Pono ea Bibele
Ke Mang ea Lokelang ho Jarisoa Molato oa Bokhopo?
KA POTLAKO ha a kena ka tlung o ile a hlokomela hore ho na le phoso. Ho thalatsa mahlo ka tlung ho ile ha tiisa pelaelo ea hae—thelevishine, stereo, liaparo le lintho tse ling li ne li le sieo. Khopolo ena e tšosang e ile ea mo fihlela: ‘Ho thoe’ng haeba masholu ao a ntse a le teng ka tlung?’ O ile a pata mohoasa ho ea ho baahisani ho ea bitsa mapolesa. E, e ne e boetse e le mohlaseluoa e mong oa tlōlo ea molao.
Haeba uena ka sebele u e-s’o latsoe phihlelo ea tlōlo ea molao, mohlomong u tseba ka motho e mong ea bileng le eona. Hangata ke karolo ea papali eo libapali tse neng li sa ikemisetsa ho e bapala li e bapetseng ho potoloha lefatše. Ho latela phuputso e entsoeng ke Komiti ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng Thibelong le Taolong ea Tlōlo ea Molao, sekhahla sa tlōlo ea molao se ntse se eketseha ka potlako ho feta moruo oa sechaba le lenane la baahi lefatšeng.
Hohle batho ba tšepahalang ha ba je litheohelang ka baka la tlōlo ea molao, lipolao tse sisimosang, leeme le tšenyo tse hlaselang lefatše tse ntseng li matlafatsoa ke tšabo ea pefo e ka qhomang leha e le kae. Batho ba bangata ba ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo o sa e thibele?’
Eo ke potso e ntle ’me Bibele e fana ka karabo. Leha ho le joalo, hore re utloisise karabo, ke habohlokoa ho khetholla mohloli le motso oa bokhopo.
Molimo Hase Oona o Jarisoang Molato
Mongoli oa Bibele Pauluse o ile a botsa: “Hleka bokhopo bo teng ho Molimo na?” Oa arabela: “Ho se ke ha thualo!” (Ba-Roma 9:14) Batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore kaha Molimo o matla ’ohle, ke oona o ikarabellang ka sohle se etsahalang. Ha ho joalo. Nahana: Motho ea etsang lipolane tsa matlo o etsa mohaho o motle oo batho ba ka lulang ho oona. Mosebetsi oa hae ke o tsoileng matsoho le oa boleng bo phahameng ka ho fetisisa ’me le thepa e sebelisitsoeng moo ke ea boleng bo phahameng. Leha ho le joalo, bahiri ba senya mohaho ona le ho o sebelisa hampe. Ka potlako o hloka ho lokisoa. Ka sebele, u ne u tla lumela hore bahiri, eseng moetsi oa lipolane kapa mohahi ke bona ba ikarabellang bakeng sa boemo bo bobe ba mohaho oo! Ho joalo ka moloko oa batho le lefatše kajeno. Joalokaha Deuteronoma 32:4, 5 e hlalosa, mesebetsi ea Jehova e phethahetse. “Litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo.” Joale, ke mang ea lokelang ho jarisoa molato bakeng sa likhathatso tse ngata hakaale lefatšeng kajeno?
Lengolo le tsoela pele hore: “Ba itšentse pel’a oona . . . Ke mofuta o khelohileng.” Ka sebele, boholo ba khathatso e leng teng lefatšeng kajeno bo bakiloe ke bofokoli ba motho kapa mohlomong manganga. Leha ho le joalo, ho boetse ho teng mohloli o moholoanyane oa bokhopo.
Mohloli oa Sebele oa Pepesoa
Ho Tšenolo 12:9, re bala hore Satane Diabolose ‘ea thetsang lefatše kaofela,’ o lahleloa sebakeng sa lefatše. Phello? Temana ea 12 ea khaolo eo e tsoela pele: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Kahoo, ke eena Sera se seholo, ea susumelletsang ho hloka toka ho tletseng lefatšeng. Ke ’nete hore ho na le batho ba bang ba sebelisanang le boiteko ba hae, leha ho le joalo ke eena ea hlalosoang e le “’molai ha e sa le ho qaleng.” (Johanne 8:44) Mangolo a bontša hore Satane Diabolose ke eena motso le mohloli oa mathata a batho. Hase motso oa bothata feela empa hape e ’nile ea ba mohlohlelletsi oa bokhopo ka ho tsoelang pele ’me o matlafalitse boikemisetso ba hae ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-5, 13) Kahoo Jehova Molimo hase eena mohloli oa bokhopo. Empa na o tsotella ka ho lekaneng ho thibela ho utloa bohloko ha batho?
Na Molimo o Tla Thibela Bokhopo?
E, o hlile oa tsotella ’me o tla thibela bokhopo le ho utloa bohloko. Ke Molimo o lerato, ’me joaloka Ntate ea lerato, oa tseba ebile o batla ho khotsofatsa litlhoko le litakatso tsa bana ba hae. (Pesaleme ea 145:16; 1 Johanne 4:8-10) Hore Molimo ha o e-s’o etse joalo hase pontšo ea ho iphapanya. Ho e-na le hoo, ho ithiba ha hae le mamello ke bopaki ba matla a hae le boholo. O tseba nako e molemo ka ho fetisisa ea ho felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho, ’me ka nako e loketseng o tla etsa joalo.
Boemo bona bo ka bapisoa le ba ’mè ea letetseng ho beleha ngoana. Ha a ntse a lebelletse ka cheseho ngoana oa hae ea tla hlaha, oa tseba hore ha ho hlokahale hore a amehe ka ho sa hlokahaleng. Oa tseba hore ho hlokahala nako e itseng hore ngoana ea leng ka pōpelong a hōle ka ho felletseng. Ka ntle ho pelaelo, ho tla ba le matšoenyeho a itseng le ho hloka botsitso ha nako e ntse e tsamaea empa ho hlaha ha lesea le phetseng hantle, le hōtseng ka ho felletseng ho etsa hore matšoenyeho le ho leta ka nakoana ebe tsa bohlokoa.
Ho joalo le ka lefatše le lecha le khanyang la khotso le hlalositsoeng ka Bibeleng. Le tla fihla hang feela ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o kenelle litabeng tsa lefatše le ho felisa lefatše la joale le sa lokang. Bokhopo bohle e tla ba ntho ea nakong e fetileng. Ho utloa bohloko, mahlaba, ho kula le lefu—lintho tsena li tla fela. (Tšenolo 21:3, 4) Ea ikarabellang ka ho utloa bohloko bohle le eena o tla timetsoa. Satane le bademona ba hae hammoho le batho ba ileng ba fetoha karolo ea tsamaiso ea hae ea lintho ba tla fumana moputso oa bona.—Malakia 4:1; Tšenolo 20:1-4.
Batho ba tšoanang le mosali ea boletsoeng qalong ea sehlooho sena ba ke ke ba hlola ba tšoenyeha ka ho tla lapeng ba le bang. Ho joalokaha monna oa hae a hlalositse: “Hoba ntlo ea rōna e thujoe, re ile ka kenya alarm. Ho se ho fetile lilemo joale ha esale ho etsahala ketsahalo eo ea bosholu, kahoo ha re sa tšoenyehile haholo ka eona. Empa rea tseba hore ke nakong e tlang feela, tlas’a tokisetso ea ’Muso oa Molimo moo re tla thabela khotso ea sebele le tšireletseho.”
Ho fihlela ha meso ea letsatsi leo e atamela, re lokela ho sebelisa nako eo re nang le eona hona joale ka bohlale. Petrose o re bolella hore re nahane ka ‘mamello ea Morena oa rōna joaloka poloko.’ (2 Petrose 3:15) Ha re bolella batho ba bang ka polokeho ena le tšepo ena e babatsehang, re ‘tla ipholosa haesita le ho pholosa ba re mamelang.’ (1 Timothea 4:16) Joale ke nako ea hore re sebeletse litšoaneleho tse tla re etsa batho ba tla phela lefatšeng leo le lecha moo bokhopo e tla ba ntho ea nakong e fetileng. (Pesaleme ea 37:9-11) Ho hlokahala hore re hlahlobisise Bibele eseng feela bakeng sa likarabo lipotsong tsa rōna empa hape le bakeng sa tataiso eo re e hlokang ho etsa hore bophelo ba rōna bo lumellane le thato ea Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Doré’s illustration of Lucifer for Dante’s Divine Comedy