Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 3/8 leq. 20
  • Mokhatloana o Tummeng oa Mehla e Mecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhatloana o Tummeng oa Mehla e Mecha
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhatloana oa Lefatše Lohle
  • Mokhatloana oa Mehla e Mecha ke Eng?
    Tsoha!—1994
  • Mehla e Mecha ea Sebele e Tla Tla Joang?
    Tsoha!—1994
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Furalla Malumeli a Tloaelehileng?
    Tsoha!—2002
  • Ha Botsofali e E-ba “Moqhaka oa Botle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 3/8 leq. 20

Mokhatloana o Tummeng oa Mehla e Mecha

RE PHELA mehleng ea makhaola-khang. Bohlokoa ba meetlo le mekhoa li lula li belaelloa. Motsoako o feto-fetohang oa bolumeli le lipolotiki o re tlosa maemong a ho se tsitse ho ea ho a

mang. Saense le theknoloji ha lia tlisa tharollo ea ka ho sa feleng ea mathata a moloko oa batho. Ba bangata ba kholisehile hore boemo bo joalo ba litaba bo ke ke ba lokisoa ntle leha ho ka tlisoa tsamaiso e ncha ka ho feletseng ea lefatše.

Empa mehla e joalo e tla tla joang? Ka hore Molimo a kene lipakeng? Haeba ho joalo, na re tlameha ho lula re letile? Kapa na ho na le seo rōna ka borōna re ka se etsang ka hona? Na re ka tlisa mehla e mecha e hlokoang ka potlako? Batho ba limilione ba maemo ’ohle a bophelo ho potoloha lefatše ba lumela hore ba ka phetha karolo e khōlō ho tlisa mehla e mecha ea khotso le boena. Ke ba mokhatloana ona oa Mehla e Mecha, ’me ba rata hore u be e mong oa bona!

Mokhatloana oa Lefatše Lohle

Na u se u kile ua utloela ka mokhatloana oa Mehla e Mecha? Linaheng tse ngata polelo “Mehla e Mecha” e ’nile ea sebelisoa ka bolokolohi ho mefuta e itseng e tummeng ea libuka, ’mino, le mesebetsi e khabane e entsoeng ka matsoho. Ka ho makatsang, ho bile ho na le matlo a ho jela a Mehla e Mecha! Likhalala tsa lipapali le linaleli tsa Hollywood li thoholetsa mokhatloana oo. Litho li tšoara likopano le lipontšo ka mehla. Polelo “Mehla e Mecha” e boetse e ’nile ea amahanngoa le thepa ea bareki, e kang litlolo tsa mahlong, litlolo tsa letlalo, livithamine, le lintho tsa ho hlokomela bophelo. Libuka tsa Mehla e Mecha li rekisoa ka limilione. Mabenkele a mang a na le likarolo tse khethehileng bakeng sa tsona. Bongata ba libuka tsena bo na le tšusumetso e matla ea bolumeli ho babali ba tsona.

Bukeng ea hae The Cosmic Self—A Penetrating Look at Today’s New Age Movements, mongoli Ted Peters o bua ka mokhatloana oo e le “ho lekanang le H-bomb ea bolumeli e lutseng e phatloha ka nako eo e batlang e le lilemo tse mashome a mararo joale.” O phaella ka ho re “baprofeta ba mehla e mecha ba etsa basokolohi; ’me lithuto tsa bona lia amoheloa . . . ke Maprostanta, Maroma a K’hatholike, Bajode, ba sa lumeleng hore Molimo o teng, esita le palo e ntseng e eketseha ea Mabuddha le Mahindu, Amerika Leboea.”

The Times ea London e tlaleha hore “Tumelo ea Mehla e Mecha . . . mohlomong hona joale ke eona e hōlang ka potlako ka ho fetisisa Bophirimela. Ho hakanngoa hore haufinyane, karolo ea 25 lekholong ea Maamerika e tla amohela e le ho utloahalang tekanyo e itseng ea Tumelo ea Mehla e Mecha.” Makasine oa Switzerland Fundamentum o ile oa hlokomela hore, Netherlands, baruti ba thuto ea bolumeli ba ka bang lekholo ba ne ba kopana ka mehla “ho tšohla hore na likhopolo tsa Mehla e Mecha li ka kenngoa joang bophelong ba kereke esita le therong ea baruti.” Makasine o mong o bolela hore “linaha ho potoloha lefatše li na le mekhoa ea tsona e fapaneng ea ho sebelisa Mehla e Mecha, empa boipiletso ke bo akaretsang.”

Lik’hamphani tsa khoebo li lefile limilione tsa liranta bakeng sa baeletsi ba Mehla e Mecha le ho ngolisa bahiruoa ba tsona mananeong a thupelo a Mehla e Mecha. San Francisco Chronicle e tlaleha hore “likhopolo tsa Mehla e Mecha li keneletse liqhobosheaneng tse phahameng ka ho fetisisa tsa tsamaiso ea khoebo ea Amerika.” Koranta eo e phaella ka ho re patlisiso e ’ngoe ea lik’hamphani tse 500 e ile ea senola hore karolo e fetang 50 lekholong e ne e na le ho kenella ho itseng likhopolong tsa Mehla e Mecha.

Empa tšekamelo ee ea Mehla e Mecha ke eng, hona e hlahile joang? Na ka sebele e tla tlisa khotso le kutloano lefatšeng? E ruta eng, hona e u ama joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela