Tlhalo Moo Bochabela bo Kopanang le Bophirimela
Ka mongolli oa Tsoha! Japane
“E RE le ’na ke khaotse mosebetsing oa ka.” Mantsoe ana a ile a makatsa motsamaisi oa lefapha ea neng a khaotsa ho sebetsa k’hamphaning e khōlō ea thekiso ea Japane. Mosali oa hae o ne a batla ho khaotsa ho ba molekane oa hae le ho mo hlokomella lelapa. Naha ea bona e na le keketseho palong ea eona ea tlhalo ’me ka ho makatsang, e ama ba lilemong tse mahareng le ba hōlileng. Har’a ba lilemong tsa bo-50 le bo-60, palo ea tlhalo e ile ea imena hararo lilemong tse 20. Ho qhala lenyalo ho bonahala e se e le monyetla oa bona oa ho qetela oa ho fumana bophelo bo thabileng haholoanyane.
Ka lehlakoreng le leng la tekanyo ea lilemo, banyalani ba bacha ba tenehelanang maetong a bona a batho ba qetang ho nyalana ba etsa qeto ea ho ba le Narita rikon (tlhalo ea Narita). Narita ke boema-fofane ba machaba ba Tokyo, ’me polelo ena e bolela ka banyalani ba qetang ho nyalana ba salisanang hantle ’me ba qhala lenyalo la bona ha ba khutlela Narita. Ha e le hantle, banyalani ba le bang ho ba bane kapa ba bahlano ba leka ho fumana tlhalo Japane. Ba talima tlhalo e le monyako o lebisang bophelong bo thabileng haholoanyane.
Esita le Hong Kong, moo litekanyetso tsa khale tsa boitšoaro tsa Machaena li sa ntseng li le matla, palo ea tlhalo e ile ea imena ho feta habeli lilemong tse tšeletseng tse pakeng tsa 1981 le 1987. Singapore, tlhalo har’a Mamosleme le bao eseng Mamosleme e eketsehile ka hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong pakeng tsa 1980 le 1988.
Ho ka lumeloa hore maikutlo a basali Bochabela a ile a hatelloa ka nako e telele. Ka mohlala, mehleng ea boholo-holo Japane, monna o ne a ka hlala mosali oa hae ka mongolo oa “mela e meraro le halofo” feela. Sohle seo a neng a lokela ho se etsa e ne e le ho ngola mela e meraro le halofo e leng polelo e tiisang tlhalo ’me a nehe mosali oa hae pampitšana eo. Ka lehlakoreng le leng, mosali oa hae o ne a se na tsela e bonolo ea ho fumana tlhalo ka ntle le ho balehela tempeleng e fanang ka tšireletseho ho basali ba balehang ho banna ba bona ba bahatelli. Basali ba ne ba lokela ho mamella manyalo a se nang lerato esita le likamano tsa ka ntle ho lenyalo tsa banna ba bona kaha ba se na tsela ea ho itjara.
Kajeno, banna ba bangata ba amehileng haholo mosebetsing oa bona ba hlokomolohile malapa a bona ka ho feletseng. Ba bona ho se letho le phoso ka ho phelela k’hamphani ea bona. Ka boinehelo bo joalo mosebetsing, ba hlokomoloha tlhoko ea basali ea ho buisana ’me ba ba talima joaloka basebetsi ba sa lefshoeng ba phehang, ba hloekisang, le ba hlatsoang liaparo tsa bona.
Leha ho le joalo, ho ata ha likhopolo tsa Bophirimela ho fetola tsela eo basali ba Bochabela ba talimang lenyalo le bophelo ba lenyalo ka eona. Asia Magazine ea hlokomela: “Ka ho hlakileng, ‘tokoloho’ ea basali ke lebaka le le leng la bohlokoa ka ho fetisisa le lebisang palong e phahamang ea tlhalo Asia.” Anthony Yeo, motsamaisi oa Lefapha la Keletso le Tlhokomelo la Singapore, o itse: “Basali ba se ba tiile haholoanyane ka litokelo tsa bona ’me ba elelloa haholoanyane seriti sa bona. Ha ba sa ikemiselitse ho lula le ho mamella boemo bo bobe ba sa re letho. Basali ba kajeno ba na le likhetho tse eketsehileng le mamello e nyenyane ea ho hlokomolohuoa le ho hlekefetsoa. ’Me tlhalo ke khetho ea sebele bakeng sa ba sitoang ho fumana thabo lenyalong, haholo-holo ha tlhalo e se e sa nkoe e le lihlong ’me e sa hlole e tšoana le lilemong tse 25 tse fetileng.”
Linaha tsa Bophirimela le tsona li ile tsa fetoha ka ho tebileng lilemong tse ka bang 25 tse fetileng. Samuel H. Preston o ile a bitsa phetoho eo “ntho e ileng ea sisinya haholo malapa a Amerika lilemong tse 20 tse fetileng.” Ka 1985 hoo e ka bang kotara ea malapa ’ohle a nang le bana ba ka tlaase ho lilemo tse 18 e ne e le malapa a motsoali a le mong, a mangata ka lebaka la tlhalo. Ho boleloa esale pele hore karolo ea 60 lekholong ea bana ba tsoetsoeng ka 1984 ba ka ’na ba phela lelapeng la motsoali a le mong pele ba fihla lilemong tse 18.
Ha tokisetso ea lenyalo e fokola, na ruri tlhalo ke monyako o lebisang bophelong bo thabileng haholoanyane? Ho araba e re pele re hlahlobeng se ileng sa etsa hore batho ba talime tlhalo e le makhona-tsohle mathateng a lelapa.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Litholoana tsa “ho Lula Ntlong e le ’Ngoe Empa ba Phela Joalokaha Eka ba Hlalane”
KA TLAASE ho palo ea tlhalo ea sebele ho na le tlhalo “e sa bonahaleng.” Japane, moo basali ba bangata ba ntseng ba itšetlehile ka banna ba bona bakeng sa chelete ’me ba le tlas’a neano e tsoelang pele ea ho hatelloa ke banna, banyalani ba ka ’na ba lula ntlong e le ’ngoe ba sa rate, boemong bo bitsoang “ho lula ntlong e le ’ngoe empa ba phela joalokaha eka ba hlalane.” Boemong bo joalo, basali ba sekamela ho lebisa tlhokomelo eohle ea bona ho hōliseng bana. Hangata bo-mè bana ba sireletsa bana ho tlōlisa, ho etsang hore ho be thata bakeng sa bana ho ikemela ka bobona hamorao.
Ka lebaka leo, ha bara ba bo-’mè ba joalo ba hōla ’me ba nyala, ba bangata ba ba le “boikutlo ba ho se batle ho thetsoa.” Bana ha ho mohla ba thetsang basali ba bona ho hang ho ba bontša lerato, esita le ka mor’a lilemo tse ’maloa tsa bophelo ba lenyalo. Ba tšoeroe ke ho bitsoang bothata ba “ke rata ’Mè” (ho batla tlhokomelo ea ’mè ka mehla) ’me hangata ba nyetse hobane bo-’mè ba bona ba ba boleletse hore ba etse joalo. Ho ea ka Asahi Evening News, Dr. Yasushi Narabayashi, eo e leng setsebi sa ho eletsa ka manyalo, o re bothata bo ’nile ba eketseha lilemong tse leshome le hore ho na le banna ba likete tse mashome ba tšabang ho batla keletso hobane ba le lihlong ho etsa joalo.