Li-Marsupial Tseo Tse Hlollang Tsa Australia
Ka mongolli oa Tsoha! Australia
HA E le hantle marsupial ke eng, hona ke eng e etsang hore li-marsupial e be tse hlollang?
Ho e beha habonolo, marsupial ke mofuta oa seantši, ke hore, ke phoofolo e antšang malinyane a eona e nang le mocheso o tsitsitseng oa mali ho sa tsotellehe hore na mocheso kapa mohatsela o ka ntle o joang. Leha ho le joalo, ho fapana le liantši tse ngata, li-marsupial tse tšehali ha li be le setho se fepang lelinyane lijo ka popelong ha li emara. Li tsoala malinyane a le manyenyane, a sa bone, ebe li a antšetsa le ho a sireletsa ka har’a likoba tse ka ntle. Kahoo, ka kakaretso, marsupial ke seantši se nang le sekoba, hobane lentsoe la Selatine marsupium le bolela “sekoba” kapa “mokotlana.”
Ha e le hantle, kangaroo ke o le mong feela oa mefuta e ka bang 250 ea li-marsupial. Ho na le li-marsupial linaheng tse ling ntle le Australia—empa eseng tse ngata. Ka mohlala, opossum ea Amerika Leboea ke marsupial, ebile tse ling li fumanoa Amerika Boroa. Empa ka kakaretso bongata ba li-marsupial tsa lefatše bo fumanoa tikolohong ea Australasia, ’me ho se ho bile ho ile ha hlokomeloa mefuta e 175 e fapaneng hona teng. Kaofela, ho na le mefuta e 45 ea li-kangaroo Australia, empa kangaroo e khubelu e khōlō ke eona e tsebahalang haholo. E khōlō ho feta li-marsupial tsohle, ’me boima ba eona e ka ba lik’hilogramo tse 90, ’me ha e eme e telele ho feta banna ba bangata. Leha ho le joalo, molekane oa eona e motšehali o batla a le monyenyane ’me o ’mala o moputsoa.
Ha li qhoma, li-kangaroo li ka fihlela bolelele ba limithara tse 11. Tse ling li ile tsa lekanyetsoa lebelo la ho isa ho lik’hilomithara tse 64 ka hora ’me tsa tlōla metero ea ho isa ho limithara tse tharo. Kangaroo ena e khōlō e khubelu le e batlang e le nyenyane e putsoa li fumanoa likarolong tse ngata tsa naha ea Australia. Ke pono e tloaelehileng le e thahasellisang ho baeti ba eeng ba fete ka makoloi libakeng tseo e batlang e le meru haesita le libakeng tsa mahoatata a ommeng a Australia bohareng. Li-kangaroo ke liphoofolo tse lulang li le sehlopha ’me hangata li lula ’moho ka lihlopha tse bitsoang liqhoqho.
Tsoalo e Thahasellisang
Mohlomong karolo e hlollang ka ho fetisisa ea bophelo ba marsupial ke tsoalo le tlhokomelo ea malinyane. Li-kangaroo li tšoana le li-marsupial tse ngata. Matsatsi a 33 ho isa ho a 38 feela ka mor’a ho tlōleloa, kangaroo e nyenyane ea tsoaloa. Empa lelinyane lena le lecha le batla le le lenyenyane ho feta lehe le emolisitsoeng—phoofotsoana e nyenyane, e kang naoa, eo boima ba eona bo ka etsang ligramo tse 0,75, e nyenyane ho feta karolo e ka holimo ea monoana oa hao o monyenyane, e bileng e batlang e bonaletsa.
Hang-hang ha le qeta ho tsoaloa, le “tsoa” ka pōpelong ea ’m’a lona le kene boeeng ba hae. Ebe, ka ho sebelisa maotoana a pele a nang le manala, le sōkōla lisenthimithara tse 15 ho ea sekobeng sa ’m’a lona. Teng le imamaretsa ho e ’ngoe ea litlhōko tse ’nè, e tlalang ka molomong oa lona. Ka mothapo ona oa bophelo, le fumana phepo eohle eo le e hlokang, ’me likhoeling tse hlahlamang tse hlano, le lula ka sebakeng sena sa boiketlo pele le ka ntšetsa hlooho ea lona ka ntle ka lekhetlo la pele.
Ka mor’a ho ka etsang likhoeli tse tšeletseng, joey e nyenyane (e leng kamoo malinyane a li-kangaroo a bitsoang ka teng) e nka mohato oa eona oa pele o sa tsitsang ka ntle ho sekoba, empa hangata e khutlela ho sona bakeng sa phepo le tšireletseho. Leha ho le joalo, qetellong ’mè o etsa qeto ea hore joey e se e le khōlō haholo bakeng sa sekoba ’me kahoo o e thibela ho qhomela ka har’a sona. Ha le le likhoeli li 18, ho hang ha le sa itšetlehile ka ’mè oa lona.
Taba e ’ngoe e hlollang ke hore kangaroo ea ’mè e khona ho sisa lebese la mefuta e ’meli ka nako e le ’ngoe. Ka mor’a ho tsoaloa ha joey ea pele, kangaroo ea ’mè e tlōleloa hape. Lehe lena le sa tsoa emolisoa le lula le se na letho ho fihlela joey ea pele e qala ho thala hakhutšoaane kantle ho sekoba. Joale ebe joey ea bobeli e tsoaloa e le sebōpehong sa eona se senyenyane ebe e itšoareletsa tlhōkong e ’ngoe ka sekobeng.
Empa joey e khōlō e sa ntsane e anya lebese ho tsoa tlhōkong ea eona ea pele. Ho thatafatsa lintho le ho feta, joey ena e ncha e kang lehe le emotsoeng e hloka motsoako o fapaneng oa lebese. Leha ho le joalo, hona hase bothata, kaha ho tloha tlhōkong eo, ’mè o se a khona ho fana ka lebese le nang le motsoako o mongata oa tsoekere, athe ho tsoa tlhōkong ea moholoane teng o tsoela pele ho mo neha lebese le nang le lihaha-’mele le mafura a mangata!
Le hoja ka tloaelo e se liphoofolo tse ratang ntoa, ka nako e ’ngoe tse tona li ba le ho kang ntoa ea litebele. Hangata ke feela tse tona tse nyenyane tse peli tse lekang ho bonahatsa matla a tsona. Ka linako tse ling ea be e le li-kangaroo tse peli tse tona tse seng li hōlile li loana ka litebele—ha e le hantle li loanela e ’ngoe e itseng e tšehali! Lintoa tsena e ka hla ea e-ba tse mahlo a mafubelu, kaha liloani li ngaparelana ka maoto a pele le ho rahana haholo ka maoto a morao.
Koala e Khahlehang—Marsupial e ’Ngoe e Hlollang
Ho batlang ho tumme joaloka kangaroo, ho bile ho hlahisoa haholo ka tsela e tšoanang le kangaroo lipampitšaneng tsa baeti tsa Australia, ke marsupial e ntle ho feta tsohle—koala. Phoofotsoana ena e iphelela lifateng feela ’me e tsamaea haholo bosiu. Hangata e fapanngoa le bere ka baka la sebōpeho sa eona, ka hona hangata e bitsoa bere ea koala ka phoso. Empa ha e na kamano ho hang le lelapa la libere, ebile hase mofuta oa opossum kapa tšoene. E khethehile e le kannete. E, ho na le mofuta o le mong feela oa koala, ’me o fumaneha libakeng tse ka bochabela tsa Australia.
Koala e na le ho khahleha ho sa teneng, ka chebahalo ea eona e bonojana, e ratehang, ka mahlo a khanyang a chitja, nko e bonolo, le ho hlahella eka e batla e lula e ferekane. Hase liphoofolo tse khōlō, li hōla ho isa ho lisenthimithara tse 60 ka bophahamo li be boima ba lik’hilogramo tse 8 ho isa ho tse 14.
Lelinyane la koala le tsoaloa joaloka li-marsupial tse ling tsohle phapang feela ke hore koala ea ’mè e na le sekoba ka mokokotlong. Lelinyane le lula ka sekobeng likhoeli tse tšeletseng, ’me qetellong ha le tsoa, le pepa ho ’m’a lona ha a ntse a e-ea koana le koana a le maphatha-phathe a tsoma makhasi a latsoehang lifateng.
Tsamaiso ea ho Sila Lijo e Ikhethang
Li-koala ha li tsamaee li e-ja ho hong le ho hong. Li ipehela moeli oa ho ja makhasi a sefate sa boloukomo. Hape hase lekhasi le leng le le leng le lokileng. Har’a mefuta e 600 e fapaneng ea boloukomo e teng, li-koala li ja feela e 50 kapa 60. Ha liphoofolo tse ling li ne li ka ja makhasi ana, li ne li ka ’na tsa shoa ka baka la lik’hemikhale tse nang le oli tse tahang tse chefu tse teng makhasing ana. Tsamaiso ea ho sila lijo e rarahaneng e thusa li-koala ho sila lijo tsa tsona tse khethehileng, empa lijo tseo tse ikhethang li li neha monko o batlang o khethehile!
Batho ba bang ba bolela hore li-koala ha li noe metsi ho hang, ebile ho tlalehoa hore lentsoe “koala” ke lentsoe la puo ea Melata ea moo le bolelang “Ha ke noe.” Leha ho le joalo, tlhahlobisiso e bontšitse hore ka nako tse ling li-koala li ee li theohe lifateng tsa tsona ho tla noa, ’me ka nako tse ling li ja mobu ho ekeletsa lijong tsa tsona tse se nang liminirale.
Le hoja li-kangaroo li ka bonoa libakeng tse ngata tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha ho potoloha lefatše, li-koala li fumanoa libakeng tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha tse ’maloa haholo ka ntle ho Australia. Empa hore na u fumana monyetla oa ho li bona ka bouena kapa che, re ikutloa re kholisehile hore u tla lumela hore ke liphoofolo tse hlollang e le kannete—liantši tsena tse nang le likoba tse se nang litho tsa ho fepa lelinyane le ka popelong.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
“Kangaroo” ea ’mè e jere “joey” ka sekobeng
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Koala” e ja makhasi a boloukomo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Melbourne Zoo Education Service, Victoria, Australia