Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 12/8 leq. 3
  • Maloetse a Bolaeang a Solla ka Bolokolohi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maloetse a Bolaeang a Solla ka Bolokolohi
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Maloetse a “Phekolehang” a Boea Sekoele?
    Tsoha!—1993
  • Lefu le Tsamaea ka Mapheo a Bobebe
    Tsoha!—1994
  • Seo u lokelang ho se tseba ka Malaria
    Tsoha!—2015
  • Ho Khutlela Linthong Tsa Motheo Tse Loantšang Malaria
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 12/8 leq. 3

Maloetse a Bolaeang a Solla ka Bolokolohi

MARGARET a ferekane maikutlong o ile a batla phekolo ha mor’a hae Tito a ne a tšoeroe ke “malaria.” Meriana e meraro, ho akareletsa le “chloroquine” e rorisoang haholo, e ile ea sebelisoa. Leha ho le joalo, Tito o ile a shoa—a le likhoeli li robong feela.

Kenya, habo Margaret, tlokotsi e joalo e etsahala hangata. “Newsweek” ea tlaleha: “‘Anopheles gambiae,’ e leng mofuta o ka sehloohong oa menoang e nang le ‘malaria,’ e tsoela pele ka katleho karolong ena ea lefatše. Bana bona ha ba tsoele pele ka katleho. Karolo ea bohlano lekholong ea bona e bolaoa ke ‘malaria’ pele e fihla lilemong tsa ho kena sekolo.”

Ka 1991 lefuba le ile la bolaea batšoaruoa ba 12 le molebeli oa teronko Seterekeng sa New York, U.S.A. Dr. George DiFerdinando, e monyenyane, o re: “Re tla le laola literonkong, empa bothata ba sebele ke hore na hona joale le tla le laola joang ha e le moo le se le metse ka metso sechabeng?”

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o tlaleha hore ba limilione tse likete li 1,7—e leng hoo e ka bang karolo ea boraro ea baahi ba lefatše—ba na le kokoana-hloko ea lefuba ’me ba ka tšoaetsa ba bang. Selemo ka seng, ba limilione tse robeli ho bana ba hlile ba tšoaroa ke lefu lena, ’me ba limilione tse tharo baa shoa.

Sepetleleng sa New York, lesea la ngoananyana le ile la hlaha libeke tse 11 pele ho nako ea lona, empa sena e ne e mpa feela e le bo bong ba mathata a lona. Ho eboha letlalo matsohong a lona, liso tse maotong, ho ruruha sebete le lebete, kaofela li ile tsa fana ka bopaki bo hlakileng ba hore le ne le tšoaelitsoe mokaola ha le ntse le le ka pōpelong ea ’m’a lona.

“The New York Times” e tlaleha hore: “Masea a mang a holofatsoa habohloko ke boloetse ha a sa le lipōpelong tsa bo-’m’a ’ona hoo a shoang le pele a hlaha. A mang a ’maloa a shoa hang feela hoba a hlahe, a mang a hlaha a na le maqeba a tšabehang a phunyehang nakong ea pelehi.”

“Malaria,” lefuba le mokaola—maloetse ana a mararo kaofela ho ne ho nahanoa hore aa laoleha le hore a haufi le ho felisoa ka ho feletseng mashomeng a ’maloa a lilemo a fetileng. Ke hobane’ng ha hona joale a boea sekoele ka matla hakaale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela