Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 5/8 maq. 14-17
  • Ho Batlisisa Morero

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batlisisa Morero
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batlisisa Morero
  • Ke Eng se Etsang Hore Bophelo bo be le Morero?
  • Ho Ferekana le Masoabi
  • Ke Mang ea ka Re Bolellang?
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Ho Hahamalla Morero o Khotsofatsang Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Morero oa Sebele oa Bophelo
    Tsoha!—1992
  • Na ho na le Morero Bophelong?
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 5/8 maq. 14-17

Ho Batlisisa Morero

HO TLOHA mehleng ea Charles Darwin ho bile le khatello e khōlō ho tsoa ho liithuti tsa biology ho amohela khopolo ea hore, bophelo ka baka la ho iphetola ha lintho, ha e le hantle ha bo na morero. Leha ho le joalo, ka ho tšoanang batho ba bangata ba latola sena. Banyalani ba bang ba bacha ha ba talima lesea la bona le letle le sa tsoa hlaha, ba ne ba ka thatafalloa ho lumela hore bophelo bona bo bocha ha bo na morero. Ho bona sena ke mohlolo, ke mohlolo o entšang bophelo ba bona haholoanyane.

Esita le bo-rasaense ba bang ha ba lumele hore bophelo bo itlhahetse ka kotsi e se nang morero. Ke hobane’ng ho se joalo? Ke ka lebaka la seo The Encyclopedia Americana e se bitsang “ho rarahana ho sa tloaelehang le tlhophiso ho libōpuoa tse phelang.” Americana e tsoela pele ka ho re: “Tlhahlobisiso ea lipalesa, likokoanyana, kapa liphoofolo e bontša ho hlophisoa ha likarolo ho nepahetseng ka ho sa kholeheng.”

Ha rasaense oa Afrika Boroa Dr. Louw Alberts a hlokomela ho rarahana ho joalo le tlhophiso e babatsehang—tse bonoang esita le libōpuoeng tse sa rarahanang—o ile a qotsoa ho Cape Times a re: “Ke fumana khotsofalo e eketsehileng ea kelello ka ho lumela hore ho na le Molimo ho e-na le ho lumela feela hore [bophelo] bo itlhahetse ka kotsi.” Seithuti sa linaleli sa Brithani Sir Bernard Lovell ha se bua ka metsoako ea lik’hemik’hale ea lintho tse phelang se ngotse: “Monyetla oa . . . ho hlaha ha ntho ka kotsi ho entseng hore ho boptjoe likaroloana tse nyenyane ka ho fetisisa tsa protein ke o fokolang haholo. . . . Ha e le hantle ha o eo.”

Ka mokhoa o tšoanang, seithuti sa linaleli Fred Hoyle se ngotse: “Sebōpeho sohle sa orthodox biology se sa ntse se lumela hore bophelo bo itlhahetse ka kotsi feela. Leha ho le joalo, ha liithuti tsa biochemistry li ntse li sibolla ho eketsehileng ka ho rarahana ho hlollang ha bophelo, hoa hlaka hore menyetla ea hore bophelo bo itlhahele ka kotsi feela e fokola hoo e ka qheleloang ka thōko ka ho felletseng. Ho ke ke ha etsahala hore ebe bophelo bo itlhahetse ka kotsi feela.”

Sena se bolela’ng? Haeba bophelo ha boa itlhahela ka kotsi feela, e tlameha ebe bo entsoe. Haeba ho joalo, bo lokela ho ba le Moetsi. Ke Moetsi ea khabane hakaakang! Ka nepo mopesaleme o itse: “Ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14, NW) Empa sena se re bolella eng ka hore na ebe bophelo bo na le morero kapa che?

Ha e le hantle, batho ba boetse ba qapa lintho le ho li etsa. Ba etsa lifofane tsa li-jet. Ba etsa mechine e hloekisang oli. Ba etsa liteishene tsa ho fehla motlakase. Hape ba etsa lintho tse ling tse ngata tse rarahaneng haholo kapa tse rarahaneng ka ho fokolang. Empa batho ha ba qape lintho tse rarahaneng joalo le ho li etsa ka ntle ho lebaka. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoa ho na le morero ka eona.

Kaha ha ho letho le entsoeng ke motho le ka lekanngoang le ho rarahana ho hlollang ha lintho tse phelang, ka sebele Moetsi oa bophelo o ne a ke ke a etsa bophelo ntle le hore a be le morero o itseng ka bona. E ne e tla ba ho sa utloahaleng ho lumela hore re “entsoe ka mokhoa o hlollang” ebe joale re tlohelloa re sa fuoa tataiso.

Ho Batlisisa Morero

Hore ’Mōpi o bōpile batho bakeng sa ho phethahatsa morero o itseng ho tšehetsoa ka matla ke hore ebe re batla ho ba le morero bophelong ba rōna. Gilbert Brim, ngaka ea mafu a kelello o buile ka tlhoko ea motho ea ho ba le morero ha a re: “Batho ba bangata ba fumana monyetla oa khōlo ea botho le phephetso mosebetsing. Empa ba sa o fumaneng ba tla batlisisa liphephetso tse khethehileng le ho li finyella sebakeng se seng: ho theola boima ba ’mele le ho tseba ho akhela bolo ea golf, ho halika mahe ka bokhabane le ho batla ho leka lintho tse ncha—ebang ke ho etsa hang glider kapa ho etsa lipatlisiso ka lijo tseo ba sa li tsebeng.” Esita le ngaka ea mafu a kelello Viktor Frankl o kile a re: “Ho tsitlallela ho fumana morero bophelong ba hao ke tšusumetso e khōlō ho motho.”

A re ke re hlahlobeng tse ling tsa lipakane tseo batho ba ipehetseng tsona bophelong.

Ke Eng se Etsang Hore Bophelo bo be le Morero?

Ha mocha e mong a botsoa ka morero oa hae bophelong, o ile a re: “Toro ea ka ke ho ba le mokato o majaba-jaba oa ntlo, koloi e ntle le charola ea mohlankana eo ke tla tsamaea le eona ka koloi eo. Ke batla ho khotsofatsa litakatso tsa ka. Ke thahasella ’na ka bonna hore ke be oa pele bophelong. Ke batla se tla nthabisa, eseng se tla thabisa sechaba ka kakaretso.” Haeba u nahana hore seo se utloahala e le boithati, u nepile. Ho joalo. Leha ho le joalo, ka masoabi boo ke boikutlo bo tloaelehileng.

Leha ho le joalo, na ho phehella lintho tse bonahalang feela le menyaka ho khotsofatsa tlhoko ea motho ea ho ba le morero bophelong? Che. Haeba ho batla monyaka e le pakane ea rōna e ka sehloohong, monyaka oo ha o khotsofatse. Hangata batho ba ileng ba etsa monyaka pakane ea bona e khōlō bophelong lipelong tsa bona ba qetella ba bua mantsoe a morena oa morui oa boholo-holo ea ileng a sebelisa matla a hae le leruo ho latsoa litšobotsi tsohle tsa monyaka tse neng li le teng nakong eo. Mamela sephetho seo a ileng a se fihlela:

“Ka ipokella silevera le gauda le menono ea marena le ea linaha; ka ipatlela libini tsa banna le tsa basali; le menate ea bana ba batho, e leng basali ba bangata; . . . ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 2:8, 11.

Batho ba bangata ba fumana khotsofalo mosebetsing kapa ka ho sebelisa matla a bona a kelello kapa a ’mele ho finyella se bonahalang e le lipakane tse molemo. Leha ho le joalo, ka mor’a nako mosebetsi oo ha o khotsofatse tlhoko eohle ea ho ba le morero bophelong. Peter Lynch ea hlalositsoeng e le “naleli e tsebahalang ea ho etsetsa k’hamphani matsete,” o ile a tlohela mosebetsi oa hae o mo nehang phaello ha a hlokomela hore ho na le ho hong ho tebileng ho haellang bophelong ba hae. E ne e le eng? Kamano ea hae le lelapa la hae. O ile a re: “Ke ne ke rata seo ke se etsang, empa ’na le ba bang re ile ra fihlela qeto: Sena . . . re se etsetsa eng? Ha ho motho eo ke mo tsebang eo ha a le makhatheng a lefu a ka ratang hore ebe o ile a qeta nako e ngata haholo a le ka ofising.”

Kahoo ngoanana e mocha o ile a bontša ho leka-lekana ho itseng ha a ne a nahana ka lipakane tsa hae bophelong ’me a re: “E ’ngoe ea lipakane tsa ka ke ho sebetsa. Empa ke nahana hore pakane ea ka e khōlō ke ho ba le lelapa le thabileng.” E, lelapa la rōna le ka etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero. Mosali e mocha ea nyetsoeng o ile a re: “Ho tloha bonyenyaneng ke ile ka bona hore ho ba motsoali ke e ’ngoe ea lintho tseo ke tsoaletsoeng ho li etsa, ke e meng ea merero ea bophelo ’me ha ho mohla nkileng ka belaella morero ona.”

Ba bang ba batla morero bophelong ka ho phehella lipakane tse itseng. Ba bang—mohlomong ho kopanyelletsa le bo-rasaense ba bolelang hore bophelo bo itlhahetse ka kotsi feela ntle ho morero—ba fumana morero ka ho phehella tsebo. Seithuti sa ho iphetola ha lintho Michael Ruse se ngotse: “Re laba-labela ho tseba, ’me sena se etsa hore re be ba phahametseng liphoofolo. . . . E ’ngoe ea litlhoko tsa rōna tse khōlō ka ho fetisisa le mesebetsi ke ho neha bana ba rōna bohlale boo re bo bokelletseng nakong e fetileng hammoho le thabo ea rōna ea ho finyella ho etsa lintho. . . . Takatso ea tsebo le katleho ke tse ling tsa litšobotsi tse khethehileng tsa motho.”

Ba bang ba fumane hore ho phehella pakane e itseng kapa molao-motheo ho neha bophelo ba bona morero. Ba sebeletsa ho sireletsa mefuta ea liphoofolo e ntseng e qepha. Kapa ba loantša tšilafalo le tšenyo ea tikoloho. Batho ba tsotellang ba buella litokelo tsa bana kapa ba sebetsa molemong oa batho ba hlokang matlo kapa mafutsana. Kapa ba sebetsa ka thata ho thibela ho ata ha bokhoba ba lithethefatsi. Ka linako tse ling, batho ba joalo ba finyella botle bo bongata, ’me seo ba se etsang se entša bophelo ba bona ka morero.

Ho Ferekana le Masoabi

Leha ho le joalo, re tlameha ho lumela hore hangata batho baa ferekana ha ba ntse ba phehella lipakane tsa bona esita le haeba e le tsa bohlokoa. Ka linako tse ling batsoali ba ratang bana ba bona haholo le ho ikitlaetsa ka matla ho ba hōlisa ba ka lahleheloa ke bona ka baka la likotsi, tlōlo ea molao, ho kula kapa bokhoba ba lithethefatsi. Kapa mohlomong ha bana ba hōla, ka linako tse ling ba tšoaetsoa moea oa boithati oa lefatše lena ’me ba hlōleha ho buseletsa lerato la batsoali ba bona.

Hangata bao ka ho hloka boithati ba sebeletsang ho ntlafatsa tikoloho ba ferekanngoa ke lithahasello tsa khoebo kapa hore ebe ba bang ha ba tsotelle ho hang. Ba sebeletsang ho ntlafatsa boemo ba mafutsana ba qetoa matla ke boholo ba mosebetsi. Motho ea fumanang mosebetsi oa hae e le o putsang oa ferekana ha a qobelloa ho ea pensheneng a sa rate. Mofuputsi ea fumanang ho phehella tsebo ho khotsofatsa ka ho felletseng oa ferekana ha a se a tla shoa ’me ho sa ntse ho setse lipotso tse ngata tse sa arabeloang. Motho eo bophelong ba hae bohle a ileng a bokella letlotlo o hlokomela hore qetellong o tlameha ho le siela ba bang.

Morena oa mehleng ea boholo-holo ea qotsitsoeng pejana o hlalosa tse ling tsa lintho tsena tse ferekanyang ha a ne a ngola: “Ke ile ka hloea mosebetsi oa ka kaofela le mokhathala tse tlas’a letsatsi, kaha ke tlameha ho siela mohlahlami oa ka litholoana tsa mosebetsi oa ka. Motho ea tla ntlhahlama e tla ba oa mofuta ofe, ea jang lefa leo batho ba bang ba le bokelletseng? Ke mang ea tsebang hore na e tla ba motho ea bohlale kapa sethoto? Leha ho le joalo, e tla ba molaoli oa litholoana tsohle tsa mosebetsi oa ka le tsebo.”—Moeklesia 2:18, 19, The New English Bible.

Na ka ’nete ho bonahala mantsoe ana a hlile a bolela hore bophelo ha bo na morero? Na lipakane tse fapa-fapaneng tseo batho ba li phehellang ke ntho e ba thusang hore ba fete lilemo tse 70, 80, kapa tse 90 tseo batho ba bangata ba li phelang? Ka ntle ho moo, na ka sebele lipakane tsee ha li na morero? Che. Ha e le hantle, li bontša ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka tsela eo re bōpiloeng ka eona, ’me li fana ka bopaki ba hore ka sebele bophelo bo na le morero o hlollang haholo. Empa morero ona re ka o fumana joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Ba bang ba fumane hore ho phehella tsebo ho etsa hore bophelo ba bona bo be le morero

Batho ha ba etse lintho tse rarahaneng ntle le ho ba le morero

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela