Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 11/8 maq. 27-29
  • Ho Thoe’ng Haeba Motsoali oa ka a Ile a re Tlotlolla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoe’ng Haeba Motsoali oa ka a Ile a re Tlotlolla?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Phoso ea Hao!
  • Ho Ipaka U le ea Fapaneng
  • Ho Sebetsana le Maikutlo
  • Ho Thoe’ng Haeba Motsoali oa ka a Fosa?
    Tsoha!—1995
  • Nka Etsa’ng Haeba Motsoali oa ka a Lemaletse Lithethefatsi Kapa Joala?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Sebelisana Joang le Motsoali oa ka ea Tlohileng Hae?
    Tsoha!—1990
  • Nka Phela Joang Lelapeng le Arohaneng Bolumeling?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 11/8 maq. 27-29

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Thoe’ng Haeba Motsoali oa ka a Ile a re Tlotlolla?

NTATE oa Jacob e ne e le molebeli oa Mokreste ea hlomphuoang naheng ea Afrika. Empa ha ntate oa Jacob a tlohela ’mè oa Jacob ho ea lula le mosali e mong, o ile a lelekoa phuthehong ea Bokreste. Litaba li ile tsa mpefala ha a qala ho noa haholo lino tse tahang. Jacob oa hopola: “Boemong boo, o ne a tla sekolong ’me a ntlhabise lihlong pel’a matichere le bana bao ke kenang sekolo le bona.”a

Mocha e mong oa Moafrika, eo re tla ’mitsa David, ka ho tšoanang ntate oa hae o ile a lelekoa phuthehong ea Bokreste hobane e le mofosi ea sa bakang. David o re: “Ke ne ke sa ho lumele. Ka mehla ke ne ke mo talima e le ea mpehelang mohlala. Ntho eo ke neng ke e tšoha haholo ke hore ha ho motho ea tla batla ho ba le setsoalle le lelapa la motho ea khaotsoeng.”

Ha motsoali a tlotlolla lelapa ka ho ameha boitšoarong bo nyelisang, kapa ka ho tšoaroa ke mapolesa, ke ho tloaelehileng ho ikutloa u tlotlolohile, u hlabisitsoe lihlong, ebile u tšoha bokamoso. Ka linako tse ling u ka ikutloa joaloka mopesaleme ea ngotseng: “Lihlong tsa ka li pel’a mahlo a ka ka mehla, masoabi a apesitse sefahleho sa ka.”—Pesaleme ea 44:15.

Ka baka la boitšoaro ba motsoali oa hao, u ka ’na ua ikutloa u sa lokoloha hape u hlabuoa ke lihlong ha u na le metsoalle le batho bao u ba tloaetseng. Ka ho tšoanang, ba bang ba bona ba ka ’na ba ikutloa ba sa iketla ha u le teng. Bacha ba itseng ba sehlōhō ba ka thabela ho u khathatsa ka bothata ba motsoali oa hao, kapa batho ba baholo ba ka u lemosa ka ho teba hore u ka ’na ua tšoana le motsoali oa hao ha u se u le moholo.

Hase Phoso ea Hao!

Polelo e tsebahalang ea mehla ea boholo-holo e re: “Bo-ntat’a bana ba jele morara o bolila, empa bana ba fumana tatso e bolila.” (Ezekiele 18:2, Today’s English Version) Ka ho tšoanang bacha kajeno ba ka ikutloa hore ba latsoisoa morara oa boitšoaro bo bobe ba motsoali oa bona. Ka mor’a hore ntate oa David e mocha a lelekoe phuthehong, o ile a utloa bohloko haholo ’me a ipotsa haeba Molimo a mo otla.

Empa na ho ne ho le joalo? Ke ’nete hore Molimo o ile a lemosa sechaba sa Iseraele hore o ne a ‘otla bana ka bokhopo ba batsoali.’ (Exoda 20:5) Ka mohlala, ka nako e ’ngoe Jehova o ile a isa sechaba sohle botlamuoeng hōle Babylona. Le hoja lebaka la sehlooho la hona e ne e le boitšoaro bo bobe ba batho ba baholo, ha ho pelaelo hore botlamuoa bo ile ba tlisa mahlomola baneng ba Baiserale. Leha ho le joalo, Molimo o ile a tsoela pele ho rata bana ba Baiseraele, joaloka Daniele le metsoalle ea hae, bao ka ho tšepahala ba ileng ba tsoela pele ho mo rapela.—Daniele 3:28, 30.

Kahoo, le hoja ho fapoha ha motsoali oa hao ho ka baka masoabi a mangata le bohloko, ha ho hlokahale hore u tšohe hore u lahlehetsoe ke lerato kapa tlhohonolofatso ea Molimo. Nahana ka mantsoe a Jehova ho Ezekiele 18:14, 17 a ileng a latela polelo e qotsitsoeng pelenyana ea morara o bolila: “Bonang, ekare ha a tsoetse mora ea boneng libe tsohle tseo ntat’ae a li entseng, ’me leha a li bone, a mpa a sa li etse . . . eo a ke ke a shoa ka bokhopo ba ntat’ae, o fela a tla phela.”

Leha ho le joalo, hlokomela hore u tle u tsoele pele u phela, u tlameha ho tsamaea ka tsela e fapaneng ho e nkuoeng ke motsoali oa hao ea nang le tšekamelo e sa lokang. Bibele ea khothatsa: “Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae, ’me ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.”—Ba-Galata 6:4.

Ho Ipaka U le ea Fapaneng

Ka mohlala, nahana ka morena ea mocha oa Juda ea boholo-holo ea neng a bitsoa Josiase. Ntate oa hae le ntate-moholo oa hae ba ne ba tumme ka bobe ba ho rapela litšoantšo. Leha ho le joalo, Josiase eena “a etsa ho lokileng mahlong a Jehova.” (2 Marena 21:19, 20; 22:1, 2) Ntat’a Morena Ezekiase, Akaze, e ne e le morena e mong ea neng a beha mohlala o mobe haholo. Akaze o ile a koala menyako ea tempele ea Jehova ’me a nehela ka bara ba hae sehlabelong sa molimo oa bohetene! (2 Likronike 28:1-3, 24, 25) Leha ho le joalo, Ezekiase o ile a ipaka a fapane ho ntate oa hae. Ha a le lilemo li 25 a qala ho busa ’me kapele a qala ho khutlisetsa borapeli ba ’nete Juda.—2 Marena 18:1-5.

Bara ba Kore ba ile ba beha mohlala o tšoanang. Pele sechaba sa Iseraele se ka kena Naheng e Tšepisitsoeng, Kore, Molevi ea tsejoang, o ile a etella pele phetohelo khahlanong le Moshe le Aarone. Leha ho le joalo, phetohelo e ile ea felisoa kapele ha Kore le balateli ba hae ba ne ba felisoa ke ho sisinyeha ha lefatše le ke mollo o tsoang leholimong. Leha ho le joalo, ke ho thahasellisang hore bara ba Kore ba ile ba pholoha. (Numere 26:9-11) Ho bonahala hore ha baa ka ba nka karolo le ntate oa bona bofetoheling boo. Ha ho pelaelo hore bara bana ba Kore ba ile ba ikutloa ba tlotlolotsoe ke tsela e mpe ea ntate oa bona. Empa Jehova a hlohonolofatsa bara ba Kore hobane ba ile ba tšoarella Molaong oa hae. Har’a mantsoe a matle ka ho fetisisa a fumanoang Bibeleng ke mantsoe a ngotsoeng ke bara ba Kore.—Bona Pesaleme ea 45, 48, 84, 85, 87, le 88.

Joaloka Josiase, Ezekiase, le bara ba Kore, bacha ba bangata ba Bakreste kajeno ba ile ba ipaka ho ba ba fapaneng ho batsoali ba nang le tšekamelo e sa lokang. Nahana ka mocha eo re tla ’mitsa Maxwell. Batsoali ba hae e ne e kile ea e-ba Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang empa ba fetoha bahanyetsi ba bakoenehi ba Bokreste. Ketsahalong e ’ngoe batsoali ba hae ba ile ba nka lifolaga tse ngotsoeng boitsebiso ’me ba etsa pontšo ea phatlalatsa ka ntle ho mabala a kopano ea Bakreste eo Maxwell a neng a ile ho eona. Oa hlalosa: “Ho ne ho hlabisa lihlong haholo. Ba bang ba neng ba sa tsebe hore ke batsoali ba ka ba ile ba re ho ’na, ‘Na u bone bakhelohi bao ba lithoto ka ntle?’” Leha ho le joalo, Maxwell ha aa ka a latela tsela ea bofetoheli ea batsoali ba hae. ’Me ka tšehetso ea litho tsa lelapa tse tšepahalang le metsoalle e meng ea Bakreste, o ile a khona ho sebetsana le maikutlo a ho hlabisoa lihlong le masoabi.

Maxwell, Jacob le David (ba boletsoeng pelenyana), ka sebele ba ile ba hlōla boemo ba malapa a bona. Kaofela ha bona hona joale ba sebeletsa e le baboleli ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower le Afrika. Maxwell o re: “Kea tseba hore nka ’na ka tobana le ho hlabisoa lihlong ho tsoang ho batsoali ba ka nakong e tlang, empa hape kea tseba hore haeba ke itšetleha ka Jehova, o tla mpha matla a ho mamella.”

Ho Sebetsana le Maikutlo

Thuso e ka hlokahala haholo-holo ho sebetsana le maikutlo a hatellang a bakoang ke boitšoaro bo soabisang ba motsoali oa hao. Charmaine ea lilemo li 15 o ile a ngola: “Ha ke bona ’mè oa ka [a tahiloe], e ba eka ntho e ’ngoe ea shoa ka ho ’na . . . ke halefa haholo . . . Le ka mohla metsoalle ea ka ha ea tlameha ho tseba ka bothata ba ’mè oa ka, hobane ke sa ntse ke itlhompha.” (Alcohol Abuse—The Incredible Lie! ea Henri Naudé) Leha ho le joalo, maele a Senyesemane aa re hopotsa hore, “ho buisana ka bothata ho etsa hore bo be bonolo ho bo mamella.” Lebaka le leng, ho ka etsahala hore bothata ba motsoali oa hao e ka ba ntho e tsejoang. Kahoo ke hobane’ng ha u bo nka joaloka lekunutu le sa buuoeng? ’Me esita le moo kahlolo ea botho e leng bohlale, na ke ho utloahalang ho lumella maikutlo a hao a se nang botsoalle ho eketseha? Na ho ne ho ke ke ha thusa ho fumana Mokreste ea hōlileng eo u mo tšepang? Ka tsela ena u ka fumana mantsoe a molemo a khothatso.—Liproverbia 12:25; 16:24.

Ho nahana ka melao-motheo ea Bibele ke tsela e ’ngoe e atlehang ea ho sebetsana le maikutlo a sa haheng. Jacob oa lumela: “Lintho tseo ntate oa ka a neng a li etsa li ile tsa etsa hore ke mo hloee pelong.” Leha ho le joalo, lehloeo le ke ke la ntlafatsa boemo, leha e le hore le lumellana le taelo ea Bibele ea ho hlompha ntate le ’mè oa hao. (Ba-Efese 6:1-3) Ho fapana le ho hloea motsoali oa hao ka boeena, u lokela ho ba le lehloeo le tšoanelehang bakeng sa ketso e mpe ea motsoali oa hao. (Bapisa le Liproverbia 8:13; Juda 23.) Hape ke ho tšoanelehang ho mamela le ho bontša tlhompho ho motsoali ea nang le tšekamelo e sa lokang. Ho bontša le ho hlahisa lerato la hao le sa feleng ho ka ’na ha thusa motsoali eo ho etsa liphetoho tse hlokahalang.

Jacob e mocha o ne a na le bothata bo bong bo tloaelehileng—tšekamelo ea ho ipapisa le bacha ba bang bao maemo a bona a neng a le molemonyana. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela kamoo monahano o joalo o sa haheng ka teng. Jacob o re: “Ho fapana le ho touta ka menahano e joalo, ke ho thusang haholoanyane ho nahana ka litsela tsa ho sebetsana le boemo.” Jacob o ile a fumana hore ho bala libuka tsa Bibele le ho thuisa ka bophelo ba Bakreste ba tšepahalang e ne e le thuso e khōlō.

Hape ho kopanela haufi le phutheho ea Bakreste ho ka ipaka ho thusa. Moo u ka fumana ‘banab’eno, likhaitseli le bo-’mè’ ba moea. (Mareka 10:30) David e mocha o ne a tšaba hore litho tsa phutheho li ka ’na tsa mo qoba hobane ntate oa hae a khaotsoe. Empa o ile a fumana hore tšabo ea hae e ne e se na mabaka ho hang. Oa hlalosa: “Ka phuthehong, ha rea ka ra etsoa hore re ikutloe joaloka batho ba lahluoeng, joalokaha ke ne ke hopotse hore ho tla ba ka teng. Metsoalle e ’nile ea re etela. Hona hohle ho ile ha nkholisa hore kannete phutheho e ne e tsotella.”

Ha ho pelaelo hore ho ba le motsoali ea nang le tšekamelo e sa lokang ho utloisa bohloko ebile hoa senya. Empa ha ho hlokahale hore u nyahame. Nahana ka liphihlelo tsa bao ho boletsoeng ka bona mona. Batla thuso ea metsoalle e u ratang. U se ke ua bontša hose hlomphe batsoali ba hao; tsela ea hao ea botšepehi e ka ’na ea ba susumeletsa hore ba fetohe qetellong. (Bapisa le 1 Petrose 3:1, 2.) ’Me ho sa tsotellehe ho ka etsahalang, hopola hore boemo ba hao pel’a Molimo ha boa itšetleha ka boitšoaro ba batsoali ba hao. Bo itšetlehile ka uena!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso sehloohong sena a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ha ua lokela ho latela tsela ea batsoali ba hao e fosahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela