Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • pr karolo 1 maq. 3-6
  • Na ho na le Morero Bophelong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Morero Bophelong?
  • Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maemo a Thata le ho Feta
  • Seo ba se Buang
  • Phello
  • Jehova—Molimo ea Nang le Morero
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Hahamalla Morero o Khotsofatsang Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na Bophelo bo Hlile bo na le Morero?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
pr karolo 1 maq. 3-6

Karolo 1

Na ho na le Morero Bophelong?

1. Hangata ke eng se botsoang ka morero oa bophelo, ’me motho e mong o ile a o hlalosa joang?

Ka nako e itseng, hoo e ka bang e mong le e mong oa ipotsa hore na morero oa bophelo ke eng. Na ke ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa maemo a rōna a bophelo, ho phelisa malapa a rōna, mohlomong ho shoa ka mor’a lilemo tse 70 kapa tse 80, ebe re ba sieo ka ho sa feleng? Mocha e mong ea neng a ikutloa ka tsela ena o ile a re ha ho na morero o mong bophelong ho feta “ho phela, ho ba le bana, ho thaba le ho shoa.” Empa na seo ke ’nete? ’Me na kannete lefu ke qetello ea sohle?

2, 3. Ke hobane’ng ha ho bokella leruo la lintho tse bonahalang ho sa lekana bakeng sa ho ba le morero bophelong?

2 Ba bangata linaheng tsa Bochabela le Bophirimela ba ikutloa hore morero o moholo oa ho phela ke ho bokella leruo la lintho tse bonahalang. Ba nahana hore sena se ka lebisa bophelong bo thabisang, bo nang le morero. Empa ho thoe’ng ka batho ba seng ba ntse ba e-na le leruo la lintho tse bonahalang? Sengoli sa Canada Harry Bruce se itse: “Batho ba bangata haholo ba ruileng ba tiisa hore ha baa thaba.” Se ile sa phaella: “Lipatlisiso li bontša hore Amerika Leboea e anngoe ke ho hloka tšepo ho tšosang . . . Na ho na le motho le ea mong ea thabileng lefatšeng lee? Haeba ho joalo, senotlolo ke sefe?”

3 Eo e neng e le mopresidente oa United States Jimmy Carter o itse: “Re hlokometse hore ho ba le lintho le ho sebelisa lintho ha ho khotsofatse taba-tabelo ea rōna bakeng sa morero. . . . Ho bokella matlotlo a lintho tse bonahalang ho ke ke ha nka sebaka sa ho hloka thuso ha bophelo bo se nang tšepo kapa morero.” ’Me moeta-pele e mong oa lipolotiki o itse: “Ka lilemo tse ’maloa joale ke ’nile ka kenella patlisisong e batsi ea linnete tse mabapi le ’na le bophelo ba ka; batho ba bangata bao ke ba tsebang ba etsa se tšoanang. Batho ba bangata ho feta leha e le neng pele baa botsa, ‘Re bo-mang? Morero oa rōna ke eng?’”

Maemo a Thata le ho Feta

4. Ke hobane’ng ha ba bang ba belaela hore na ebe bophelo bo na le morero leha e le ofe?

4 Ba bangata ba na le pelaelo ea hore na ebe bophelo bo na le morero ha ba bona hore maemo a bophelo a fetohile a thata le ho feta. Ho pholletsa le lefatše batho ba fetang limillione tse sekete ba kula ka ho tebileng kapa ba haelloa ke phepo e ntle, ho fellang ka ho shoa ha bana ba ka bang limillione tse leshome selemo le selemo Afrika feela. Baahi ba lefatše, ba atamelang limillione tse likete tse 6, ba tsoela pele ho eketseha ka limillione tse fetang 90 ka selemo, ’me karolo e fetang ea 90 lekholong ea keketseho eo e linaheng tse hōlang moruong. Baahi bana ba eketsehang ba sa khaotse ba eketsa tlhoko ea lijo, bolulo, le indasteri, e leng ho tlisang tšenyo e eketsehileng mobung, metsing, le moeeng e bakoang ke lintho tse silafatsang tsa indasteri le tse ling.

5. Ho etsahala eng ka limela lefatšeng?

5 Sengoliloeng World Military and Social Expenditures 1991 sea tlaleha: “Selemo se seng le se seng sebaka sa meru se lekanang le [Great Britain] sea senngoa. Ka tekanyo ea hona joale (ea ho rengoa ha lifate) ka selemo sa 2000, re tla be re remme karolo ea 65 lekholong ea meru libakeng tse chesang.” Libakeng tseo, ho latela lefapha la UN, bakeng sa sefate ka seng se lengoang ho rengoa tse 10; Afrika tekanyo eo e feta tse 20 bakeng sa se le seng. Kahoo libaka tsa mahoatata lia eketseha, ’me selemo le selemo sebaka se lekanang le Belgium se fetoha se ke keng sa sebelisoa bakeng sa temo.

6, 7. Mathata a mang ao baeta-pele ba batho ba sitoang ho a rarolla ke afe, kahoo ke lipotso life tse hlokang ho arabjoa?

6 Hape, lekholong lena la bo20 la lilemo ho bile le mafu a bakiloeng ke ntoa a lekanang le a hlahileng lilemo tse makholo a mane tse fetileng li mennoe hane. Libakeng tsohle, tlōlo ea molao e ntse e eketseha, haholo-holo tlōlo ea molao e mabifi. Ho qhalana ha malapa, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, AIDS, maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, le lintho tse ling tse mpe li thatafatsa bophelo le ho feta. ’Me baeta-pele ba lefatše ha baa khona ho fana ka tharollo bakeng sa mathata a mangata a hlaselang lelapa la batho. Ka hona, ke ka lebaka le utloahalang batho ba botsang, Morero oa bophelo ke eng?

7 Litsebi le baeta-pele ba bolumeli ba ’nile ba arabela potso eo joang? Ka mor’a makholo-kholo ana a lilemo, na ba fane ka karabo e khotsofatsang?

Seo ba se Buang

8, 9. (a) Setsebi sa Lechaena se itse’ng ka morero oa bophelo? (b) Mophonyohi oa kampo ea mahloriso ea Nazi o ile a re’ng?

8 Setsebi sa lithuto tsa Confucius Tu Wei-Ming se itse: “Morero oa motheo oa bophelo o fumanoa bophelong ba rōna bo tloaelehileng, ba botho.” Ho latela pono ena, batho ba ne ba tla tsoela pele ho tsoaloa, ba loanele ho phela, ’me ba shoe. Ho na le tšepo e fokolang ponong e joalo. Na ehlile ke ’nete?

9 Elie Wiesel, ea phonyohileng likampong tsa mahloriso tsa Nazi Ntoeng ea II ea Lefatše, o itse: “Potso ea bohlokoahali eo motho a lokelang ho tobana le eona ke e reng, ‘Ke hobane’ng ha re le teng?’ . . . Ke lumela hore bophelo bo na le morero ho sa tsotellehe lefu le se nang morero leo ke le boneng.” Empa o sitiloe ho bolela hore na morero oa bophelo ke eng.

10, 11. (a) Mohlophisi e mong o bontšitse joang hore motho ha a na likarabo? (b) Ke hobane’ng ha pono ea rasaense oa thuto ea ho iphetola ha lintho e sa khotsofatse?

10 Mohlophisi Vermont Royster o itse: “Ha motho ka boeena a nahanisisa ka hloko, . . . ka sebaka sa hae bokahohleng bona, re batla re le hōjana ho feta ha nako e qaleha. Re ntse re setse le lipotso tse e-song ho arabeloe tsa hore na re bo-mang le hore na ke hobane’ng ha re le teng le hore na re ea hokae.”

11 Rasaense oa thuto ea ho iphetola ha lintho Stephen Jay Gould o itse: “Re ka ’na ra laba-labela karabo ‘e phaha-phahameng’—empa ha e eo.” Ho batho ba joalo ba reng lintho li iphetotse, bophelo ke ho loanela ho pholoha ha ba khonang ho ikamahanya le boemo boo ba phelang ho bona, ’me lefu e le qetello ea sohle. Ha ho na tšepo le ponong e joalo. Hape, na ke ’nete?

12, 13. Lipono tsa baeta-pele ba kereke ke life, ’me na li khotsofatsa ho feta tsa batho ba lefatše?

12 Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba re morero oa bophelo ke ho phela bophelo bo molemo e le hore ha motho a e-shoa sephefumolohi sa hae se ka ea leholimong ’me se phele teng ka ho sa feleng. Khetho e fuoang batho ba babe e emang sebakeng sa eo ke tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele. Leha ho le joalo, ho latela tumelo ena, lefatšeng ho ne ho tla ’ne ho be le bophelo bo tšoanang bo sa khotsofatseng bo bileng teng ho pholletsa le histori. Empa haeba morero oa Molimo e ne e le hore batho ba phele leholimong joaloka mangeloi, ke hobane’ng ha a sa ka a ba bōpa ka tsela eo ho tloha sethathong, joalokaha a entse ka mangeloi?

13 Esita le baruti ba thatafalloa ke lipono tse joalo. Dr. W. R. Inge, eo pele e neng e le hlooho ea St. Paul’s Cathedral London, o kile a re: “Bophelong bohle ba ka ke ’nile ka loanela ho fumana morero oa bophelo. Ke ’nile ka leka ho rarolla mathata a mararo ao ka linako tsohle ho ’na a neng a bonahala e le a bohlokoa: bothata ba bo-sa-feleng; bothata ba botho ba motho; le bothata ba bobe. Ke hlōlehile. Ha kea khona ho rarolla leha bo le bong ho ’ona.”

Phello

14, 15. Lipono tse sa lumellaneng li ba le phello efe ho batho ba bangata?

14 Phello ea likhopolo tse ngata joalo tse sa tšoaneng tsa litsebi le baeta-pele ba bolumeli potsong ee ea morero oa bophelo ke efe? Ba bangata ba arabela joaloka monna ea hōlileng ea ileng a re: “Karolong e khōlō ea bophelo ba ka ke ’nile ka botsa hore na ke hobane’ng ha ke le teng. Haeba morero o teng, ha ke sa tsotella.”

15 Ba bangata ba bonang lipono tse ngata har’a malumeli a lefatše ba etsa qeto ea hore ha ho tsotellehe hore na motho o lumela eng. Ba ikutloa hore bolumeli ke feela ho khatholla kelello, ntho e fanang ka khotso e nyenyane ea kelello le boiketlo e le hore motho a ka sebetsana le mathata a bophelo. Ba bang ba ikutloa hore bolumeli ke tumela-khoela feela. Ba ikutloa hore lilemo tse makholo tsa khopolo-taba ea bolumeli ha lia arabela potso e mabapi le morero oa bophelo, leha e le hona hore li ntlafalitse bophelo ba batho feela ba tloaelehileng. Ha e le hantle, histori e bontša hore hangata malumeli a lefatše lena a ’nile a sitisa batho ho tsoela pele ’me e bile ’ona sesosa sa lehloeo le lintoa.

16. Ho fumana morero oa bophelo e ka ba habohlokoa hakae?

16 Leha ho le joalo, na ke habohlokoa ho fumana ’nete ka morero oa bophelo? Setsebi sa bophelo bo botle ba kelello Viktor Frankl se ile sa araba: “Ho loanela ho fumana morero bophelong ke matla a ka sehloohong a susumetsang ka ho motho. . . . Kea tiisa hore ha ho letho lefatšeng le ka thusang motho ka katleho ho phonyoha esita le maemo a mabe ka ho fetisisa, ho feta tsebo ea hore ho na le morero bophelong ba motho.”

17. Joale ke lipotso life tseo ho hlokahalang hore re li botse?

17 Kaha lifilosofi tsa batho le malumeli ha lia hlalosa ka mokhoa o khotsofatsang hore na morero oa bophelo ke eng, re ka ea hokae ho fumana hore na ke eng? Na ho na le mohloli oa bohlale bo phahameng o ka re bolellang ’nete ka taba ee?

Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, Mangolo a qotsitsoe Bibeleng ea Sesotho. Mabitso a liphetolelo tse ling tsa Bibele tseo ho qotsitsoeng ho tsona ke; NW—New World Translation of the Holy Scriptures—With References, Khatiso ea 1984; BPN—Bibele Phetolelo e Ncha 1989

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

“Selemo se seng le se seng sebaka sa meru se lekanang le [Great Britain] sea senngoa”

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

“Karolong e khōlō ea bophelo ba ka ke ’nile ka botsa hore na ke hobane’ng ha ke le teng”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela