Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 12/8 maq. 10-11
  • Lebaka Leo Puo e sa Hloekang e sa Tšoanelang Bakreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Puo e sa Hloekang e sa Tšoanelang Bakreste
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha e Tloaelehile Hakaale?
  • Kamoo Molimo a Talimang Puo e sa Hloekang
  • Nenang Puo e sa Hloekang!
  • Ke Eng se Phoso ka ho Rohakana ka Linako Tse Ling?
    Tsoha!—1989
  • “Ka Puo ea Habo Rōna ha ho na Mahlapa”
    Tsoha!—2005
  • Na Ehlile ho Rohakana ke Ntho e Mpe?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Hanela Khatello ea ho Rohakana Joang?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 12/8 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Lebaka Leo Puo e sa Hloekang e sa Tšoanelang Bakreste

MOHLOPHISI e mong oa sea-le-moea sa BBC Wales o ile a khalemeloa ka lebaka la ho hana ho hlakola “mantsoe a hlohlontšang litsebe” puisanong eo a ileng a ba le eona le mosodoma e mong, eo ho ea ka ’muelli oa BBC ea qotsitsoeng ho koranta ea The Guardian, a sebelisitseng “puo e tala haholo ho hlalosa liketso tse ka etsang hore motho a fumane AIDS.” Ho phaella moo, karolo ea 22 lekholong ea mananeo a ileng a hlahlojoa tlhahlobong ea beke tse peli ea likhaso lichaneleng tse ’nè tsa thelevishine tsa Brithani a ne a e-na le “puo e mpe, ho [rohakana] le/kapa nyefolo.”

Lihlooho tse joalo tsa litaba li bontša ho fapana ha sebele ha maikutlo. Ho batho ba bangata moqoqo o tletseng puo e sa hloekang oa tšosa ebile o hlohlontša litsebe. Ba bang ba bontša ho se tsotelle puo e joalo ka ho re ke e nang le motsoako e tloaelehileng, e sa reng letho. Leha ho le joalo, na puo e sa hloekang e lokela ho fumana sebaka moqoqong oa Bakreste, ba nkang kamano ea bona le Molimo le batho hammoho le bona e le ea bohlokoa?

Ke Hobane’ng ha e Tloaelehile Hakaale?

Puo e sa hloekang ke “mofuta ofe kapa ofe oa puo e tloaelehileng e mpe.” Ho nyefola, le ho rohakana li oela tlas’a tlhaloso ena. Lipuo tse sa hloekang li bontša bohale, haesita le ho bontša ho se ananele ka tsela e nyenyefatsang. Mary Marshall, mongoli oa buka Origins & Meanings of Oaths & Swear Words, o re “mahlapa le lithohako li oela tlas’a puo e buuoang ho feta e ngoloang.” Leha ho le joalo, libuka tse ngata li tletse puo e sa hloekang.

Ke hobane’ng ha puo e sa hloekang e atile hakaale? Batho ba bang ba nang le pokello e fokolang ea mantsoe ba ka ’na ba leka ho koala sekheo seo ka ho sebelisa haholo mantsoe a rohakanang. Ba bang ba sekamela puong e mpe ka morero oa ho hatisa taba. Ha e hlalosoa, puo e sa hloekang hangata e amahanngoa le maikutlo a ho teneha, ho ferekana maikutlong, le bohale. Ke ’nete, ba bangata ha ba talimane le maemo a lekang, ba lumella nyefolo ho tlōla melomong ea bona e le “ho itokolla . . . maikutlong a hateletsoeng.” ’Matlisisi Marshall o hlokomela hore ho index ea hae ea likarete tse hlophisitsoeng ka alfabeta ea mantsoe a mahlapa a Senyesemane e tenya haholo tlas’a mantsoe a qalang ka liluma-’moho tse bitsoang ka mahalapa (explosive) le tse sheshetsang (sibilant).

Le hoja ho rohakana ho ka bonahala ho imolla maikutlo a bona, ba bangata ba fumana hore puo e sa hloekang e tsoala puo e sa hloekang. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Puo e mpe e beseletsa mollo oa maikutlo. Ka mohlala, har’a sephethe-phethe sa makoloi toropong e ’ngoe ea Afrika Bophirima, mokhanni e mong ea halefileng o ile a tsoa ka koloing ea hae ho ea bua ka bohale le e mong eo koloi ea hae e neng e koetse tsela. Ha bohale bo ntse bo ea bo tota, puo e mpe e ile ea utloahala hohle, e mong a leka ho hlōla e mong ka mahlapa. Bakhanni ba bang ba neng ba emisitsoe ke bothata bona ba ile ba hlahisa lihlooho ka lifensetere tsa makoloi a bona ’me ba thoholetsa bana ba hlōlisanang ho eketsa mahlapa a bona.

Mahlapa a halalang motho a ka hlohloletsa puo e mpe. Ho ka ’na ha akareletsa mantsoe a bapisang mohlaseluoa le phoofolo kapa esita le kokoanyana, ho halala batsoali ba motho eo kapa baholo-holo bao ho belaeloang hore ba kile ba ba teng, mantsoe a lebisang tlhokomelo likarolong tse itseng tsa ’mele, hape, le ho hlohlontšang litsebe haholoanyane, nyefolo, le litlhaloso tse litšila tsa likamano tsa botona le botšehali.

Kamoo Molimo a Talimang Puo e sa Hloekang

Ka sebele, tšebeliso e mpe ea lebitso la bomolimo ke tlōlo e tebileng ea molao. Exoda 20:7 e re: “U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao.” Empa na ho hlokomoloha taelo ee ho ile ha beha kamano ea morapeli ea tlaelang ka lona le Molimo kotsing? E; Molao oo o tsoela pele: “Jehova a ke ke a latola molato oa ea tlaelang ka lebitso la hae.”

Ho bontša kamoo ho utloa taelo ena e neng e le ha bohlokoa ka teng, Bibele e tlaleha ka ntoa pakeng tsa Moiseraele le monna e mong. Monna eo o ile “a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka.” Molimo o ile a ahlola boemo boo joang? A laela: ‘Ea nyefolang lebitso la Jehova, a bolaoe.’ (Levitike 24:10-16) Le hoja o sa fane ka lintlha tse qaqileng tsa tšebeliso ena e mpe ea mantsoe, mohlala ona oa mangolo leha ho le joalo o fana ka pono ea Molimo ea puo le boitšoaro tse sa bontšeng tlhompho.

Mangolo a Segerike a Bakreste a bolela esale pele ka mehla ea rōna hore “ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba . . . banyefoli [ka Segerike, blaʹsphe·moi], . . . ba joalo u ba furalle.” (2 Timothea 3:1, 2, 5) Lentsoe la Segerike bla·sphe·miʹa le fetisa mohopolo oa puo e fetang feela ho se bontše tlhompho linthong tse halalelang. Ha e le hantle, moelelo oa lona o fetisa puo e kotsi le e etseletsang e utloisang motho e mong bohloko.

Batho bao puo ea bona e nang le mahlapa ba bonahatsa “botho ba khale” boo Bakreste ba eletsoang hore ba “bo hlobole” joaloka baki e nkhang hampe eo ba seng ba ke ke ba e sebelisa.a Moapostola Pauluse oa eletsa: “Lahlang le lōna ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itšena, le lonya, le linyefolo; ’me polelo e lihlong e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.” (Ba-Kolosse 3:8, 9; Ba-Efese 4:31) Ho feta moo, ka kōpo hlokomela hore ba rohakang le ho phaella ba bang ka mahlapa, bao Pauluse a ba hlalosang e le “ba litšila,” ba akarelelitsoe har’a ‘ba ke keng ba rua lefa la ’muso oa Molimo.’—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Nenang Puo e sa Hloekang!

Lerato la sebele bakeng sa Molimo le tla susumeletsa Mokreste ho etsa se Mo khahlisang. (1 Johanne 5:3) Joalokaha Molimo a bontša kameho bakeng sa batho bohle, le Mokreste ka ho tšoanang o tla batla ho bonahatsa boikutlo bo tšoanang kamoo a tšoarang ba bang ka teng, ka hona a utloe litaelo tse peli tse khōlō, e leng, ho rata Molimo le moahisani. (Mattheu 22:37-39, NW) Ka baka leo, “motho ka mong ho rōna a khahlise ngoan’abo ka ho ’matlela se molemo ho eena, se ka mo hahisang.” (Ba-Roma 15:2) Kahoo ipotse, ‘Na khetho ea ka ea mantsoe e utloisa bohloko kapa ea aha?’

Ntle le pelaelo, ho hloekisa puo ea motho ho ke ke ha ba bonolo haeba puo e sa hloekang e le tloaelo e tebileng. Leha ho le joalo, ho ka etsahala—ka ho thusoa. Moea oa Molimo o ka thusa motho ho fetola mekhoa ea ho bua. Leha ho le joalo, motho o lokela hore pele a ikemisetse ho hōlisa pokello ea mantsoe e tletseng mantsoe a molemo—ebe o e sebelisa ka mehla.—Ba-Roma 12:2.

“Leleme le khopameng le tla qhoishiloa,” ho boletse Morena ea bohlale Salomone. Kahoo se ke ua lumella litšila tsa puo e sa hloekang ho silafatsa puo ea hao. Ho e-na le hoo, e-ba le sepheo sa ho ba motho ea tsebang ho bua se hloekileng ’me e le ea se buang ka mosa!—Liproverbia 10:31, 32, Today’s English Version; Ba-Kolosse 4:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hlokomela Ba-Efese 5:3, 4 (NW) moo moelelo o nehang “taba e lihlong” le “mesoaso e mebe” mohopolo oa likamano tsa botona kapa botšehali. Ka hona, puo e mpe le mesoaso ea likamano tsa botona kapa botšehali ha ea tšoanela Bakreste.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela