Thuso e Molemohali ea Fumaneha!
HO BAKRESTE khetho ea tlhokomelo ea batho ba kulelang lefu le hore na ba ka hlokomeloa ho ea bohōleng bofe e ka phahamisa lipotso tse tebileng. Ka mohlala:
Na ho se etse sohle se ka khonehang ho boloka bophelo e ne e tla ba ho khahlanong le Mangolo? ’Me haeba ho lumella motho ho shoa ka tsela ea tlhaho ka ntle le ho kenella ha mekhoa ea botsebi e lelefatsang bophelo hoa lumelleha ho latela litekanyetso tsa boitšoaro, ho thoe’ng ka ho qetela motho—ho nka khato ea ka boomo, e tiileng ea ho felisa bohloko boo motho a bo utloang ka hore ho hle ho khutsufatsoe kapa ho felisoe bophelo ba hae?
Mehleng ena, tsena ke lipotso tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, ha rea siuoa feela re sa fuoa thuso bakeng sa ho li arabela.
Ka nepo mongoli ea bululetsoeng o ile a re: “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing.” (Pesaleme ea 46:1) Seo ke ’nete le ho rōna ka ho tšoanang ha re hlahloba taba ena. Jehova Molimo ke mohloli oa thuso e bohlale ka ho fetisisa, le e nang le phihlelo. O ’nile a talima bophelo ba batho ba likete tsa limillione. O tseba hamolemo ho feta ngaka leha e le efe, setsebi sa litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng, kapa ’muelli oa molao—hore na se molemohali ke sefe. Kahoo a re boneng hore na ke thuso efe eo a re fang eona.—Pesaleme ea 25:4, 5; Ba-Heberu 4:16.
Pono e Nepahetseng ka Bophelo
Ho hotle hore re hlokomele hore filosofi ea ho boloka bophelo ho sa tsotellehe hore na seo se ka akarelletsa eng ha ea lekanyetsoa ho litsebi tsa theknoloji ea phekolo ea meriana feela. Ke khopolo eo re neng re ka e lebella e hlahisitsoeng ke filosofi ea kajeno ea lefatše. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Koana, haeba bophelo bona ke bona phetho bo teng, ho ka ’na ha bonahala eka re lokela ho boloka bophelo ba rōna tlas’a maemo ’ohle ho sa tsotellehe hore na seo se ka akarelletsa eng. Empa maemong a mang filosofi ena ea lefatše e bakile maemo a thata a tšosang—batho ba akhehileng ba ’nile ba bolokoa ba ntse ba “phela” ba hokelletsoe mechineng ka lilemo-lemo.
Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba lumelang hore sephefumolohi sa motho ha se shoe. Ho latela filosofi ea bona, bophelo e mpa feela e le bohato bo bong tseleng e eang ho se seng se molemonyana. E mong oa baqapi ba filosofi ena, Plato, o ile a hlalosa tumelo ea hae tjena:
“Lefu ke boemo ba ho se be letho le ho se ikutloe ho hang, kapa, joalokaha batho ba bolela, sephefumolohi sea fetoha ebile sea falla lefatšeng lena se ea ho le leng. . . Joale haeba lefu le e-na le sebōpeho se joalo, ’na ke re ho shoa ke ho fumana ntho e molemo.”
Motho ea nang le tumelo e joalo a ka ’na a talima lefu e le motsoalle, ea lokelang ho amoheloa mohlomong eo ho bileng ho lokelang ho akofisoa ho fihla ha hae. Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore bophelo boa halalela ho Jehova. Mopesaleme ea bululetsoeng o ile a ngola: “Seliba sa bophelo se ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Ka hona, na Mokreste oa ’nete o lokela ho lumela ho kenella tšebetsong ea ho qetela motho?
Ba bang ba na le boikutlo ba hore Mangolo a bua ka taba ena ha Morena Saule a ne a tsoile likotsi tse mpe, ’me a kōpa lehlahana la hae le mo jarelang lihlomo hore le ’molaee. Ba ’nile ba talima sena e le mokhoa o mong oa ho qetela motho, ketso e etsoang ka boomo e potlakisang lefu la motho ea seng a ntse a le makhatheng a ho shoa. Hamorao Moamaleke e mong o ile a bolela hore o ile a phethahatsa kōpo ea Saule ea hore a ’molaee. Empa na ho ile ha nahanoa hore Moamaleke eo o entse ntho e ntle ka ho felisa bohloko boo Saule a neng a bo utloa? Le hanyenyane. Motlotsuoa oa Jehova, Davida, o ile a laela hore Moamaleke enoa a bolaoe ka baka la molato oa hae oa mali. (1 Samuele 31:3, 4; 2 Samuele 1:2-16) Ka hona, ho hang ketsahalo ena ea Bibele ha e lokafatse ho kenella ha Mokreste ka tsela leha e le efe tšebetsong ea ho qetela motho.a
Leha ho le joalo, na see se bolela hore Mokreste o tlameha ho etsa sohle se ka khonehang tšebelisong ea theknoloji ho lelefatsa bophelo bo felang? Na motho o tlameha ho lelefatsa tšebetso ea ho shoa ka hohle kamoo ho ka khonehang? Mangolo a ruta hore lefu hase motsoalle oa motho, empa ke sera. (1 Ba-Korinthe 15:26) Ho feta moo, bafu ha ba tlhokofatsong kapa thabong, empa ba boemong bo kang ba ho robala. (Jobo 3:11, 13; Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:11-14; Liketso 7:60) Litebello tsa bafu tsa bophelo nakong e tlang li itšetlehile ka ho felletseng ka matla a Molimo a ho ba tsosa ka Jesu Kreste. (Johanne 6:39, 40) Kahoo re fumana hore Molimo o re file tsebo e molemo: Lefu hase ntho e ka laba-labeloang, empa hape ha ho letho le tlamang motho hore a retelehele boitekong ba ho lelefatsa tšebetso ea ho shoa ka mekhoa eohle.
Lintlha tse Tataisang Mokreste
Ke lintlha life tse tataisang tseo Mokreste a ka li sebelisang ha moratuoa oa hae a kulela lefu?
Taba ea pele, re tlameha ho lumela hore boemo bo bong le bo bong bo amang ho kulela lefu bo fapane haholo le maemo a mang, ’me ha ho na melao e akaretsang. Ho feta moo, Mokreste o lokela ho ela hloko melao ea naha maemong a joalo. (Mattheu 22:21) Hape, hopola hore ha ho Mokreste ea lerato ea ka khothalletsang hore ho se fanoe ka phekolo ea meriana.
Ke feela haeba ho e-na le boloetse boo ho ke keng ha latoloa hore bo isa lefung (boemong boo ka ho hlakileng ho seng ho entsoe qeto ea hore ha ho sa na tšepo) moo ho lokelang ho nahanoa ka ho kōpa hore ho khaotsoe ho sebelisa theknoloji e tšehetsang bophelo. Maemong a joalo ha ho na lebaka la Mangolo la ho tsitlallela hore ho sebelisoe theknoloji ea phekolo ea meriana e mpang feela e tla lelefatsa tšebetso ea ho shoa e seng e hatetse pele haholo.
Hangata ana ke maemo a thata haholo ’me a ka ’na a akarelletsa ho etsa liqeto tse bohloko. Ka mohlala, motho a ka tseba joang haeba boemo e se e le boo ho se nang tšepo ho bona? Le hoja ho se motho ea ka tsebang ka tieo e felletseng, ho hlokahala hore ho sebelisoe monahano o hlaphohileng hammoho le boeletsi bo seli. Koranta e ’ngoe ea phekolo ea meriana e eletsang lingaka ea hlalosa:
“Haeba ho sa lumellanoe mabapi le tlhahlobo ea ngaka kapa tebello ea hore mokuli o tla fola kapa mabapi le lintlha tseo ka bobeli, ho lokela hore ho ’ne ho sebelisoe mekhoa ea ho tšehetsa bophelo ho fihlela ho finyelloa tumellano e utloahalang. Leha ho le joalo, ho tsitlallela ho kholiseha ka tsela e sa utloahaleng ho ka sitisa tšebetso ea ngaka mabapi le ho khetha phekolo e loketseng maemong ao ho bonahalang ho se ho se tšepo ho ’ona. Tlaleho e hlahang ka seoelo ea mokuli ea neng a le boemong bo tšoanang ea ileng a phela hase lona lebaka le ka etsang qeto ea hore ho ’ne ho ntšetsoe pele phekolo e matla. Menyetla e fokolang hakaalo ho latela liphuputso ha e fete litebello tse utloahalang tsa phello tse tla fana ka tataiso liqetong tsa phekolo.”
Qakeng e joalo, ka nepo Mokreste, e-bang ke mokuli kapa ke mong ka mokuli, a ka lebella thuso e itseng e tsoang ho ngaka ea hae. Koranta ena ea phekolo ea meriana e qetella ka ho re: “Boemong bofe kapa bofe, ho fana ka letoto la linnete tsa phekolo ea meriana le likhetho tse ka etsoang feela le ho siea mokuli a tsielehile a sa fuoe tataiso e eketsehileng mabapi le se seng se ka etsoang le se ke keng sa etsoa ke ho se bontše toka.”
Kaha baholo ba Bakreste ba sebakeng sa heno ke basebeletsi ba hōlileng moeeng, le bona ba ka ba le thuso e khōlō. Ho hlakile hore ke mokuli hammoho le ba haufi-ufi ba lelapa la hae ba tlamehang ho iketsetsa qeto e leka-lekaneng boemong bona bo amang maikutlo haholo.
Qetellong, nahanisisa ka lintlha tsena. Bakreste ba na le takatso e matla ea hore ba tsoele pele ba ntse ba phela e le hore ba ka thabela ho sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, baa hlokomela hore tsamaisong ena, kaofela ha rōna rea shoa; ka kutloisiso ena kaofela ha rōna re kulela lefu. Ke ka mali a rekollang a Jesu Kreste feela re nang le tšepo ea ho etsolla boemo boo.—Ba-Efese 1:7, NW.
Haeba lefu le nka moratuoa oa rōna, ho sa tsotellehe hore na sena se boima hakae, ha rea tlohelloa hore re hlomohe le ho sareloa “joale ka ba bang ba se nang tšepo.” (1 Ba-Thessalonika 4:13) Ho fapana le hoo, re ka itšelisa ka hore re entse se molemohali seo ka ho utloahalang re neng re ka khona ho se etsa bakeng sa moratuoa oa rōna ea kulang le hore thuso leha e le efe ea phekolo ea meriana eo re ileng ra e sebelisa e ne e le eona thuso e molemo ka ho fetisisa ea nakoana e neng e ka fumaneha. Leha ho le joalo, re na le tšepiso e thabisang ea Ea tla re lokolla mathateng ’ohle a joalo ha ‘ho felisoa sera sa ho qetela, e leng lefu.’—1 Ba-Korinthe 15:26, BPN.
E, qetellong Molimo o ileng oa fa batho ba pele bophelo le o faneng ka tšepiso ea ho tsosa ba lumelang ho oona le ho Mora oa oona, Jesu Kreste, o tla fana ka thuso e molemohali bakeng sa ba makhatheng a ho shoa.—Johanne 3:16; 5:28, 29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlhaloso tse eketsehileng mabapi le seo ho thoeng ke ho bolaea motho ka baka la ho mo hauhela, bona Awake! ea March 8, 1978, maqephe 4-7, le ea May 8, 1974, maqephe 27-8.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Na lefu la Saule le tšehetsa taba ea ho qetela motho?