Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/12 maq. 10-11
  • Liphoofolo Tse Ikhethang Tsa Sehlekehlekeng sa Tasmania

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphoofolo Tse Ikhethang Tsa Sehlekehlekeng sa Tasmania
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tasmania—Sehlekehleke se Senyenyane ka Pale e Ikhethang
    Tsoha!—1997
  • Li-Marsupial Tseo Tse Hlollang Tsa Australia
    Tsoha!—1992
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
  • “Lifate Tsa Jehova li Khotsofetse”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 4/12 maq. 10-11

Liphoofolo Tse Ikhethang Tsa Sehlekehlekeng sa Tasmania

MOTŠEHARE ho itse nyele! sehlekehlekeng sena. Empa bosiu, ho utloahala ho rora le ho meketsa ho tsitsipanyang ’mele, morung. Ke’ng e bakang melumo ee? Ke phoofolo e anyesang e mahlahahlaha e nang le lebitso le sa rateheng—e leng Tasmanian devil. Liphoofolo tsena tse matla li shebahala le ho utloahala li le bohale bo tšosang, haholo-holo ha li ja setopo sa phoofolo e itseng. Empa ha li kotsi.

Liphoofolo tsena li ka ja litopo tsa liphoofolo tse morung ka potlako e khōlō. Mehlahare ea tsona le meno a tsona a tiileng, a ka ja hoo e ka bang setopo sa ntho leha e le efe—letlalo, masapo le tse ling. Ha e le hantle, li ja lijo tse etsang karolo ea 40 lekholong ha li bapisoa le ’mele ea tsona—e leng ntho e tšoanang leha motho a ka ja nama ea boima ba lik’hilograma tse 25 ka nako e le ’ngoe!

Phoofolo e ’ngoe e ratehang haholo le e bonolo, ke common wombat, e leng phoofolo e nonneng e etsang hore ha motho a e shebile a lakatse eka a ka e kopa. Joaloka liphoofolo tse ling tse anyesang, li-wombat tse tšehali li na le mekotlana eo li kenyang malinyane a tsona ka ho eona ’me lia anyesa. Leha ho le joalo, ho fapana le mekotlana ea liphoofolo tse ling tse tšoanang le tsona, mekotlana ea li-wombat e ka mokokotlong, ’me ha ho pelaelo hore seo se etsa hore malinyane a tsona a lule a hloekile ha ’m’a tsona a ntse a epa ka tlas’a lefatše. Li-wombat li boetse li na le meno a lulang a ntse a hōla—e leng se li thusang, kaha li lokela ho sebelisa meno a tsona e le hore li je lintho tse li sitisang ha li ntse li epa ka tlas’a lefatše. Le hoja li-common wombats li bonahala eka li botsoa ka lebaka la botenya ba tsona, li sebelisa maoto a tsona a ka pele ka tsela e hlollang hore li thonake meroho ’me li e kenye ka hanong.

Phoofolo e ’ngoe e sa tloaelehang ke platypus. Phoofolo ena e nang le ponahalo e sa tloaelehang, e na le molomo o kang oa nonyana, maoto a kang a letata le ’mele o boea joaloka oa qibi le mohatla o kang oa phoofolo e bitsoang beaver. E behela mahe joaloka khōhō, e epa joaloka wombat, ’me e anyesa malinyane a eona joaloka bere e tšehali. Ha ho makatse hore ebe rasaense oa pele oa ho ithuta ka eona o ne a belaela hore hase phoofolo ea sebele!

Ke hobane’ng ha re thabela hakaale ho ithuta ka liphoofolo tsee tse ikhethang? Ha ho pelaelo hore ke hobane ’Mōpi oa rōna o batla hore li re thabise. Bibele e senola hore o ile a laela banyalani ba pele hore ba “laole . . . sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Ha re ithuta ka liphoofolo tse joalo tse phelang naheng, na seo ha sea lokela ho re susumeletsa ho batla ho phetha boikarabelo boo?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]

LIFATE TSA LITONANAHALI

Ha ho buuoa ka lintho tse khōlō, ha ho na lintho tse phelang tse khōlō joaloka lifate tsa Tasmania. Lifate tse telele ka ho fetisisa ke tsa Eucalyptus regnans, tse hlahisang lithunthung le tse hōlang ho fihlela li ba bolele ba limithara tse ka bang 75. Sefate se selelele ka ho fetisisa se ntseng se le teng, se bolelele ba limithara tse 99,6 ’me se ka tlaasana ka limithara tse 16 ha se bapisoa le se selelele ka ho fetisisa lefatšeng e leng sefate sa redwood sa California, U.S.A.

Sefate se seng hape se melang naheng, ke sa phaene ea Huon, bolelele ba sona bo lekana le halofo ea sefate sa Eucalyptus regnans, empa sona se ka phela ka makhetlo a tšeletseng ho se feta. Bo-rasaense ba bang ba hakanya hore lifate tsa phaene ea Huon li ka phela lilemo tse fetang 3 000, e leng se etsang hore e be lifate tse phelang nako e telele ka ho fetisisa lefatšeng. Baetsi ba thepa ea ka tlung le likepe, ba nka hore sefate sena se bitsoang “khosana” ea lifate tsa Tasmania, se bohlokoa haholo. Ho bonolo ho betla lehong la sona le ’mala o motle o mosehla, ’me le na le oli ea bohlokoa ea tlhaho e le thibelang ho bola le e boetseng e leleka likokoanyana. Makala a mang a thonakiloeng morung oo, a ntse a ka sebelisoa le hoja a e-na le lilemo tse makholo a oetse fatše.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Tasmanian devil

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© J & C Sohns/age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Common wombat

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Platypus

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]

Wombat and platypus: Tourism Tasmania; giant tree: Tourism Tasmania and George Apostolidis

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela