Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 2/8 maq. 17-18
  • Likoluoa—Na ke Likotlo tse Tsoang ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likoluoa—Na ke Likotlo tse Tsoang ho Molimo?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Matla ’Ohle o Ahlola Lichaba Kajeno?
  • Na ho na le Lithuto Tseo re ka Ithutang Tsona?
  • Na ho Tla ba le Kahlolo ea ho Qetela Bakeng sa Batho?
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Likoluoa Tsa Tlhaho ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 2/8 maq. 17-18

Pono ea Bibele

Likoluoa—Na ke Likotlo tse Tsoang ho Molimo?

PHILIPPINES ke naha eo hangata e hlaseloang ke likoluoa tsa tlhaho ’me batho ba bangata ba ile ba ipotsa: ‘Na Molimo o leka batho ka likoluoa tse joalo?’ Ka 1991 ka mor’a ho phatloha ho hoholo ka ho fetisisa ha thaba e ntšang seretse se chesang lekholong lena la lilemo, sehlooho sa koranta e ’ngoe ea Philippines se ile sa botsa: “Ho Phatloha: Na ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?”

Mongoli oa koranta Nelly Favis-Villafuerte o ile a bontša maikutlo a joalo ha a ne a ngola: “Leha ho le joalo, ho Bakreste ba lumelang Bibele—ho na le tlhaloso e le ’ngoe feela: Ho phatloha ha Thaba ea Pinatubo ke khopotso ea bomolimo ea hore ho na le Molimo o hlollang le o matla o nang le matla a maholo litabeng tsa batho le bokamosong ba batho le ba lichaba.” Ka baka la tumelo e joalo, rea botsa:

Na Molimo o Matla ’Ohle o Ahlola Lichaba Kajeno?

Ho ke ke ha latoloa hore Molimo o entse joalo nakong e fetileng. Mehlala e tlalehiloeng ka Mangolong ea Moroallo oa mehleng ea Noe, timetso ea Sodoma le Gomorrha le ho timetsoa ha Jerusalema ka makhetlo a mabeli, e leng motse o neng o amana le lebitso la oona le leholo, ho bontša hore Molimo o Matla ’Ohle o ka tlisa timetso ka boomo ho batho bao khafetsa ba hlōlehang ho khomarela litekanyetso tsa oona.—Genese 7:11, 17-24; 19:24, 25; 2 Likronike 36:17-21; Mattheu 24:1, 2.

Empa ho thoe’ng kajeno? Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore re tla phela nakong ea tlokotsi ea lefatše lohle e boletsoeng ho Mattheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21. Likhaolong tsena o ile a fana ka temoso ea boprofeta mabapi le liketsahalo le maemo a neng a tla amahanngoa le ho fela ha tsamaiso ena ea lintho hoo batho ba nahanang ba neng ba ka hlokomela hore o ne a busa a sa bonahale leholimong. Boprofeta bona boa phethahala kajeno. Leha ho le joalo, ho lokela hore ho eloe hloko hore, kahlolong ka ’ngoe e boletsoeng ka holimo, Jehova Molimo o ile a fana ka litemoso tse hlakileng ka makhetlo a mangata pele timetso e fihla. (Amose 3:7) Leha ho le joalo, tabeng ea likoluoa tsa tlhaho tse etsahalang nakong ea rōna hangata litemoso li tsoa mehloling ea batho e thehiloeng liphuputsong tsa saense.

Ho feta moo, morutuoa Jakobo o re hlaha leseling khaolong ea pele ea lengolo la hae temaneng ea 13: “Hobane Molimo ha o lekoe ke bobe, ’me ha o leke motho ka jona.” Ka baka la ho eketseha ha palo ea baahi lefatšeng ka bophara, motho o se a lula haufi le libaka tse leng kotsi haholo. Ho hlokahala ha bolulo le libaka tsa ho lema lijo ho fella ka hore ho hlekoe libaka tseo pele e neng e le meru ’me ka linako tse ling ho tlatsetsa likoluoeng tsa tlhaho ka baka la pula e ngata haholo le khoholeho e potlakileng ea mobu.

Kahoo, e ke ke ea e-ba ho nepahetseng ho bolela hore likoluoa tsa tlhaho li rometsoe ke Molimo o Matla ’Ohle ka ho toba e le kotlo ho batho ba phelang libakeng tse amehang. Ha e le hantle, ho bonolo ho bona hore batho ba se nang molato, joaloka bana ba banyenyane, ke bona ba utloang bohloko ka ho fetisisa linakong tsa tlokotsi. Leha ho le joalo, esita le hoja Molimo o Matla ’Ohle o sa bake likoluoa tse joalo, re sa ntse re ka botsa:

Na ho na le Lithuto Tseo re ka Ithutang Tsona?

E. Ho batho ba phelang libakeng tse amehang, ho na le teko ea hore na ba nka matlotlo a bona a lintho tse bonahalang e le a bohlokoa hakae ha a bapisoa le bophelo ka bobona. Linakong tse joalo batho ba ’nile ba ipeha kotsing e sa hlokahaleng, e sokelang bophelo e le hore feela ba ka sireletsa lintho tse seng kae tseo ba nang le tsona. Re lokela ho hopola seo Jesu a se boletseng: “Bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.” (Luka 12:15) Matlotlo a lintho tse bonahalang a ka boela a fumaneha empa ha ho motho ea ka khutlisang bophelo ba hae.—Mattheu 6:19, 20, 25-34.

Likoluoa tsa tlhaho li boetse li etsa hore batho ba nahanisise kamoo ba phelang bophelo ba bona ka teng. Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste hore ba be hlokolosi ka tsela eo ba itšoarang ka eona: “Kahoo hlokomelang ka tieo hore na le tsamaea joang, le se ke la tsamaea joaloka batho ba sa hlalefang empa le tsamaee joaloka ba bohlale, le etse sohle seo le ka se khonang ka boemo leha e le bofe, hobane mehla e se e le mebe.” (Ba-Efese 5:15, 16, Byington) Teko e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a tobanang le eona e mo hopotsa hore na ke habohlokoa hakaakang ho ba le tumelo e matla.

Thuto ea boraro eo re ithutang eona likoluoeng tsa tlhaho ke hore ho hlokahala hore re hlaolele kutloelo-bohloko e khōloanyane, kapa qenehelo ho batho ba bang. Tikolohong eo tlokotsi e etsahetseng ho eona, ho hlokahala hore ho bontšoe kameho e lerato ho batho ba utloileng bohloko joaloka uena ho e-na le ho ba le boikutlo ba hore motho ka mong o lokela ho ikhoantlella. Sena ke ’nete ka ho khethehileng ho batho ba tšepetsoeng boikarabelo ba ho hlokomela ba bang. Moprofeta Esaia o hlalositse batho bao e leng “mahosana” joaloka “tširelo ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla, joale ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joale ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.”—Esaia 32:1, 2.

Ha re bontša kutloelo-bohloko linakong tsa tlokotsi, ho na le menyetla e mengata ea ho abelana le ba bang seo re nang le sona, ka molomo le ka liketso. Ka mohlala, ho phatloha ha Thaba ea Pinatubo e ntšang seretse se chesang le liphello tsa hona ho ile ha fana ka menyetla e mengata ea ho thusa ba neng ba lokela ho balehela koluoa. Ba bangata ba ne ba hloka lijo tsa letsatsi le letsatsi. Kahoo, batho ka bomong ba ile ba tseba ho bontša ho hloka boithati ka ho thusa batho ba bang. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ’nile ba ipotsa:

Na ho Tla ba le Kahlolo ea ho Qetela Bakeng sa Batho?

E, e tla ba teng joalokaha ho bontšoa ka ho hlakileng ka Lentsoeng la Molimo. (Mattheu 24:37-42; 2 Petrose 3:5-7) Pele kahlolo eo e fihla, ho lokela hore ho etsoe mosebetsi oa temoso lefatšeng ka bophara joalokaha Jesu a ile a tsoela pele ho profeta: “Eka khona molaetsa o molemo o phatlalatsoe ho lichaba tsohle pele.”—Mareka 13:10, BPN.

Kahoo, ho hlokahala hore e mong le e mong ho rōna a ipotse: ‘Ke eng seo ke tla se etsa?’ Re u khothalletsa hore u iphe nako ea ho hlahloba seo Bibele e phehellang e mong le e mong ho rōna hore a se etse e le hore a tle a pholohe koluoa eo ea lefatše lohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela