Ke Hobane’ng ha ho na le Mekhosi e Mengata Hakaale ea Bohata?
Bofelo ba Lefatše—Bo Haufi Hakae?
HO PHETOA pale ea moshemane ea neng a alosa linku tsa batho ba motse. Bakeng sa ho tsosa morusu, ka letsatsi le leng o ile a hlaba mokhosi, “Phiri! Phiri!” empa ho ne ho se phiri. Batho ba motse ba ile ba tutumolotseha ba tšoere melamu ka morero oa ho ea leleka phiri, empa ba fumana hore phiri ha e eo. Sena e bile monyaka o moholo ho moshemane enoa hoo hamorao a ileng a hlaba mokhosi hape. Batho ba motse ba ile ba boela ba tutumolotseha ba tšoere melamu ea bona ’me ba ile ba fumana hore e sa boetse e le mokhosi o mong oa bohata. Ka mor’a moo phiri e ile ea fela ea tla, ’me moshemane enoa o ile a hlaba mokhosi, “Phiri! Phiri!” empa batho ba motse ba ile ba hlokomoloha mokhosi oo ka ho nahana hore ke o mong hape oa bohata. Ba ne ba thetsitsoe ka makhetlo a mangata haholo.
Ho joalo le ka ba phatlalatsang ho fela ha lefatše. Ho theosa le makholo a lilemo ho tloha mehleng ea Jesu, ho boletsoe esale pele lintho tse ngata haholo tse sa kang tsa phethahala hoo batho ba bangata ba seng ba sa li nke ka ho teba.
Gregory I, eo e bileng mopapa ho tloha ka 590 ho fihlela ka 604 C.E., lengolong le eang ho morena e moholo oa Europe, o ile a re: “Re lakatsa hore Morena Mohlomphehi a tsebe, hore joalokaha re ithutile mantsoeng a Molimo ea Matla ’Ohle ka Mangolong a Halalelang, bofelo ba lefatše la hona joale bo se bo le haufi le hore ’Muso o sa feleng oa Bahalaleli o atametse.”
Lekholong la bo16 la lilemo, Martin Luther, mothehi oa Kereke ea Lutere, o ile a bolela esale pele hore bofelo bo ne bo atametse. Ho latela mohloli o mong oa boitsebiso, o ile a re: “’Na, ke kholisehile hore letsatsi la kahlolo le haufi haholo.”
Ho ile ha tlalehoa sena mabapi le sehlopha se seng sa pele sa Mabaptiste: “Maanabaptiste a qalong ea Lekholo la bo16 la Lilemo a ne a lumela hore nako ea Lilemo tse Sekete e ne e tla fihla ka 1533.”
“Edwin Sandys (1519-1588), Moarekabishopo oa York le Moeta-pele oa Engelane . . . o re, . . . ‘Ha re kholiseheng hore ho tla hona ha Morena ho haufi.’”
William Miller, eo ka kakaretso a tlotlisoang bakeng sa ho ba mothei oa Kereke ea Sabbatha o ile a qotsoa a re: “Ke kholisehile ka ho feletseng hore neng-neng lipakeng tsa March 21, 1843, le March 21, 1844, ho latela mokhoa oa Bajode oa ho bala nako, Kreste o tla tla.”
Na ha lipolelo tse joalo tse boletsoeng esale pele li hlōleha ho ba ’nete ke bopaki ba hore batho ba li buileng ke baprofeta ba bohata ho latela seo Deuteronoma 18:20-22 e se bolelang? Lengolo leo le baleha tjena: “Empa ha e le moprofeta ea ipeang ka boikhohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba ee ke sa kang ka mo laela eona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la melimo esele, moprofeta eo a shoe. Ekare ha u re pelong ea hao: Na re tla khetha joang lentsoe le sa kang la boleloa ke Jehova? ke re: Etlare moprofeta eo, ha a bolela taba ka lebitso la Jehova, ’me taba e boletsoeng ke eena e sa hlahe, e sa etsahale etlaba ke taba eo Jehova a sa kang a e bolela.”
Ho na le batho ba bang ba bolelang bofelo ba lefatše esale pele ka tsela e hlollang bakeng sa ho hapa tlhokomelo le balateli, empa ba bang ka botšepehi ba kholisehile hore seo ba se bolelang ke ’nete. Ba bua ka litebello tse theiloeng litlhalosong tsa bona tsa mangolo a itseng kapa ketsahalong e ’ngoe e bonahalang. Ha ba bolele hore seo ba se buang ke litšenolo tse tobileng tse tsoang ho Jehova le hore ka kutloisiso ena ba profeta ka lebitso la Jehova. Kahoo, maemong a joalo, ha seo ba se buileng se sa phethahale, ha baa lokela ho talingoa joaloka baprofeta ba bohata ba joaloka bao ho hlokomelisitsoeng ka bona ho Deuteronoma 18:20-22. Liphosong tsa bona tsa botho, ba ile ba hlalosa litaba ka tsela e fosahetseng.a
Ba sa nyahamisoa ke ho hlōleha ha nakong e fetileng, ho ne ho bonahala hore ba bang ba susumelitsoe ke ho atamela ha selemo sa 2000 ba boletse lintho tse eketsehileng esale pele ka bofelo ba lefatše. The Wall Street Journal ea December 5, 1989, e ile ea hatisa sehlooho se reng “Takatso e Matla Haholo ea Nako ea Lilemo tse Sekete: Baprofeta ba Eketseha, Bofelo bo Haufi.” Ha selemo sa 2000 se atamela, baevangeli ba bangata ba bolela esale pele hore Jesu oa tla le hore lilemo tsa bo-1990 e tla ba “nako ea likhathatso tseo ho seng mohla li kileng tsa bonoa pele.” Nakong eo ho ngoloang sehlooho sena ka eona, ketsahalo ea morao-rao e etsahetse Rephabliking ea Korea, moo ’Mishone oa Matsatsi a Tlang o boletseng esale pele hore October 28, 1992, ka khitla, Kreste o tla tla le ho nkela balumeli leholimong. Lihlopha tse ling tse bolelang ka bofelo ba lefatše li boletse se tšoanang esale pele.
Moroallo oa mekhosi ea bohata ke bomalimabe. E tšoana le mekhosi ea phiri ea molisana—kapele-pele batho ba e hlokomoloha, ’me ha mokhosi oa sebele oa temoso o tla, le ’ona baa o hlokomoloha.
Empa ke hobane’ng ha ho bile le tšekamelo e joalo ea ho hlaba mekhosi ea bohata ho theosa le makholo a lilemo ho fihlela mehleng ea rōna, joalokaha Jesu a boletse hore ho tla ba joalo? (Mattheu 24:23-26) Ka mor’a hore Jesu a bolelle balateli ba hae ka liketsahalo tse fapaneng tse neng li tla tšoaea ho khutla ha hae, o ile a ba bolella seo re se balang ho Mattheu 24:36-42: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši. Empa joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng [“ho ba teng,” NW] ha Mor’a motho ho tla ba joalo. . . . Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena oa lōna a tla tla ka eona.”
Ha baa bolelloa feela hore ba lebele le ho itokisa empa hape ba lokela ho lebela ka taba-tabelo. Ba-Roma 8:19 e re: “Hobane tse bōpiloeng kaofela li lebeletse ponahalo ea bana ba Molimo ka hlolohelo e kholo.” Ka tlhaho haeba ka cheseho re lakatsa ntho le ho e laba-labela le ho e letela ka taba-tabelo, ho ba le takatso e matla ka hare ho rōna ea ho nahana hore litebello tsa rōna li tla phethahala nakong e tlang e haufi esita le hoja bopaki bo sa lekana. Ha re ntse re letile ka taba-tabelo ho ka hlajoa mekhosi ea bohata.
Joale, ke’ng e tla khetholla temoso ea ’nete ho ea bohata? Bakeng sa karabo, ka kōpo bona sehlooho se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki tsa Jehova ka baka la ho laba-labela ho tla hape ha Jesu, li ile tsa etsa litlhahiso tsa matsatsi ao ho ileng ha bonahala hore a fosahetse. Ka lebaka lena, ba bang ba ile ba li bitsa baprofeta ba bohata. Leha ho le joalo, maemong ana ha ho mohla li boletseng hore litebello tsa tsona li entsoe ‘ka lebitso la Jehova.’ Ha ho mohla li kileng tsa re, ‘Ana ke mantsoe a Jehova.’ Molula-Qhooa (oa Senyesemane), e leng koranta ea Lipaki tsa Jehova, e lumeletsoeng ka molao o ile oa re: “Ha re na neo ea boprofeta.” (January 1883, leqephe 425) “Kapa hona hore lingoliloeng tsa rōna ha lia lokela ho talingoa kapa ho nkoa e le tse sa foseng.” (December 15, 1896, leqephe 306) Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o boetse o bolela hore ’nete ea hore ba bang ba na le moea oa Jehova “ha e bolele hore ba sebeletsang joaloka Lipaki tsa Jehova ba bululetsoe. Sena ha se bolele hore se ngotsoeng limakasineng tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ke litaba tse bululetsoeng le tse hlokang liphoso.” (May 15, 1947, leqephe 157) “Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ha o bolele hore seo o se bolelang se bululetsoe, kapa hona ho hatella pono ea oona.” (August 15, 1950, leqephe 263) “Baena ba ngolang libuka tsena ba ka etsa liphoso. Seo ba se ngolang ha sea bululeloa joaloka se ngotsoeng ke Pauluse le bangoli ba bang ba Bibele. (2 Tim. 3:16) ’Me kahoo, ka linako tse ling, ho ’nile ha hlokahala hore ho lokisoe maikutlo ha kutloisiso e hlaka haholoanyane. (Liprov. 4:18)”—August 15, 1981, leqephe 18.