. Ka 1989, ’na le Soledad re ile ra isoa sebakeng seo Mariví a neng a le chankaneng ho sona. Ba boholong ba ne ba sa tsoa mo amoha mora oa hae, ’me o ne a sithabetse maikutlo, a se a sa batle le ho phela. Ka letsatsi le leng ke ile ka mo etela ’me ka mo khothalletsa hore re ithute Bibele hammoho, ’me a lumela. Ka mor’a ho qeta khoeli a ithuta, o ile a khaotsa ho sebelisa lithethefatsi le ho tsuba. Ke ile ka thabela ho bona ha Jehova a mo fa matla a ho fetola bophelo ba hae ka tsela eo.—Baheberu 4:12.

Nakoana Mariví a qalile ho ithuta, o ile a qala ho bolella batšoaruoa ba bang linnete tsa Bibele hammoho le basebetsi ba chankana. Le hoja a ne a isoa lichankaneng tse sa tšoaneng, o ile a tsoela pele a ba bolella linnete tsa Bibele. Chankaneng e ’ngoe o ne a bile a ruta batho liseleng ka ho fapana. Ka lilemo tse ngata, Mariví o ile a ithuta Bibele le batšoaruoa ba bangata ba lichankaneng tse sa tšoaneng.

Ka letsatsi le leng Mariví o ile a mpolella hore o batla ho nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoe. Empa ha aa ka a lumelloa hore a tsoe chankaneng, hape ha ho motho ea ileng a lumelloa ho kena chankaneng hore a mo kolobetse. O ile a mamella ka lilemo tse ling tse ’nè chankaneng eo e tletseng bobe. O ile a thusoa ke eng hore a se ke a felloa ke tumelo? Ka nako eo phutheho e neng e tšoara seboka, le eena o ne a bala lintho tse ithutoang sebokeng seo a le ka seleng ea hae. Hape o ne a ithuta Bibele kamehla a bile a sa phetse ho rapela.

Hamorao, Mariví o ile a isoa chankaneng e sirelelitsoeng ka thata e neng e e-na le letamo la ho sesa. O ile a nahana hore joale o ne a ka khona ho kolobetsoa. Ho ile ha fela ha e-ba joalo, qetellong Mariví a lumelloa hore a kolobetsoe. Ke kamoo ke ileng ka iphumana ke fana ka puo ea hae ea kolobetso. Ke ne ke e-na le eena ka nako eo ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae.

Ka lebaka la tsela eo Mariví a neng a phela ka eona nakong e fetileng, o ile a tšoaroa ke AIDS. Leha ho le joalo, boitšoaro ba hae bo botle bo ile ba etsa hore a lokolloe pele ho nako chankaneng, ka March 1994. O ile a lula lapeng le ’Mè ’me ea e-ba Mokreste ea chesehang ho fihlela lefung la hae lilemong tse peli hamorao.

Kamoo ke Loantšang Maikutlo a Ntetebetsang

Le ’na ke sa ntse ke latsoa litholoana tsa mesebetsi ea ka ea nakong e fetileng. Ho hlekefetsoa ke Ntate haesita le tsela eo ke neng ke phela ka eona ha ke sa le mohlankana e amme botho ba ka. Ha ke se ke le moholo, hangata letsoalo le molato le ’nile la ntšetšetha ’me ke ’nile ka ikhalala. Ka linako tse ling ke ikutloa ke nyahame habohloko. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo e bile la bohlokoa haholo ho nthusa ho loantša maikutlo ana a hlobaetsang. Ho nahananisisa khafetsa ka mangolo a kang Esaia 1:18 le Pesaleme ea 103:8-13 ho ’nile ha nthusa ka lilemo tse ngata hore ke kokobetse letsoalo le molato.

Ntho e ’ngoe e nthusitseng ho loantša maikutlo a hore ha ke na thuso ke thapelo. Hangata ke ’nile ka iphumana ke rapela Jehova ke sekisitse meokho. Leha ho le joalo, mantsoe a ho 1 Johanne 3:19, 20 aa ’matlafatsa, ha a re: “Re tla tseba ka sena hore re simoloha ’neteng, ’me re tla kholisa lipelo tsa rōna ka pel’a hae mabapi le eng kapa eng eo lipelo tsa rōna li ka re tsoang ho eona, hobane Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.”

Kaha ke rapela Molimo ka boikokobetso ka “pelo e robehileng le e sithabetseng,” kea hlokomela hore ha ke mobe joalokaha ke ne ke nahana. Bibele e tiisetsa bohle ba batlang Jehova hore ha a nyelise bao ka tieo ba ikoahlaelang liketso tsa bona tsa nakong e fetileng ’me ba se ba etsa thato ea hae.—Pesaleme ea 51:17.

Neng kapa neng ha ke ikutloa ke sa itšepe, ke leka ho lula ke nahana ka lintho tse ntle, e leng tse molemo tse kang tse boletsoeng ho Bafilipi 4:8. Ke tseba Pesaleme ea 23 le Thuto ea Thabeng ka hlooho. Ha ke tleloa ke mehopolo e mebe, ke pheta litemana tsena ka hlooho. Mokhoa ona oa ho ntša litšila tse ka kelellong ea ka o nthusa haholo-holo bosiu ha ke hlobaela.

Ntho e ’ngoe e nthusang ke ho babatsoa ke mohats’aka le Bakreste ba bang ba butsoitseng. Le hoja pele ho ne ho le thata ho lumela mantsoe a bona a khothatsang, Bibele e nthusitse ho utloisisa hore lerato “le lumela lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Ntle ho moo, butle-butle ke ithutile ho lumela mefokolo ea ka.

Ntho e molemo ka sena sohle ke hore ho loantša mehopolo e mebe ho nthusitse hore ke bontše kutloelo-bohloko ha ke etsa mosebetsi oa ho etela liphutheho. ’Na le mohats’aka re se re qetile lilemo tse ka bang 30 re bolela evangeli ka nako eohle. Thabo eo ke e fumanang ka ho thusa ba bang e etsa hore joalo-joalo ke ’ne ke fokotse mehopolo e mebe ea bophelo ba ka bo neng bo hlabisa lihlong.

Hona joale ha ke hetla morao ’me ke hopola kamoo Jehova a ntlhohonolofalitseng kateng, ke ikutloa ke tlameha ho bua joaloka mopesaleme, ke re: “Boka Jehova, . . . eena ea tšoarelang liphoso tsohle tsa hao, ea folisang mafu ’ohle a hao, ea pholosang bophelo ba hao sekoting, ea u roesang moqhaka oa mosa o lerato le mehauhelo.”—Pesaleme ea 103:1-4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]

Hangata letsoalo le molato le ’nile la ntšetšetha ’me ke ’nile ka ikhalala. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo e bile la bohlokoa haholo ho nthusa ho loantša maikutlo ana a hlobaetsang

[Litšoantšo leqepheng la 27]

Moena oa ka ea bitsoang José Luis le motsoalle oa hlooho ea khomo ea bitsoang Miguel ba ile ba latela mohlala oa ka o mobe le o motle

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Ba ha Morcillo ka 1973

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Mariví ha a ntse a le chankaneng

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

’Na le mohats’aka, Soledad

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela