Fanang ka Tataiso eo ba e Hlokang
KE JOANG bana ba hao ba ka ithutang ho itšireletsa boitšoarong bo bobe bo ntseng bo eketseha? Eseng thelevisheneng, eo sehlopha se seng sa bacha se ileng sa e thathamisa e le mohloli oa sona oa bone oa bohlokoa ka ho fetisisa oa boitsebiso bo mabapi le botona le botšehali. Eseng likolong, moo lintho tseo matichere a li rutang li bontšang hore melao ea boitšoaro le litekanyetso tsa lefatše le hlephileng boitšoarong li ntse li fetoha. ’Me ho totobetse hore e ke ke ea e-ba lipaleng tse phetoang ke liithuti-’moho le bana ba hao.
Hore thuto ea boitšoaro le bophelo ba lelapa e atlehe, e tlameha ho qala lapeng. Joalokaha tichere e ’ngoe ea sekolo se phahameng e amehileng e itse: “Motho e mong o lokela ho ba le sebete sa ho re: ‘Shebang, bana, ho leta ho fihlela le nyaloa pele le ka kopanela likamano tsa botona le botšehali ho ke ke ha le ntša kotsi!’”
Na u se u rutile bana ba hao seo? Ka baka la lingoliloeng tse ngata tse re potolohileng tse buang ka likamano tsa botona le botšehali, na ka linako tse ling u ee u ipotse hore na u tseba esita le mokhoa oa ho ba ruta?
Phello ea Mohlala
Hantle feela joalokaha tsela eo batsoali ba hao ba neng ba phela ka eona e ile ea ba le tšusumetso bophelong ba hao, kahoo mohlala oa hao o susumetsa bophelo ba bana ba hao ka matla. O senola ho isa tekanyong e khōlō kamoo u ba ratang ka teng le hore na u rata hore e be batho ba mofuta ofe.
Haeba u ne u le moroetsana kapa mohlankana ha u kena lenyalong, u ka etsa hore bana ba hao ba tsebe hore na sena se ile sa u thabisa hakaakang. Ntate ea hōlileng o hopola letsatsi le leng, lilemong tse ka bang 60 tse fetileng, ha ntate oa hae a ne a mo bolella hore ho nyala a tseba hore haa ka a kopanela boitšoarong bofe le bofe bo bobe bo ka silafatsang lenyalo la hae ho ile ha mo tlisetsa thabo e kaakang. Puisano eo e ile ea ba le tšusumetso e matla tseleng eo ntate enoa ea hōlileng a ileng a phela ka eona, ’me o lumela hore mohlala oa hae o bile le tšusumetso e matla bophelong ba bana ba hae.
Leha ho le joalo, haeba bana ba hao ba tseba hore bophelo ba hao ba pele bo ne bo sa behe mohlala o motle, u lokela ho tiiseha hore ba tseba lebaka leo ka lona u ileng ua fetoha. Hase feela hore u se u hōlile haholoanyane empa hore u fumane litekanyetso tse phahameng haholoanyane tseo u phelang ka tsona.
Ho Mamela ka Hloko
Hangata batsoali ba ileng ba atleha ba bua ka bolelele ba nako eo ba e nkang ba mametse bana ba bona. Baa tseba hore na ke’ng se etsahalang bophelong ba bana ba bona. Karen o ile a tiisa hore motšehareng o mong le o mong oa mantsiboea o sebetsa ka kichineng. E le hore ha barali ba hae ba fihla lapeng, ba ka buisana le eena ka se ileng sa etsahala sekolong motšehare.
Erline o ne a tloaetse ho emela barali ba hae ha ba fihla lapeng mantsiboea ebe o mamela ha ba pheta sohle seo ba se entseng. O itse: “Haeba ho ne ho na le ntho e lokelang ho lokisoa, ke ne ke sebetsana le eona hamorao. Empa le ka mohla nkabe ke sa ka ka li tseba hoja ka se ke ka mamela.” O ile a boloka puisano ea mofuta ona e bulehile ho pholletsa le lilemo tsa sekolo tsa barali ba hae le ho pholletsa le nako eohle ea lefereho la bona. Nako e joalo eo motsoali a bang le bana ba hae ka eona e ka ba sireletsa masisa-pelong a mangata hamorao.
Empa ho thoe’ng haeba bana ba hao ba sa bue haholo? Haeba ha ba joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ba thōtse feela ka tlhaho, kapa ba tšaba ho mpolella litaba ka baka la tsela eo ke ileng ka itšoara ka eona nakong e fetileng? Na nka etsa hore ba ntšepe hape ka hore hona joale ke etse boiteko bo khethehileng ba ho ba bontša hore kea ba thahasella? Na nka ba nolofalletsa hore ba mpolelle lintho tse nyenyane hona joale ’me mohlomong hamorao ba mpolelle tse tebileng haholoanyane?’
Litemoso tsa Bohlokoa
Bana ba hao ba lokela ho lemosoa ka liphello tsa boitšoaro bo bobe. Ka mohlala, ba lokela ho tseba hore ho sa tsotellehe sohle seo ba se utloang se leng khahlanong le sena, ha ho na mokhoa o tšepahalang ka ho felletseng oa ho thibela kemolo. Ho ima ho sa ratoeng le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali hangata a tšoara batho esita leha ba sebelisa lintho tse thibelang kemolo. Ho latela mokhatlo oa Botsoali bo Hlophisitsoeng, li-condom li hlōloa ho thibela ho ima ka makhetlo a 12 lekholong, ’me li ka ’na tsa hlōleha haholoanyane tabeng ea ho thibela ho tšoaetsoa kokoana-hloko ea AIDS.
Ho bonahala bacha ba bangata ba kholisehile hore le ka mohla litlokotsi li ke ke tsa ba hlahela. Leha ho le joalo, mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa le AIDS, a ka fetisoa ke batho ba se nang matšoao a eona le ba sa tsebeng hore ba ntse ba tšoaetsa ba bang. Bongata ba mafu a joalo a hlokofatsang bacha kajeno a ka fella ka hore ba se ke ba khona ho ba le bana, ba be le bana ba hlahang ba na le likoli, kankere, a ka ba a fella ka lefu.
Ka mohlala, hona joale ho lumeloa hore Maamerika a limillione li 40 a tšoeroe ke lefu le leng ho ana, herpes ea litho tsa botona le botšehali, eo ho sa tsejoeng pheko ea eona. Bo-’mè ba tšoaelitsoeng ba ka e fetisetsa maseeng a bona. Ho tšoaetsoa hona ho ka liehisa khōlo ea kelello ea bana bana ba se nang molato, ba ka ’na ba hlokofatsoa ke ho senyeha ho felletseng ha tsamaiso ea methapo ea bona ea kelello, kapa ba shoa ka baka la ho tšoaetsoa ho hoholo lithong tsa bona tsa ’mele tse ka hare. Eo ke phello e bohloko hakaakang eo ba lokelang ho tobana le eona ka baka la nako e khutšoanyane eo ba neng ba tšepa hore e tla ba tlisetsa monyaka!
Likamano tsa botona le botšehali tse sa lokang tse ileng tsa fetisetsa lefu lena ho motho e mong e ka ’na eaba ha lia ka tsa ba tlisetsa monyaka. Mofuputsi ea ileng a botsa bacha ba bangata lipotso o ile a re: “Ho banana, liphihlelo tsa likamano tsa botona le botšehali tse sa kang tsa ba tlisetsa monyaka li mena habeli tse ileng tsa ba tlisetsa monyaka.” Ho hlokahala hore batsoali ba hatise ho bana ba bona hore likamano tsa botona le botšehali—tsela e babatsehang eo ’Mōpi oa rōna a rerileng hore lefatše la rōna le tle le be le baahi ka eona—ha lia lokela ho qalisoa ka tsela ea ho ikutsoa ka ntle ho meeli ea lenyalo.
Thuto eo ba Hlileng ba e Hlokang
Ho hlokahala hore bana ba hao ba tsebe hore tsela feela e tšepahalang ea ho qoba mathata a tlisoang ke likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ke ho latela melao-motheo e bileng teng ka nako e telele eo Molimo o ileng oa e hloma. Ke melao-motheo efe? U se ke ua kopanela likamano tsa botona le botšehali ho fihlela u kena lenyalong, ebe u tšepahala ka mehla le bophelong ba hao bohle ho motho a le mong eo u mo ratang eo, boemong bo phethahetseng, le eena a sa kang a ba le molekane e mong oa likamano tsa botona le botšehali.
Leha ho le joalo, lebaka la motheo la ho balehela boitšoaro bo bobe hase la hore bo baka mathata empa hobane ’Mōpi oa rōna o re bo fosahetse. Bibele ea re phehella: “Telang bohlola.” “Balehelang bohlola.” Hobane’ng? Hobane, ba tsoelang pele ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba “rua ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Thessalonika 4:3, NW; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10, 18, NW.
Ho latela melao-motheo ea Molimo ho isa bophelong bo thabileng haholoanyane, le bo khotsofatsang haholoanyane. Ho re sireletsa mafung a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho ima ho sa ratoeng, mathata a malapa a motsoali a le mong, le masisa-pelo a ho siuoa ke batho ba ileng ba re tlatlapa bakeng sa merero ea bona ea boithati.
Ka lilemo tse fetang 2 500, mantsoe a tlalehiloeng ke moprofeta oa Molimo oa mehleng ea boholo-holo a pakiloe e le a ’nete: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joale ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joale ka maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18.
Empa melao-motheo ee e lumellana joang le tloaelo ea kajeno ea ho laetsana? Sehlooho se latelang se tšohla potso ena.