Lipaki tsa Jehova Lia Sireletsoa Ntoeng ea Tokelo ea Molao ea ho Nka Ngoana
INGRID HOFFMANN o ’nile a loanela ho boloka tokelo ea molao ea ho nka bana ba hae ba babeli ho tloha bohareng ba lilemo tse leshome tse fetileng. E le mosali oa Austria, o ile a tsoaloa ’me a hōlisoa e le Mok’hatholike oa Roma. O ile a nyaloa ke Mok’hatholike oa habo, ’me ka 1980 o ile a beleha mor’a ’me ka 1982 a beleha morali. Empa ka 1983 banyalani bana ba ile ba hlalana; batsoali ka bobeli ba ile ba batla tokelo ea molao ea ho nka bana. Ntate o ile a qosa ka hore bolumeli ba ’mè—kaha o ne a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova—bo ne bo tla ntša bana kotsi, bo ba amohe khōlo e tloaelehileng le e loketseng. O ile a qotsa lintho tse kang ho hana ha Lipaki ho keteka matsatsi a itseng a phomolo a tloaelehileng naheng ea habo le ho hana ha tsona litšelo tsa mali.—Liketso 15:28, 29.
Mabaka ana a sa utloahaleng a ile a hlōleha ho kholisa lekhotla. Lekhotla la sechaba hammoho le la boipiletso a ile a qhelela litseko tsa ntate thōko ’me a neha ’mè tokelo ea molao ea ho nka bana. Leha ho le joalo, ka September 1986, Lekhotla le Phahameng la Austria le ile la fetola liqeto tsa lekhotla le tlaasana. Le ile la tsitlallela hore liqeto tsena li tlōtse Molao oa Thuto oa Bolumeli Austria, e leng molao o batlang hore bana ba tsoetsoeng ke Mak’hatholike ba rutoe joaloka Mak’hatholike. Hape lekhotla le ile la hanana le qeto ea hore ho ne ho ke ke ha e-ba molemong oa bana bao hore ba hōlisoe e le Lipaki tsa Jehova!
Ingrid Hoffmann o ile a retelehela ho mang bakeng sa thuso khahlanong le lehloeo le totobetseng joalo la bolumeli? Ka February 1987 nyeoe ea hae e ile ea tlisoa ka pel’a Moifo oa Europe oa Litokelo tsa Botho. Ka April 13, 1992, moifo ona, o entsoeng ka sehlopha sa baahloli ba emetseng Linaha tsa Moruo tsa Europe, o ile oa lebisa nyeoe eo hore e il’o mameloa ka ho feletseng Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho.
Ka June 23, 1993, lekhotla le ile la etsa qeto. Qeto e itse: “Ka hona Lekhotla la Europe lea lumela hore ho bile le phapang ho sebetsoeng ha nyeoe ena le hore phapang eo e ne e le motheong oa bolumeli; qeto ena e tšehetsoa ke mabaka a ngotsoeng e le maikutlo a Lekhotla le ka Holimo-limo [la Austria] mabapi le liphello tse molemo tsa bolumeli ba mokōpi. Phapang e joalo ha ho sebetsanoa le nyeoe ke e nang le khethollo.” [Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.] Le boetse la hlokomela hore Lekhotla le ka Holimo-limo “le ile la seka-seka linnete ka ho fapaneng le lekhotla la sechaba le la boipiletso, ’me mabaka a ’ona a ne a tšehelitsoe haholoanyane ke maikutlo a bohlale ba litsebi. Khahlanong le mabaka leha e le afe a ka bang teng a hananang le sena, khethollo eo ka ho feletseng e thehiloeng ho se tšoaneng ka bolumeli feela ha e amohelehe.”
Ka voutu ea baahloli ba bahlano ba sa lumellaneng khahlanong le ba bane, baahloli ba ile ba lumellana le Ingrid Hoffmann le ho ba khahlanong le Austria, ba bolela hore Austria e bontšitse khethollo khahlanong le eena motheong oa bolumeli ba hae ’me e ne e tlōtse tokelo ea hae ea ho hlokomela lelapa la hae. Ho feta moo, ka livoutu tsa baahloli ba robeli ba sa lumellaneng khahlanong le a le mong, baahloli ba ile ba mo lefa chelete ea hae ea litšenyehelo.
Tlhōlo ena e hlollang bakeng sa tokoloho ea bolumeli e ile ea tla khoeli feela ka mor’a tlhōlo e ’ngoe hona lekhotleng le tšoanang—nyeoe ea Kokkinakis v. Greece, e ileng ea tiisa hore Greece e ne e tlōtse tokelo ea motho ea ho ruta Lentsoe la Molimo ka ntlo le ntlo. Lefatšeng lohle barati ba tokoloho baa thaba ha boiteko bo joalo ba ho hatella tokoloho ea bolumeli bo hanyetsoa ka katleho ’me litokelo tsa botho tsa ho rapela Molimo le ho hlokomela lelapa ho ea ka melao-motheo ea Bibele li sireletsoa.