Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 12/8 maq. 4-7
  • Ke Hobane’ng ha Maloetse a “Phekolehang” a Boea Sekoele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Maloetse a “Phekolehang” a Boea Sekoele?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Malaria—E Sokela Hoo e ka Bang Halofo ea Lefatše
  • Lefuba—’Molai oa Khale ka Maqheka a Macha
  • Mokaola—O Boea Sekoele ka ho Bolaea
  • Na Pheko e Haufi?
  • Lefuba le Boea Sekoele!
    Tsoha!—1996
  • Boitšireletso bo Bocha Toantšong ea Lefuba
    Tsoha!—1999
  • Tlhōlo le Tlokotsi
    Tsoha!—1998
  • Maloetse a Bolaeang a Solla ka Bolokolohi
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 12/8 maq. 4-7

Ke Hobane’ng ha Maloetse a “Phekolehang” a Boea Sekoele?

LEHAE le sa tsoa hloekisoa ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ha matsatsi, libeke le likhoeli li feta, butle-butle lerōle le litšila li qala ho hlahella hape. Ka hona, ho hloekisa ka ho feletseng hanngoe feela ha hoa lekana. Ho hlokahala tlhokomelo e tsoelang pele.

Ka nako e itseng ho kile ha bonahala eka phekolo ea meriana ea kajeno e felisitse malaria, TB (tuberculosis [lefuba]), le mokaola. Empa hangata tlhokomelo e hlokahalang ka ho etsa lipatlisiso le phekolo li ’nile tsa hlokomolohuoa. Hona joale “lerōle le litšila” li hlahile hape. Dr. Hiroshi Nakajima oa WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]) o re: “Lefatšeng ka bophara, boemo ba malaria bo tebile ’me bo ntse bo mpefala haholoanyane.” Setsebi se khethehileng sa lefuba Dr. Lee Reichman se lemosa hore: “Batho ba lokela ho hlokomela hore TB e boile sekoele—ka sekhahla se tšabehang.” ’Me mathoasong a leshome lena la lilemo The New York Times e ile ea tsebisa hore: “Ho tloha ka 1949 liketsahalo tse ncha tsa mokaola li boemong bo phahameng ka ho fetisisa.”

Malaria—E Sokela Hoo e ka Bang Halofo ea Lefatše

Hona joale, hoo e ka bang lilemo tse 40 ho tloha ha ho phatlalatsoa hore e batla e felisitsoe ka ho feletseng, malaria e hlahisa tšokelo e tebileng Afghanistan, Brazil, Cambodia, Chaena, India, Indonesia, Sri Lanka, Thailand, Vietnam le likarolong tse sa tšoaneng tsa Afrika. Koranta ea Fora Le Figaro e tlaleha hore: “Bana ba babeli ba bolaoa ke tšoaetso motsotso o mong le o mong.” Lenane la ba shoang selemo le selemo ke limilione tse peli—e leng ba fetang hōle ba bolaoang ke AIDS.

Batho ba ka bang limilione tse 270 ba tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea malaria, empa ho nahanoa hore ba limilione tse likete tse 2,2 ba kotsing ea ho tšoaetsoa ke malaria. Phyllida Brown o botsa tjena ho New Scientist: “Ho tla joang hore malaria, eo pele e neng e felisitsoe kapa e laoloa haholo bakeng sa karolo ea 90 lekholong ea baahi ba lefatše, ebe joale e sokela karolo e fetang 40 lekholong ea rōna?” Mabaka a mangata.

Ho rengoa ha meru le ho subuhlellana ha batho ka bongata sebakeng se le seng. Ho lula ha batho libakeng tsa meru ea moo ho nang lipula tsa litloebelele tse nang le monoang o mongata ho bakile seoa sa malaria Brazil. Setsebi sa ho itšireletsa ha ’mele maloetseng Claudio Ribeiro se bolela hore: “Seo re se entseng e bile ho hlasela tikoloho ea monoang.” O bolela hore baahi “ba ne ba se na phihlelo ka malaria ’me ba se na mokhoa oa ho thibela boloetse bona.”

Ho falla. Baphaphathehi ba batlang mosebetsi ba tsoang Myanmar ba subuhlellana ka bongata merafong ea mahakoe a bohlokoa ea Borai, toropo e nyenyane ea Thailand. Newsweek ea tlaleha: “Ho falla ha bona ho sa khaotseng ho thatafatsa taolo ea malaria ka ho feletseng.” Ho tlalehoa liketsahalo tse ka bang 10 000 tsa malaria khoeli le khoeli—har’a basebetsi ba merafo feela!

Bohahlauli. Ba bangata ba etelang libakeng tse nang le malaria ba khutlela hae ba tšoaelitsoe. Ka hona, ka 1991 ho ile ha hlahlojoa liketsahalo tse ka bang 1 000 United States le tse 10 000 Europe. Selemo le selemo bahahlauli ba makholo le basebetsi ba mose-ho-maoatle ba khutlela Canada ba tšoaelitsoe. Ketsahalong e ’ngoe e tšosang, bana ba babeli ba ile ba tšoaroa ke feberu hang feela hoba lelapa le khutle Afrika. Ngaka e ne e sa belaele hore e ka ba malaria. Globe and Mail ea Toronto e tlaleha hore: “Ha batsoali ba ba isa sepetlele, e ne e se e le morao haholo. Ba ile ba shoa ka lihora tse latellanang.”

Mefuta ea “malaria” e hanang meriana. WHO e tlaleha hore mefuta ea malaria e hanang meriana e nametse likarolong tse fapaneng tse chesang tsa Afrika. Ka Boroa-bochabela ho Asia, Newsweek e bolela hore, “ho hlōleha ha meriana ho ntse ho eketseha ka potlako hoo mefuta e meng ea malaria haufinyane e ke keng ea phekoleha.”

Khaello ea chelete. Libakeng tse ling litleliniki ha li na thepa ea ho etsa tlhahlobo e pala e tsejoang e le blood smear. Libakeng tse ling karolo e khōlō ea chelete e beheletsoeng ka thōko bakeng sa bophelo bo botle e hlokahala bakeng sa maemo a mang a tšohanyetso, e leng ho fellang ka khaello ea li-bolaea-likokoanyana le meriana. Ka linako tse ling lebaka ke la ho etsa phaello. New Scientist ea lumela: “Ha ho na phaello maloetseng a libakeng tse chesang hobane ka kakaretso, ba tšoaelitsoeng ha ba khone ho lefella meriana.”

Lefuba—’Molai oa Khale ka Maqheka a Macha

Ka 1947 ho ile ha hlahisoa streptomycin, sethethefatsi se neng se tšepisa tabeng ea ho laola lefuba. Ka nako eo, ho ne ho nahanoa hore lefuba le tla felisoa ka ho feletseng. Empa ka tšohanyetso ho hlokometsoe hore boemo bo se bo le bobe linaheng tse ling: lilemong tsa morao tjena manane a TB a phahame ka ho hlokomelehang. The Washington Post ea tlaleha: “Libakeng tseo ho tsona bofuma bo jeleng setsi Amerika, manane a TB a mabe ho feta a linaha tse futsanehileng ka ho fetisisa tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara.” Côte d’Ivoire ho na le seo koranta e ’ngoe e se bitsang “ho tsoha hape ho sehlōhō ha lefuba.”

Dr. Michael Iseman oa tletleba: “Re ne re tseba ho le phekola. Re ne re khona ho le laola. Empa ka tsela e itseng re ile ra hlōleha ho le felisa nyele.” Ke eng e ileng ea sitisa ntoa khahlanong le lefuba?

AIDS. Kaha e siea motho a se na tšireletso khahlanong le ho tšoaetsoa, ho nahanoa hore AIDS ke eona sesosa se ka sehloohong sa hore TB e boee sekoele. Dr. Iseman o re: “Haeba ba sa bolaoe ke sesosa se seng pele, hoo e ka bang bakuli ba etsang karolo ea 100 lekholong ba tšoeroeng ke AIDS ba nang le kokoana-hloko ea TB ba tla tšoaroa ke eona.”

Tikoloho. Literonko, mahae a kokelo, matlo a batho ba se nang mahae, lipetlele le litsi tse ling li ka fetoha libaka tse ntšetsang lefuba pele ka matla. Dr. Marvin Pomerantz o hlalosa hore tšebeliso ea phekolo e ntšang mosi sepetleleng se seng e ile ea eketsa ho khohlola ha bakuli ba tšoeroeng ke pneumonia ka hona ha hlahisa seoa sa TB har’a basebetsi ba bangata ba sepetlele.

Khaello ea chelete. Hang ha ho bonahala eka lefuba lea laoleha, chelete e ile ea qepha, ’me tlhokomelo ea sechaba ea leba ’nģa e ’ngoe. Dr. Lee Reichman o re: “Ho e-na le ho felisa TB, re ile ra felisa mananeo a reretsoeng ho sebetsana le ho felisa lefuba.” Setsebi sa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang Patrick Brennan se re: “Mathoasong a bo-1960 ke ne ke sebelitse ka thata mabapi le sethethefatsi se loantšang TB empa ka etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi oo hobane ke ne ke nahana hore TB e phekotsoe.” Ka hona, ho boea sekoele ha lefuba ho tsomelitse lingaka tse ngata. Ngaka e ’ngoe e itse: “Nakong ea beke e le ’ngoe [ho ea bofelong ba 1989], ke ile ka bona liketsahalo tse ncha tse ’nè tsa boloetse ba lefuba tseo tichere ea ka ea phekolo ea meriana e boletseng hore nke ke ka hlola ke li bona hape.”

Mokaola—O Boea Sekoele ka ho Bolaea

Ho sa tsotellehe matla a penicillin, mokaola o ntse o atile Afrika. United States, o boea sekoele ka matla nakong ea lilemo tse 40. Ho ea ka The New York Times, hona joale mokaola o “thetsa moloko oa lingaka tse boneng ketsahalo ea mokaola ka seoelo, haeba li kile tsa e bona.” Ke hobane’ng ha o boile sekoele?

“Crack.” Ho lemalla crack ho bakile seo ngaka e ’ngoe e se bitsang “tšebeliso ea cocaine le likamano tsa botona le botšehali ka mokhoa o feteletseng le o matla.” Le hoja hangata banna ba tšehetsa ho lemalla ha bona lithethefatsi ka ho utsoa, basali ba atisa ho hoeba ka likamano tsa botona le botšehali bakeng sa lithethefatsi. Dr. Willard Cates, e monyenyane, oa Litsi tsa Taolo ea Maloetse United States o re: “Litsing tsa crack ho na le likamano tsa botona le botšehali le balekane ba bangata. Tšoaetso leha e le efe e bonahalang e atile litikolohong tseo ke eona e tlang ho fetisetsoa ho ba bang.”

Khaello ea tšireletso. Discover ea tlaleha: “Ho sa tsotellehe phutuho ea ‘likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng,’ bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba ntse ba se moeeng oa ho sebelisa li-condom ho itšireletsa boloetseng.” Phuputso United States e senotse hore ke feela karolo ea 12,6 lekholong ea batho ba nang le balekane ba likamano tsa botona le botšehali ba sa tšepahaleng e sebelisang li-condom ka mehla.

Chelete e fokolang. The New York Times e re: “Ho fokotseha ha lichelete ho sitisitse litleliniki tsa sechaba libakeng tseo mokaola o mongata le maloetse a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali li hlokometsoeng teng.” Ho feta moo, mekhoa ea ho etsa liteko hase ka mehla e nepahetseng. Sepetleleng se seng bo-’mè ba bangata ba ile ba beleha masea a tšoaelitsoeng, le hoja liteko tsa mali tse neng li entsoe pejana ho bo-’mè li ne li sa fana ka bopaki ba mokaola.

Na Pheko e Haufi?

Ntoa ea motho khahlanong le boloetse e bile e telele le e ferekanyang. Hangata katleho khahlanong le ho loantša maloetse a itseng e sitisoa ke ho hlōleha khahlanong le ho loantša a mang. Na motho o ahloletsoe ho loana ka ho sa feleng ntoa eo le ka mohla a ke keng a e hlōla? Na ho tla ke ho be le lefatše le se nang boloetse?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tšenyo e Bakiloeng ke Mokaola

MOKAOLA o bakoa ke Treponema pallidum, kokoana-hloko e sebōpeho se tšoanang le sepako, ’me ka tloaelo o tšoaetsanoa ka litho tsa botona le botšehali. Kokoana-hloko ena joale e kena phallong ea mali ’me e nama ’meleng kaofela.

Libeke tse ’maloa ka mor’a ho tšoaetsoa, ho hlaha seso se bitsoang chancre. Ka tloaelo se hlaha lithong tsa botona le botšehali ho seng joalo se ka ’na sa hlaha molomong, litemetoaneng kapa menoaneng. Qetellong chancre e fola e sa siee letheba. Empa likokoana-hloko li tsoela pele ho nama ’meleng ho fihlela ho hlahella matšoao a maholo: lekhopho letlalong, ’metso, manonyeletso a opang, ho hlotheha moriri, liphetoho tse sa tloaelehang lithong tsa ’mele, le mahlo a botsikinyane.

Haeba o sa phekoloe, mokaola o ba sebōpehong sa ho ipata se ka ’nang sa tšoarella nako eohle ea bophelo ba motho. Haeba mosali a ima nakong ena, ngoan’a hae a ka ’na a hlaha e le sefofu, a holofetse kapa a shoele.

Mashome a lilemo hamorao, ba bang ba tla fetela boemong bo feteletseng ba mokaola, boo ho bona kokoana-hloko ea mokaola e ka ’nang ea lula pelong, bokong, mokokotlong kapa likarolong tse ling tsa ’mele. Haeba kokoana-hloko ena ea mokaola e lula bokong, ho ka ’na ha fella ka ho shoa sethoathoa, ho shoa litho ho akaretsang, esita le bohlanya. Qetellong, boloetse bona bo ka ’na ba fella ka lefu.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Biophoto Associates/Science Source/Photo Researchers

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Nketsisane e Khōlō”

KE SEO Dr. Lee Reichman a se bitsang lefuba. O re: “Le ka ba le matšoao a kang a sefuba, lefu la matšoafo le ntaramane. Kahoo haeba ngaka e sa nahane ka TB, e ka ’na ea fosa tlhahlobong ea eona.” E le ho etsa bonnete ka tšoaetso ho hlokahala X ray ho hlahloba sefuba.

Lefuba le fetisetsoa ho motho e mong ho tsoa ho e mong ka moea. Ho khohlola ho ka hlahisa likaroloana tse nyenyane tse lekaneng ho kena ka matšoafong. Leha ho le joalo, hangata tšireletso ea ’mele e matla ka ho lekaneng ho sitisa hore tšoaetso eo e name. Dr. Reichman oa hlalosa: “Ke feela [ba] nang le likokoana-hloko tse lekaneng lifubeng tsa bona—likokoana-hloko tse limilione tse 100 ha ho bapisoa le tse ka tlaase ho 10 000 tseo batho ba li jereng empa li sa ba kulise—[ba ka] fetisetsang boloetse boo ho ba bang.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

SPL/Photo Researchers

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Mofuthu oa Lefatše le Malaria

MALARIA e ne e ke ke ea e-ba teng ka ntle ho monoang o tšoaetsang o bitsoang Anopheles gambiae. The Economist ea hlokomela: “Fetola bongata ba [likokoanyana] ’me u tla be u fetotse sekhahla seo boloetse bo etsahalang ka sona.”

Liteko tsa laboratori li bontšitse hore ho phahama ho fokolang ha mocheso ho ka ama bongata ba likokoanyana haholo. Ka hona, litsebi tse ling li etsa qeto ea hore mofuthu oa lefatše o ka ’na oa ba le tšusumetso e khōlō sekhahleng seo malaria e etsahalang ka sona. Dr. Wallace Peters o re: “Haeba mofuthu o akaretsang oa Lefatše o eketseha esita le ka likhato tse peli kapa e le ’ngoe tsa Celsius, ho ne ho tla eketsa libaka tseo menoang e qhotsetsang ho tsona hoo malaria e neng e tla ata ka bophara haholoanyane ho feta hona joale.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Dr. Tony Brain/SPL/Photo Researchers

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Matlo a batho ba se nang mahae a ka fetoha libaka tse ntšetsang lefuba pele ka matla

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Melchior DiGiacomo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela