Ke Habohlokoa Hore ba ba Qale ba sa le Banyenyane
BANA ba banyenyane ba na le tokelo ea ho fumana tlhaloso e utloahalang le e felletseng ea kamoo ’mele ea bona e sebetsang ka teng le kamoo ba ka itšireletsang ho batho ba itšoereng hampe. Empa koetliso ee e lokela ho qala neng? Kapele ho feta kamoo ba bangata ba nahanang ka teng.
Lilemo tsa ho hōla li qala nakong ea ho fetela bonneng kapa bosaling, nako eo ka eona lipontšo tsa khōlo ea botona kapa botšehali li qalang ho bonahala. Ngoanana a ka ’na a qala ho ilela khoeli ha a le lilemo li 10 kapa esita le pele ho moo kapa ha a le lilemo li 16 kapa ka morao ho moo. Moshemane a ka ’na a qala ho tsoa mohlapo ha a le lilemo li 11 kapa 12. Na ebe bana ba hao ba tla be ba itokisitse pele ho nako eo, mohlomong ha ba le lilemo li robong?a Na lilemong tseo tsa bonyenyane ba tla be ba tseba molemo oa ho boloka boroetsana kapa bohlankana ba bona?
Ba Tloaetse Liphetoho tsa ’Mele
Morali oa hao o na le tokelo ea ho tseba liphetoho tseo Molimo o li entseng tse tla etsahala ’meleng oa hae. ’Mè a ka ’na a bua ka nako ea hae ea ho ilela khoeli ’me a lumella morali oa hae hore a bone seo a se sebelisang bakeng sa ho monya mali. O lokela ho mo hlalosetsa hore liphetoho tsena ke lintho tse tloaelehileng tse etsahalang ’meleng. Ka maikutlo a nepahetseng, ’mè a ka hlalosetsa morali oa hae hore ’mele oa hae o tla itokisetsa nako eo ka eona, lilemong tse itseng tse tlang, a ka ’nang a nyaloa ’me ea e-ba ’mè. ’Mè a ka hlalosetsa morali oa hae hore ’mele o lokisetsa ngoana ea ka popelong moalo o khethehileng o bonolo, o kang seponche o nang le methapo e mengata ea mali. Ha ngoana a sa emoloa, moalo ona oa kakapolotseha ’me o tsoe sethong sa botšehali, tšebetso ena e bitsoa ho ilela khoeli.
Ka mokhoa o tšoanang, mora oa hao o lokela ho tseba e sa le pele ka ho tsoa ha mohlapo. (Deuteronoma 23:10, 11) O lokela ho utloisisa hore ho tsoa hona ha lero le thellang, ka linako tse ling ha a lora, ke feela tsela eo ka eona ’mele o ntšang mohlapo o bokellaneng. Bara ba hao le barali ba lokela ho tseba hore ha ho letho le phoso ka liphetoho tsena tse etsahalang ’meleng ea bona. ’Mele ea bona e mpa e itokisetsa lenyalo le botsoali boo ba ka ’nang ba kena ho bona kamoso.b
Joaloka batsoali, le lokela ho nka litaba tsena ka ho teba, hobane ke tsa Molimo. ’Me lōna le matichere ao Molimo o a khethileng.
Likamano tsa Botona le Botšehali tse Sireletsehileng ke Eng?
Ha lilemo li ntse li feta ka potlako ’me bana ba hao ba banyenyane e e-ba bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, u tlameha ho kholiseha hore baa tseba hore likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba sa nyalanang li kotsi, ho sa tsotellehe lipolelo tse khahlanong le seo tseo ba ka ’nang ba li utloa. Mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, a akarelletsang AIDS, a fetohile seoa sa lefatše lohle. Mafu a joalo a ka ’na a etsa hore motho a lahleheloe ke tokelo ea ho ba le bana, a be le bana ba hlahang ba na le likoli, kankere, esita le lona lefu. Ho feta moo, a ka ’na a fetisoa ke batho ba sa hlokomeleng hore ba tšoaelitsoe.
Bana ba hao ba lokela ho hlokomela hore ha ho mokhoa oa ho thibela kemolo o ipakileng o sebetsa ka ho felletseng tabeng ea ho thibela kemolo kapa ho thibela ho fetisetsanoa ha mafu. Ha e le hantle, bacha ba bangata ka ho fetisisa ba sebelisang mekhoa e sa tšoaneng ea ho thibela kemolo baa ima. Le hoja ’mate oa hao ea tšoaelitsoeng ke AIDS a bolela hore li-condom li thibela tšoaetso. The New England Journal of Medicine e ile ea tlaleha hore li-condom li hlōleha ho thibela ho fetisetsanoa ha kokoana-hloko ea AIDS ka makhetlo a ka bang 17 lekholong.
Kahoo, Ray Kerrison, mongoli oa koranta ea New York Post o ile a hanyetsa polelo ea hore li-condom li ‘fokotsa monyetla oa ho tšoaetsoa AIDS’ ha a re: “Ho fokotseha ho makatsang. Haeba o hlahlela sethunya, ’me u bapala papali e bapaloang ka ho bilikisa karolo e ka morao ea sethunya le ho shebisa molomo oa sona hloohong ea hao ebe ua thunya (Russian roulette), u na le monyetla o le mong ho e tšeletseng ea ho ipolaea. Ka condom, u na le hoo e ka bang monyetla o le mong ho e mehlano ea ho tšoaetsoa AIDS. Joale re khona ho fana ka lebitso la sebele bakeng sa leshano lena la hore li-condom li ka thibela motho ho tšoaetsoa AIDS. Lebitso la lona la sebele ke ho becha ka likamano tsa botona le botšehali.”
Bana ba hao ba lokela ho tseba hore tharollo ea bothata ba mafu a fetisetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali e bonolo. Ke ho amohela tokisetso ea Molimo bakeng sa tšebeliso ea mpho ena ea oona ea ho hlahisa bana. Ruri, tšebeliso e sireletsehileng ea litho tsa botona le botšehali e lenyalong, tlamahanong ea bophelo bohle le motho a le mong ea ratoang eo le eena a sa kang a ba le molekane e mong.
Litaelo tsa Molimo ke Tširelo
Bibele e re: “Monna . . . o tlameha ho khomarela mosali oa hae.” “U se ke ua feba.” “Bohlola . . . ho se ke ha buuoa ka bona har’a lōna.” “Ha ho sehlola le se seng . . . se tla rua ’muso oa Kreste le oa Molimo.”—Genese 2:24, NW; Mattheu 5:27; Ba-Efese 5:3, 5, NW.
Litaelo tsena ha li hatelle. Ho e-na le hoo, ho li latela ho tla etsa hore bophelo ba lelapa e be bo thabileng, ba litho tse atamelaneng haufi-ufi. Ngoana ea e-song ho hlahe o tla ba le seo a nang le tokelo ea ho ba le sona—batsoali ba babeli, ’mè le ntate. E mong le e mong oa bona o na le litšoaneleho tse fapaneng, ’me e mong le e mong a ka tlatsetsa lintho tseo e mong a se nang tsona bophelong ba ngoana.
Joaloka batsoali, ka thuto le ka mohlala oa lōna, le tlameha ho hloma ka tieo melao-motheo ea Bibele pelong le kelellong ea ngoan’a lōna. Le tlameha ho haha ka thepa ea boleng bo phahameng—e sa cheng. Joalokaha Bibele e re: “Mosebetsi oa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahisoa pontšeng ke letsatsi, etsoe o tla bonahatsoa ke mollo, ’me mollo o tla leka mosebetsi oa e mong le e mong hoba o joang.” Haeba u haha mohaho oa boleng bo phahameng ’me mosebetsi oa hao o sala, u tla putsoa haholo.—1 Ba-Korinthe 3:13.
Empa potso ea bohlokoa ea sala: Ke joang u ka etsang hore koetliso ee e be matla ho tloha ha bana ba hao ba le ka tlaase ho lilemo tse 20 ho fihlela ha ba le haufi le ho ba batho ba baholo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitsebiso bo eketsehileng bo ka fumanoa likhaolong “Ho Kena Bonneng” le “Ho Fetela Bosaling” ho Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, e leng buka e fumanehang ho bahatisi ba makasine ona.
b Dr. Leon Rosenberg oa Univesithi ea Johns Hopkins, Baltimore, Maryland, U.S.A., o itse: “Ha ngoana a le lilemo li 9, batsoali ba lokela hore ba be ba ile ba khona ho lula fatše le eena ’me ba ba le puisano e felletseng ka makolopetso a botona le botšehali le boitšoaro. Ho molemo hore bana ba fumane boitsebiso bo eketsehileng ho batsoali ba bona.”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho lokisetsa ngoan’a hao liphetoho tsa ’mele ke habohlokoa