Karolo 5
Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
Ho Sebetsa ha “Limakatso” tsa Lekholo la bo20 la Lilemo
MOHLOMONG seo lekholong la bo19 la lilemo se neng se bonahala e le “limakatso” tse ke keng tsa etsahala, lekholong la bo20 la lilemo se fetohile ntho ea sebele. Nakong ea moloko o le mong, batho ba ile ba hatela pele ho tloha ho khanneng likoloi tsa bona tsa Model T Ford ho ea maikutlong a thabisang a ho shebella banna ba tsamaeang khoeling ho TV ea ’mala. Ho e-na le hore seo se talingoe e le mokhelo, kajeno “mehlolo” e hlahisitsoeng ke saense ka kakaretso e talingoa e le ntho e tloaelehileng.
The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Lintho tse finyeletsoeng ke saense mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo li ngata hoo li ke keng tsa lokolisoa.” Buka ena e bua ka “mohlala o tloaelehileng oa tsoelo-pele,” leha ho le joalo, e bolela hore “karolong e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō, tsoelo-pele e ne e itšetlehile ka katleho ea mosebetsi oa lekholo la bo19 la lilemo.” Sena se hatella ’nete ea hore saense ke ho batla ’nete ho tsoelang pele.
E Nkeloa Sebaka ke Lihlopha
Mekhatlo ea saense, e leng lihlopha tsa bo-rasaense tse ileng tsa kopana bakeng sa ho arolelana likhopolo le boitsebiso li ile tsa theoa Europe hoo e ka bang mathoasong a lekholo la bo17 la lilemo. Bakeng sa ho tsebahatsa lintho tsa morao-rao tse neng li sibolotsoe, mekhatlo ena ebile ea qala ho hatisa mahlaselinyana a eona. Sena se ile sa etsa hore ho abelanoe boitsebiso bo bongata bo sebelelitseng ho tiisa motheo oo tsoelo-pele e eketsehileng ea saense o neng o tla theoa holim’a oona.
Ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, liunivesithi li ne li ikakhetse ka setotsoana liphuputsong tsa saense, ’me lilemong tse latelang lilaboratori tsa tsona li ne li sibolotse lintho tsa bohlokoa.a Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, lifeme tsa khoebo le tsona li ne li theha lilaboratori tsa liphuputso, tseo ha nako e ntse e tsamaea li ileng tsa etsa meriana e mecha, lintho tsa maiketsetso (ho akareletsa le lipolasetiki), le lihlahisoa tse ling. Batho ba ile ba rua molemo linthong tsena ’me lifeme tse etsang liphuputso li fumane phaello ea liranta tse limillione.
Ho theoa ha lilaboratori tsena le lihlopha tse etsang liphuputso ho ile ha etsa tlhahiso ea ho etsa phuputso e hlophisitsoeng e etsoang ka sehlopha ho fapana le boiteko ba motho a le mong. Bo-rasaense ba bang ba ile ba belaela haeba sena e ne e le katamelo e molemo. Ka 1939, John D. Bernal, ngaka ea Ireland le setsebi sa X-ray le sebōpeho sa li-crystal, o ile a botsa potso ena: “Na saense e lokela ho tsoela pele ho hokahanya mosebetsi oa batho ba nang le tsebo ka mokhoa o sa hlophisehang, moo e mong le mong a hlalosang ho latela kutloisiso ea hae, kapa ho lokela ho lateloa lihlopha tsa basebetsi ba thusanang le ba kopanyang mosebetsi oa bona ho latela morero o itseng o feto-fetohang o nahannoeng e sa le pele?”
Ka baka la ho rarahana ha liphuputso le litšenyehelo tse phahameng, Bernal o ile a buella ho sebetsa ka lihlopha ’me a bolela hore bothata e ne e le kamoo ho ka hlophisoang mosebetsi ka ho nepahetseng ka teng. O ile a bolela e sa le pele: “Ka ho eketsehileng ho sebetsa joaloka sehlopha e tla ba mokhoa oa phuputso ea saense.” Hona joale, lilemo tse fetang 50 hamorao, ho hlakile hore Bernal o ne a nepile. Mokhoa ona o ’nile oa tsoela pele ’me o potlakisitse ho sebetsa ha “limakatso” tsa saense tsa lekholo la bo20 la lilemo.
“Molimo o Sebelitse Limakatso!”
Ka May 24, 1844, mantsoe ana a mane a makatsang a builoeng ka tšohanyetso a ile a fetisoa ka katleho ka thelefono ke Samuel Morse, moqapi oa Morse code bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 50. Metheo ea lekholo la bo19 la lilemo le latelang la bo20 ea “limakatso” tsa mekhoa ea puisano joale e ne e raloa.
Lilemo tse ka bang 30 hamorao, ka 1876, Alexander Graham Bell le Thomas Watson, mothusi oa hae, ba ne ba itokisetsa ho bona hore na transmitter e-ea sebetsa ha Bell a qhala asiti. Mohoo oa hae, “Monghali Watson, tl’o koano. Kea u hloka,” e bile ho fetang feela mohoo oa ho batla thuso. Watson a le ka kamoreng e ’ngoe, o ile a utloa molaetsa, ’me a hlokomela ka lekhetlo la pele hore ke molaetsa o bohlale o kileng oa romeloa ka thelefono, ’me a tla a potlakile. Le mehleng ea rōna batho ba ntse ba potlakela ho araba thelefono e llang.
Lilemong tse 93 tse fetileng, tsebo ea saense, e tsamaisanang le theknoloji, e nehile batho ba bangata ka ho eketsehileng lintho tse hlokahalang le mabotho-botho tseo ho seng mohla li kileng tsa finyelloa. Ho bonahala lefatše le le lenyenyane ka baka la mekhoa e potlakileng ea puisano le lipalangoang. Lintho tse neng “li ke ke tsa etsahala” li tloaelehile. Ha e le hantle, lithelefono, lithelevishine, likoloi le lifofane—le “limakatso” tse ling tse ngata tsa lekholo la bo20 la lilemo”—e se e le karolo ea lefatše hoo re lebalang hore moloko oa batho o ile oa phela nako e ngata ka ntle ho tsona.
The New Encyclopædia Britannica e hlokometse hore ha lekholo la lilemo le qala, “ho bonahala katleho e hlokomelehang ea saense e tšepisa tsebo le matla a mangata ka ho fetisisa.” Empa melemo ea khatelo-pele e entsoeng theknolojing ha ea thabeloa hohle ka tekanyo e tšoanang kapa hona ho bolela hore e molemo ka mokhoa o hlokang pelaelo. E ea eketsa: “Batho ba seng bakae ba ile ba khona ho bona mathata ao katleho ena e neng e tla a tlisa sechabeng sa bona le tikolohong ea bona.”
Ke’ng se Bakileng Mathata?
Ha ho phoso e ka fumanoang mabapi le linnete tsa saense tse re thusang ho utloisisa bokahohle hamolemo kapa theknoloji eo ka tsela e sebetsang e tsoelang batho molemo.
Ke khale lintho tsena tse peli—saense le theknoloji—li amana. Empa ho latela buka Science and the Rise of Technology Since 1800, “kamano ea tsona e haufi-ufi, eo hona joale e tloaelehileng, e ne e sa tiea ka botlalo ho fihlela morao tjena.” Ka ho hlakileng, esita le karolong e qalang ea phetoho e khōlō e tšoailoeng ka ho kenngoa ha mechine tšebetsong, kamano ena e ne e se matla haholo. Le hoja tsebo e fumanoeng bocha ea saense e tlatselitse ho etsoeng ha lihlahisoa tse ncha, ho bile joalo le ka phihlelo ea mesebetsi ea matsoho le tsebo ea mechine.
Leha ho le joalo, ka mor’a hore phetoho e qale, tsebo e makatsang ea saense e ile ea eketseha ka potlako ’me ka ho etsa joalo ea rala motheo o batsi haholoanyane moo theknoloji e neng e ka sebeletsa teng. Ka lebaka la tšusumetso ea tsebo e ncha, theknoloji e ile ea leka litsela tse fapaneng tsa ho fokotsa bokhoba ba ho sebetsa ka thata, ho ntlafatsa bophelo bo botle le ho khothaletsa lefatše le molemonyana le le thabileng haholoanyane.
Empa theknoloji ha e molemo ho feta tsebo ea saense eo e theiloeng holim’a eona. Haeba tsebo ea saense e le phoso, tsoelo-pele leha e le efe ea theknoloji eo e theiloeng ho holim’a eona ka ho tšoanang e tla ba phoso. Hangata, liphello tsa seo li hlaka haholo feela ha ho se ho entsoe kotsi e khōlō. Ka mohlala, ke mang ea boneng e sa le pele hore ho sebelisa li-spray tse nang le li-chlorofluorocarbon kapa li-hydrocarbon ka letsatsi le leng li tla senya lera la ozone le sireletsang lefatše?
Ho na le ntho e ’ngoe hape e amehang—takatso. Rasaense ea inehetseng a ka ’na a thahasella tsebo ka boeona ’me a ka ikemisetsa ho qeta lilemo tse mashome tsa bophelo ba hae a etsa phuputso. Empa rakhoebo, eo mohlomong a thahasellang haholoanyane ho etsa phaello, o laba-labela ho sebelisa tsebo eo hang-hang. Ke ralipolotiki ofe ea tla leta ka mamello mashome a lilemo pele a sebelisa theknoloji eo a nahanang hore mohlomong e tla mo neha matla a bopolotiki haeba a e sebelisa hang-hang?
Ngaka Albert Einstein o ile a khetholla bothata bona ha a re: “Matla a lokolotsoeng a athomo a fetotse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ntle ho mekhoa ea rōna ea ho nahana ’me kahoo re lebile tlokotsing eo ho seng e lekanang le eona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E, a mangata a mathata a bakiloeng ke “limakatso” tsa lekholo la bo20 la lilemo ha a hlaha ka lebaka la tsebo e fosahetseng ea saense feela empa hape a bakiloe ke theknoloji e potlakileng le e sa laoloeng e susumetsoang ke lithahasello tsa boithati.
Saense e ile ea sibolla hore molumo le pono li ka fetisetsoa libakeng tse hōle—ka thelevishine. Theknoloji e ile ea ntšetsa pele tsebo ea ho etsa joalo. Empa e bile monahano o fosahetseng ka lehlakoreng la khoebo e meharo le bareki tse entseng hore tsebo ena e babatsehang le theknoloji li sebelisoe ho fetisetsa litšoantšo tsa bootsoa le lipono tse mabifi tsa lipolao ka matlung moo ho renang khotso.
Ka mokhoa o tšoanang, saense e sibollotse hore matter e ka fetoloa hore e be matla. Theknoloji e ile ea ntšetsa pele tsebo ea ho etsa joalo. Empa e bile ka monahano o mobe ka lehlakoreng la boralipolotiki ba nang le bochaba hore ba sebelise tsebo ena le theknoloji ho etsa libomo tsa nuclear tse ntseng li leketla joaloka Sabole ea Damocles ka holim’a lihlooho tsa batho ba lefatše.
Ho Boloka Saense Sebakeng sa Eona se Loketseng
Sena se tsoela pele ho senola monahano o fosahetseng oa batho haeba ba lumella lisebelisoa tse tsoetseng pele tsa theknoloji tse neng li entsoe makhoba hore li fetohe benghali ba tsona. Makasine oa Time o ile oa hlokomelisa ka kotsi ena ka 1983 ha o ne o khetha, eseng motho ea bileng le tšusumetso e matla liketsahalong tsa selemo se fetileng, empa o ile oa khetha computer joaloka “mochine oa selemo.”
Time e ile a fana ka mabaka: “Kaha batho ba tšepile hore computer e etse lintho tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa ka hlooho, ho etsahetse’ng ka lihlooho tsa bona? . . . Haeba buka e hlalosang mantsoe e bolokiloe ho memory ea computer e ka tseba ho lokisa liphoso leha e le life tsa mopeleto habonolo feela, molemo oa ho ithuta ho peleta ke ofe? ’Me haeba monahano o lokoloha linthong tse bohlale tse etsoang ka mehla, na o tla ikitlaetsa ka matla ho phehella likhopolo tsa bohlokoa kapa na betsoa o tla qeta nako ea oona ka lipapaling tse eketsehileng tsa video? . . . Na ka sebele computer e hlile e susumetsa boko hore bo sebetse, kapa ka ho etsa mosebetsi o mongata hakaale oa boko, e lumella matla a boko ho fokotseha?”
Leha ho le joalo, batho ba bang ba khahloa ke lintho tse finyeletsoeng ke saense hoo ba e phahamisetsang boemong ba hore e rapeloe joaloka molimo. Rasaense Anthony Standen o ile a bua ka sena bukeng ea hae ea 1950 Science Is a Sacred Cow. Esita le haeba re ka lumella pheteletso e itseng, ho molemo ho nahana ka seo Standen a se bolelang: “Ha rasaense ea apereng liaparo tse tšoeu . . . a etsa tsebiso e itseng e nang le matla sechabeng ka kakaretso, mohlomong a ke ke a utloisisoa, empa bonyane seo a se buang se tla lumeloa. . . . Ba boholong, litsebi tsa lifeme, baruti ba bolumeli, baeta-pele ba loanelang litokelo tsa batho, bo-rafilosofi, kaofela ba hlongoa lipotso le ho nyatsuoa, empa bo-rasaense—ha ho mohla ba hlongoang lipotso. Bo-rasense ke batho ba phahamisitsoeng haholo ba leng sehlohlolong sa botumo ba ho tsebahala, hobane ba na le mokhoa oa bona o le mong ‘Sena se pakiloe ke saense . . . ’ o bonahalang o na le matla a ho thibela ho se lumellane leha e le hofe.”
Ka lebaka la monahano ona o fosahetseng, batho ba bang ba nka se bonahalang eka ke ho ikhanyetsa ha saense le Bibele e le bopaki ba “bohlale” ba saense bo hanyetsanang le “tumela-khoela” ea bolumeli. Ba bang ba nka sena se bonahalang e le ho ikhanyetsa e le bopaki ba ho latola boteng ba Molimo. Leha ho le joalo, bonneteng hase hore Molimo ha o teng empa ho e-na le hoo ba nahana ka ho ikhanyetsa hoo baruti ba ho bakileng ka ho hlalosa Lentsoe la hae ka mokhoa o fosahetseng. Ka ho etsa joalo ba rohaka Mongoli oa Bibele ’me ka nako e tšoanang ba sitisa moloko oa batho ho tsoela pele ho batla ’nete ea saense.
Ho phaella moo, ka ho hlōleha ho koetlisa balateli ba bona ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo, baeta-pele bana ba bolumeli ba hōlisa boikutlo ba boithati bo etsang hore batho ba nahane feela ka litakatso tsa bona tsa boiketlo ba botho le molemo. Hangata sena se etsoa ka ho ntša batho ba bang kotsi, esita le ho isa ntlheng ea ho sebelisa tsebo ea saense hampe ho bolaea batho ba bang.—Ba-Galata 5:19-23.
Bolumeli ba bohata, lipolotiki tsa batho ba sa phethahalang le khoebo e meharo li fetotse sebōpeho sa batho hoo hona joale e leng “baithati, . . . ba hlokang teboho . . . ba sa tsebeng ho itšoara,” baithati ba susumetsoang ke monahano o fosahetseng.—2 Timothea 3:1-3.
Bana ke bona batho le mekhatlo e bakileng liphephetso tsa lekholo la bo21 la lilemo tseo joale saense e tlamehang ho sebetsana le tsona. Na e tla atleha? Bala karabo sehloohong se latelang sa ho qetela letotong lena.
Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, phuputso e ngata bakeng sa lenaneo le potlakileng la Morero oa Manhattan United States le ileng la etsa bomo ea athomo, le ile la etsoa lilaboratoring tsa liphuputso Univesithing ea Chicago le Univesithing ea California, Berkeley.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Haeba tsebo ea saense e na le phoso, tsoelo-pele eo e theiloeng ho holim’a eona e tla ba phoso
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]
Hase lintho tsohle tse finyeletsoeng ke saense tse leng molemo
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 19]
From the Collections of Henry Ford Museum & Greenfield Village
NASA photo