Na Molimo o Nka Lehlakore Lipapaling?
SEMATHI se hlōtseng sea khumama ’me se itšisinya ka tsela ea ho rapela, se leboha bakeng sa seo se se finyeletseng. Empa, re tlameha ho nahana hore le limathi tse ling tlhōlisanong eo li ile tsa rapella tlhōlo ho Molimo—empa tsa hlōloa.
Bo-ralitebele ba babeli ba khumama likhutlong tse peli tse fapaneng tsa lesakana la litebele pele ho lekhetlo la pele la ntoa ea bona. Ka bobeli ba etsa pontšo ea sefapano, e leng mokhoa oa thapelo e khutsitseng ho Molimo bakeng sa katleho. Joale e mong o kakalatsa e mong. Lintoeng tse ling, ke seloani se le seng feela se ka kōpang tlhōlo ho Molimo, empa a ka ’na a hlōloa hangata joalokaha a ka ’na a hlōla.
Lipapaling tsa lihlopha, lihlopha tsa libapali li ka rapela pele ho papali, ha e ntse e tsoela pele, kapa esita le ka mor’a papali. Ka mohlala, metsotsoaneng ea ho qetela ea papali ea bolo ea American Super Bowl, serahi se ile sa itokisetsa ho hlaba ntlha ea bohlokoa e neng e tla etsa hore sehlopha sa habo se hlōle kapa se hlōloe haeba a ka e fosa. Hamorao serahi seo se ile sa re: “Ke ne ke rapela ka hona.” Empa le ba bang ba sehlopha se seng ba ne ba ntse ba rapela ka hona—ba rapella phello e fapaneng.
Le hoja mahlakore ka bobeli a ka rapela, sehlopha se seng se tlameha ho hlōloa. Esita le sehlopha se hlōlang seo libapali tsa sona li rapeletseng tlhōlo se ka hlōloa papaling e latelang. Ka sebele, qetellong, qetellong ea nako ea lipapali, lihlopha tse ling li tlameha ho hlōloa, hobane ho ka ba le ’mampoli a le mong feela litlhōlisanong. Empa, boholo ba lihlopha tseo tse hlōloang li na le libapali tse neng li rapella tlhōlo.
Sehloohong se neng se re “Ka Kōpo, Bolokang Lithapelo tsa Lōna,” mongoli oa litaba tsa lipapali koranteng o ile a ngola: “Hobane feela u ithorisa ka kamano ea hao e haufi le Molimo, seo ha se bolele hore ke ’nete. . . . Ntoeng ea II ea Lefatše, masole a Jeremane a ne a e-na le polelo e ngotsoeng mabanteng a ’ona: Gott mit uns. Phetolelo ea eona ke: ‘Molimo o na le rōna.’” Mongoli e mong oa lipapali o ile a hlokomela: “Molimo ha a nke lehlakore lipapaling tsa bolo. Lintho tse amanang le bophelo ba lefatše joaloka tseo li laoloa ke banna le basali, eseng ke ea Matla ’Ohle.”
Moapostola Petrose o ile a re: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” Ho kenella lipapaling tse tletseng pefo hase ho ‘etsa ho lokileng.’ (Liketso 10:34, 35; Ba-Roma 14:19) Haeba Molimo a ne a utloa lithapelo tsa ba kōpang tlhōlo ’me ebe e mong oa ba hlōlisanang o tsoa kotsi kapa oa shoa, na Molimo o ne a tla jara molato?
Lentsoe la Molimo le re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang tumellanong le thato ea hae‚ oa re utloa.” (1 Johanne 5:14, NW) Hore lithapelo li arabeloe, motho o lokela ho tseba thato ea Molimo le merero ea hae, ’me liketso tsa motho li lokela ho ba tumellanong le tsona.—Bapisa le Mattheu 6:9, 10.
Che, thato ea Molimo le merero ea hae ha li amane le liketsahalo tsa lipapali. Kahoo, ha ho etsoa lithapelo tsa tlhōlo lipapaling, na Molimo oa mamela? Ka sebele le hanyenyane.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
UPI/Bettmann