Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 3/8 maq. 26-30
  • Na Molimo ke Sephiri?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo ke Sephiri?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re ka Tseba Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ka Molimo?
  • Na ke Liphiri tse Ngata ka ho sa Hlokahaleng?
  • Liphiri—Tsa Bohetene le tsa Bokreste
  • Ho Rapela Molimo ka ’Nete
  • Boraro-bo-bong bo Hlalosoa Joang?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Karolo 1—Na Jesu le Barutuoa ba Hae ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Molimo ke Boraro-bo-bong?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na ka ho Hlakileng ke Thuto ea Bibele?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 3/8 maq. 26-30

Pono ea Bibele

Na Molimo ke Sephiri?

“Sephiri ke eng? Ka kakaretso sephiri ke ’nete eo ka tlhaho ho leng thata ho e utloisisa kapa ho e paka. . . . Sephiri sa bolumeli ke eng? Ke e ’ngoe ea linnete tsa Molimo tseo re tlamehang ho li lumela le hoja re ke ke ra li utloisisa kapa ho li paka. Liphiri tse ka sehloohong tsa bolumeli ke life? Tsena ke liphiri tsa Boraro-bo-bong bo Halalelang ka ho fetisisa, ho Tsoaloa Hangata, le Thekollo.”—Abrégé de l’exposition de la doctrine chrétienne, 1901 (Tlhaloso e Khutsufalitsoeng ea Thuto ea Bokreste)

KE KAMOO buka e ngotsoeng qalong ea lekholo la bo20 la lilemo e akarelitseng tlhaloso ea Kereke ea Roma e K’hatholike mabapi le liphiri. Ho feta moo, Guide des difficultés de la foi catholique e sa tsoa hatisoa (Tataiso ea Mathata a Tumelo ea K’hatholike, 1989) e bontša hore lintlha tse joalo tsa thuto ea bolumeli e sa ntse e le tse thahasellisang ka ho re: “Hase feela ka lebaka la boipiletso ba botho bakeng sa linnete tse patehileng Mokreste a lumelang hore ho na le liphiri tse ngata Tumelong ea hae ea bolumeli. Haeba a lumela ho liphiri tsena, ka ho hlakileng ke motheong oa Lentsoe la Molimo.” Empa “Lentsoe la Molimo” le re’ng? Na Molimo ke sephiri?

Na re ka Tseba Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ka Molimo?

Bibele e hlile e re neha makolopetso a mangata ka Molimo joaloka Motho, ka litšoaneleho tsa oona le kamoo o sebelisanang le batho ka teng. Empa e boetse e hlalosa hore bohlale ba oona bo phahametse kutloisiso ea motho. Kahoo moprofeta Esaia o bolela hore litsela tsa Molimo le mehopolo ea oona li phahametse tsa motho.—Esaia 55:8, 9.

Khopolo ea hore re se tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo ha ea lokela ho re makatsa. Ka mohlala, esita le hoja tsebo ea rōna ka bokahohle bohle e ntse e eketseha, bo-rasaense ba lumela hore mohlomong ka sebele ba ke ke ba utloisisa ka ho felletseng liphiri tse nyenyane ka ho fetisisa kapa tse khōlō ka ho fetisisa. Kahoo ke joang sebōpuoa leha e le sefe se ka tsebang bohlale ba Molimo ka ho felletseng, e leng eena ’Mōpi? Jobo o ile a re ho Jehova: “Ke fela ke buile, ke se na kutloisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utloisiseng.” (Jobo 42:3; bapisa le Ba-Roma 11:33.) Kahoo, maemong a mang, ho utloisisa tsebo ea Molimo ho phahametse kutloisiso ea rōna e lekanyelitsoeng. Leha ho le joalo, lithuto tsa likereke tse ngata li tšela meeli ea lintho tse bonolo tsena tse hlokomelehang.

Na ke Liphiri tse Ngata ka ho sa Hlokahaleng?

Buka ea boitsebiso ea K’hatholike e sa tsoa hatisoa Théo e re: “Lithutong tsa kereke, lentsoe sephiri le ka boela la sebelisoa ho seo Molimo o se senotseng ka booona, ka mohlala, boteng ba oona e le boraro-bo-bong.” Joaloka libukeng tse ling tse ngata tsa bolumeli, khopolo e ileng ea hōlisoa ke hore ‘kaha tsebo ea Molimo ke sephiri se ke keng sa qojoa, hase taba e lokelang hore makatsa ha Molimo e le Boraro-bo-bong le hore Boraro-bo-bong bona ke sephiri.’ Na mabaka a joalo a utloahala?

Pele, libuka tse ngata joaloka The New Encyclopædia Britannica lia lumela hore “lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto ena ka ho hlaka ha li hlahe Testamenteng e Ncha.” Ho feta moo, histori ea thuto ena e bontša hore e kopantse likhopolo tse ngata tse nkiloeng lifilosofing tsa bohetene tse ileng tsa kenyelletsoa lithutong tsa kereke mashome a lilemo ka mor’a lefu la baapostola. Kahoo, ha ho bopaki bo tiileng ba hore sephiri sa Boraro-bo-bong sea fumaneha ka Bibeleng.a

Nahana ka sena: Ha e le mona ho ke ke ha etsahala hore re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo, na e tla ba ho utloahalang hore Jehova a ipate hore na ke mang? Che, o rata hore batho bohle ba mo tsebe. (Johanne 17:3; bapisa le Ba-Heberu 8:11.) Na ka sebele e tla ba ho utloahalang ho ba ratang ho mo thabisa ho ba patela hore na ke mang? Ka mohlala: Haeba monyetla o le mong feela oa hore motho a bohe botle ba naha e ne e le ho hlolisa ka fensetere, na e ne e tla ba bohlale ho etsa lesoe fensetereng, le ho re: ‘E ka hla ’na ea ba lesoe hobane ha re bone lintho tsohle?’ Che ha ho joalo! Bibele le boikutlo bo botle li bontša hore tsebo ea rōna ka Molimo e hlile e lekanyelitsoe. Empa litekanyetso tsena kaofela ha li lokafatse hore re fetole tsebo ea rōna ka Molimo ho ba thuto ea sephiri, joaloka Boraro-bo-bong boo feela bo mpang bo ferekanya kutloisiso ea rōna ka oona.

Liphiri—Tsa Bohetene le tsa Bokreste

Ho feta moo, ha lentsoe “sephiri” le hlahella ka Mangolong, ha le na moelelo oa “tsebo e patiloeng,” kamoo le atisang ho utloisisoa ka teng. Ka ho loketseng, ho joalokaha Théo e re hopotsa: “Lentsoe [lena] sephiri ha le na moelelo o tšoanang mona. Ho Bakreste le bolela ntho e ’ngoe eo hangata e patiloeng kapa e sa fihleloeng, empa seo Molimo o batlang ho ba bolella sona . . . le hore ba se latsoe.”

Lentsoe la Segerike my·steʹri·on (“sephiri,” kapa “sephiri se halalelang”) le ile la sebelisoa ke moapostola Pauluse ka makhetlo a 20 ka kutloisiso e khethehileng. O ile a le sebelisa kamanong le sephiri se halalelang seo ka nako e telele se ’nileng sa patoa empa Molimo o se senotse ha O romela Jesu lefatšeng. Jesu Kreste, Molopolli oa batho e ne e le karolo e ka sehloohong ea “peō” e tšepisitsoeng eo Molimo o neng o tla e sebelisa ho lopolla batho, Eo ‘ka eona lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa’ le ho ba majalefa hammoho le eona maholimong. (Genese 3:15; 22:18; Ba-Roma 8:17) Linnete tsena tse patehileng, kapa tseo e leng sephiri, li ne li patetsoe bahlanka ba Molimo ba pele ho Bokreste empa Jehova o ile a li senola ka nako e loketseng. (Ba-Efese 1:9; Ba-Kolosse 1:26) Ka thabo, tsebo ena ha ea bolokeloa ba seng bakae feela ba khethiloeng—joalokaha ho le joalo ka liphiri tsa bolumeli malumeling a mang—empa e lokela ho bolelloa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ho sa khethoe.—Ba-Efese 6:19, 20.

Ho Rapela Molimo ka ’Nete

Bibele e na le boitsebiso bo lekaneng bakeng sa hore re rapele Molimo ka tsela eo o e amohelang. Ntle le ho ruta ka Boraro-bo-bong, ka ho hlakileng e senola boholo ba Jehova le boemo ba Jesu bo ka tlaasana. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28; 1 Ba-Korinthe 15:28) Bibele e boetse e bontša hore moea o halalelang ke matla a Molimo a sebetsang, a tataisang bahlanka ba oona ba tšepahalang.—Liketso 2:1-4.

Ha Jesu a ne a bua le mosali oa Mosamaria, o ile a bontša hore e le hore motho a khahlise Molimo, o lokela ho O rapela ka “moea le ka ’nete.” O ile a phaella ka hore “Ntate o batla ba mo rapelang joalo.” (Johanne 4:21-24) Ke boikarabelo ba e mong le e mong ho rōna ho batlisisa tsebo e nepahetseng e tla re tlisetsa litlhohonolofatso haeba re itšetleha ka Lentsoe la Molimo ho e-na le ho amohela litloaelo tsa batho tseo e leng sephiri tse sa lumellaneng le lona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona bukana e lekanang le makasine Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 1989.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

All rights reserved

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela