Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 3/8 leq. 27
  • Mehla e Mecha ea Sebele e Tla Tla Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehla e Mecha ea Sebele e Tla Tla Joang?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Tharollo ea Sebele?
  • Bibele—Buka ea Likarabo
  • Na U tla ba Teng?
  • Mokhatloana oa Mehla e Mecha ke Eng?
    Tsoha!—1994
  • Mokhatloana o Tummeng oa Mehla e Mecha
    Tsoha!—1994
  • Lefatše le Lecha le Haufi!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tumelo le Bokamoso ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 3/8 leq. 27

Mehla e Mecha ea Sebele e Tla Tla Joang?

MONGOLI oa Mehla e Mecha Shirley MacLaine o ile a tsebahatsa maikutlo a tloaelehileng ha a ngola: “Ke ile ka iphumana ke nahana haholo ka hore na phoso e hokae lefatšeng. U sitoa ho ho qoba ha u bona bofutsana, tlala, lehloeo. Ke ile ka qala ho eta ha ke le lilemo tse leshome le metso e robong, ’me hona joale, ha ke se ke le lilemong tse bohareng ba mashome a mane, ka sepheo se setle nka re lintho li mpefetse.”

Ka ho tšoanang, hohle batho ba khathetse ke boikaketsi ba bolumeli le leshano. Ba ferekantsoe ke ho se tsotelle le ho hlōleha ha mebuso. Ba makatsoa ke maikutlo a ho se tsotelle le liphoso tsa lingaka. ’Me ba bangata ke bahlaseluoa ba khethollo ea merabe kapa leeme la ho ba e motona kapa e motšehali le ho nyenyefatsoa.

Na ke Tharollo ea Sebele?

Ha ho pelaelo, re hloka lefatše le lecha ka tieo. Empa na tšepo ea mokhatloana oa Mehla e Mecha ke ea sebele? Kapa na pontšo ea oona ea bokamoso e tšoana le libaesekopo tsa lipale tsa saense tsa Hollywood? Na ho bonahala e le bohlale ho beha tumelo boprofeteng bo thehiloeng meetlong e lebetsoeng, litšōmong tsa boholo-holo, le likhakanyong?

Koana, likhopolo tse ngata tse nkiloeng ke mokhatloana oa Mehla e Mecha li ka phahamisa bophelo bo botle ba kelello le ba ’mele ka tsela e lekanyelitsoeng. Phepo e ntle, boitlhakiso ba ’mele, ho phomola, le ho ameha ka tikoloho kaofela ke likarolo tse utloahalang tsa bophelo. Mohlomong lingaka li ne li tla atleha haholoanyane hoja li ne li ka lebisa tlhokomelo e khōloanyane litlhokong tsa maikutlo tsa ba kulang ha ba hlokomela maloetse a bona a ’mele. Empa motho e mong le e mong oa kula ka nako e itseng, hape esita le motho ea phetseng hantle ka ho fetisisa o qetella a shoele. Re ke ke ra thabela bophelo ka ho feletseng ho ntse ho e-na le tšokelo ea ho kula le ho shoa. Na babuelli ba Mehla e Mecha ba fana ka tharollo e utloahalang mathateng aa?

Batho ba eketsehileng ba hloname le ho tepella maikutlong, ’me mokhatloana oa Mehla e Mecha o ka etsa ho fokolang ka hona. International Herald Tribune ea London e ile ea hlokomela: “Haeba lekholo la bo20 la lilemo le tlisitse Mehla ea Tsieleho, tsela ea lona ea ho tsoa e hlahisa ho chaba ha Mehla ea ho Tepella Maikutlong.” Koranta eo e ile ea phaella ka ho re “patlisiso ea pele ea machaba ea ho tepella maikutlong ho tebileng e senola ho phahama ho potlakileng ha ho hloka taolo lefatšeng ka bophara.”

Mokhatloana oa Mehla e Mecha, ka marata a oona a bonahalang eka ke a bolumeli, ha o hlile ha o koale sekheo sa moea sa sechaba sa kajeno. Esita le thuso ea moea eo ho nahanoang hore o fana ka eona ke ea nakoana feela. Ke ’nete, bolumeli bo tloaelehileng, haholo-holo Bokreste-’mō-toana, ha boa felisa tlala ea moea e akaretsang. Koranta e ’ngoe e ile ea nyatsa phatlalatsa ho “hlōleha ha Kereke ho leka ho thusa ba ikutloang ba khetholotsoe, ba sa angoe, ba sa ratoe.” Koranta eo e ile ea hlalosa bolumeli ba kajeno e le bo sa bontšeng kameho, “bo amohang motho boikutlo ba ho ba le kamano e tobileng le Molimo.”

Bibele—Buka ea Likarabo

Bokreste-’mōtoana bo silafalitse le ho hlapolla ’nete ea Bibele. Ka ho tšoanang, lithuto tse ngata tsa Mehla e Mecha le tsona ha li lumellane le lithuto tsa Bibele. Ka mohlala, sheba khopolo ea Mehla e Mecha ea hore batho ba ka tlisa tharollo mathateng a lefatše. Bibele ka ho hlakileng e re ho Jeremia 10:23: “Hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Lengolo le leng le re: “Poloko e tsoa ho Jehova!”—Pesaleme ea 3:8.

Bibele ha e rute hore batho ba na le sephefumolohi se sa shoeng se phelang e le pōpo e ikemetseng, e arohileng ho ’mele. Ho latela Mangolo, sephefumolohi sea shoa, ’me lefu le tšoaea qetello ea mehopolo le mesebetsi eohle. (Numere 23:10; 35:11; Moeklesia 9:5, 10) Ka ho hlakileng sena se behella ka thōko khopolo ea Mehla e Mecha ea ho tsoaloa hangata.

Ho feta moo, ho buisana le bafu ho ke ke ha etsahala. Ho latela Bibele, puisano leha e le efe eo ho thoeng e teng le bafu ha e le hantle ke ho buisana le bademona—lira tsa moea tsa Molimo le batho. Ka hona, Molao oa Molimo o ne o nka ho buisana le meea ea bafu, ho akarelletsa mofuta o mong le o mong oa bonohe, bonohe ba linaleli, le tšebelisano le meea, e le sebe seo kotlo ea sona e leng lefu.—Levitike 19:31; 20:6, 27; Deuteronoma 18:10-12.

Bibele ke mohloli oa pheko ea ’nete ea moea. E na le sehlopha sa lithuto tse thusang Bakreste ho ikutloisisa ka hare le ho fetola botho ba bona. (Ba-Roma 12:2; 2 Ba-Korinthe 13:5; Ba-Efese 4:21-24) E ruta ho itaea, ho hlaphoheloa kelellong, ho itlhompha le ho hlompha ba bang.

Bibele e etsa hore re tsebane le matla a holimo ka ho fetisisa bokahohleng, ’Mōpi oa rōna. (Liketso 17:24-28) E bontša hore ka ho ba le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Mora oa hae, moloko oa batho o ka fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Ba-Roma 6:23) E fana ka likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse kang: Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse ho utloa bohloko ho hongata hakaale? Libōpuoa tse matla tikolohong e sa bonahaleng ke life? Na li ikarabella bakeng sa ho bitsoang liketsahalo tse ka holimo ho kutloisiso ea batho?

Bakeng sa nako e tlang, Bibele e tšepisa bophelo bo phethahetseng le bophelo bo sa feleng le lefatše le lecha la khotso le kutloano, le nang le tikoloho e hloekileng, hona mona lefatšeng. (Esaia 33:24; 2 Petrose 3:13) Lefatšeng leo le lecha, ntle le pelaelo batho ba tla eketsa tsebo ea bona, ’me tlas’a tataiso ea Molimo, ba rarolle liphiri tse ngata tsa ’mele oa motho, polanete ea rōna, le bokahohleng bohle. Sena sohle se tla finyelloa ka matla a Jehova, Molimo ea ratang batho.

Na U tla ba Teng?

Leha ho le joalo, Bibele e boetse e ruta hore mahlohonolo ana a fumaneha feela ho ba phelang tumellanong le melao ea Molimo. Melao ena ha e hatelle. Empa e tlameha ho mameloa. (Liproverbia 4:18, 19; 1 Johanne 5:3) Ho ke ke ha etsahala hore motho a kholoe likhopolo tsa Mehla e Mecha tseo eseng tsa Mangolo ebe ka nako e tšoanang o lumela Bibele.—1 Ba-Korinthe 3:18-20; 10:18-22; Jakobo 4:4.

Ka hona, Bakreste ba sebele ba qoba ho tšoaseha monahanong o sa thehoang mangolong oa mokhatloana oa Mehla e Mecha. Ho hlokahala kahlolo e molemo le e itekanetseng. Ho lokela ho hlokomeloa hore letšoao la “Mehla e Mecha” le se le sebelisoa haholo bakeng sa lintho tse sa hlahisoang ke mokhatloana oa Mehla e Mecha tseo e ka ’nang eaba ha li khahlanong le Mangolo. Sena ke ’nete haholo-holo mafapheng a bophelo, phepo e nepahetseng, mesebetsi ea matsoho e entsoeng ka bokhabane, le ’mino. Ka hona Bakreste ba lokela ho sebelisa tlhalohanyo le teka-tekanyo e bohlale ha ba etsa hore ba kholisehe hore ba balehela sohle se nyatsoang ka Bibeleng. Ka ho loketseng, Liproverbia 14:15 e eletsa ka bohlale: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”

E, Bibele ke senotlolo sa tlhahiso leseling ea ’nete. Ho se natse Mangolo ho akaretsang ha litho tsa Mehla e Mecha ho ka tlisa lefifi le eketsehileng feela lefatšeng. Empa Bibele e fana ka leseli la moea le tšepo ea lefatše le lecha joalokaha Molimo a tšepisitse: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”—Tšenolo 21:3-5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela