Mokhatloana oa Mehla e Mecha ke Eng?
HA SE mokhatlo o hlophisitsoeng, empa mekhatlo e hlophisitsoeng e makholo e thoholetsa lithuto tsa eona. Ha e na boeta-pele bo ka sehloohong, mohlomomg bo-rafilosofi ba eona le matichere a ka ba likete. Ha e na buka ea molao ea lithuto le litumelo, empa balateli ba ka hōlisa tumelo ea bona laebraring e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba lefatšeng ho pota. Ha e na molimo oa eona ea rapeloang, empa hangata e phahamisa khopolo ea molimo ea ka fumanoang hohle le kae kapa kae.
Ke eng? Ke mokhatloana oa Mehla e Mecha: motsoako o sa fellang oa likhopolo tsa bolumeli, moetlo, sechaba, lipolotiki, le saense, o kopaneng le ho khahloa ke litumelo tsa Bochabela, lintho tse ka ’nģane ho tse tloaelehileng, ho sebelisana le meea, esita le mefuta e itseng ea thuto ea kelello ea mehleng ena. Motsoako oo o akarelletsa ho lumela bonoheng ba linaleli, ho tsoaloa hangata, bophelo lipolaneteng tse ling, ho iphetola ha lintho, le bophelo ka mor’a lefu. Hape ho ameha ka tikoloho le bophelo bo botle ke lintho tsa bohlokoa.
Motho e mong le e mong e ka ba setho sa mokhatloana ona. Ha ho na tšebeletso ea ho kena kapa kolobetso. Leha e le hore batho ba tlameha ho tlohela bolumeli boo ba itlammeng ho bona hore e be litho. Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba hloile ho amahanngoa le “Mehla e Mecha” hobane feela ba lumela likhopolo tse ling tsa mokhatloana oa Mehla e Mecha kapa ba thabela mosebetsi oa matsoho o entsoeng ka bokhabane kapa ’mino tse bitsoang tsa Mehla e Mecha.
Ba inehetseng ke ka seoelo ba itsebahatsang e le ba Mehla e Mecha. Ha e le hantle, polelo “Mehla e Mecha” e sebelisoa haholo ke ba phatlalatso. Morao tjena, libuka, mabenkele, liboka, le mananeo a koetliso tsa Mehla e Mecha, hangata li qoba lebitso leo. Library Journal e hlalosa hore “ho pepesa ho feta tekanyo ha phatlalatso bofelong ba bo-1980 ho ile ha baka ho itšoara ka tsela e mabifi ka litumelo tse sa tieang hantle tsa Mehla e Mecha (li-UFO, ho buisana le meea, mahakoe, j.j.); sena se bonahatsoa ke ’nete ea hore libaka tse khōlō tsa khatiso . . . esita le libaka tse sebetsanang le khatiso ea Mehla e Mecha li ntse li e-ea li lahla lebitso Mehla e Mecha.” Kahoo, ba bangata ba ka ’na ba ba tlas’a tšusumetso ea Mehla e Mecha ho hang ba sa hlokomele.
Ke Eng e Ncha ka Oona?
Ba bangata ba nka hore mokhatloana oa Mehla e Mecha ke ntho ea kajeno. Ho latela Moprofesa Carl Raschke oa Univesithi ea Denver, likhopolo tsa Mehla e Mecha ha e le hantle ke “lehlaseli la meetlo e fapanang le e amohelehang ea lilemong tsa Bo-mashome a Tšeletseng.” Baseka-seki ba bang le bona ba supa lilemong tsa bo-1960, ha mahipi a ne a batla tokoloho le ’nete, e le qalo ea mokhatloana oa Mehla e Mecha. Ba bangata bao pele e neng e le mahipi, bao hona joale ba seng ba le lilemong tsa bo-40 le bo-50, ba ntse ba batla ’nete eane eo ho leng thata ho e hlalosa. Empa ho batla ha bona ha ho sa qheloa ka hore ke mohopolo o sa tsitsang oa bacha. Ba bangata ba bona ke litsebi makaleng a hlomphehang a tsebo, ba na le tlatsetso e khōlō lipolotiking, ’me hona joale ba talingoa e le litho tsa sechaba tse nang le kelello.
Lilemong tsa bo-1970 le bo-1980, ba ile ba sebelisa bohlale ba bona le chelete ho ntšetsa pele ho batla ha bona. Liphello? Motsoako oa bona oa litumelo o amoheloa le ho hlomphuoa ke ba bangata. Phatlalatso e ile ea tseba ka hoo kapele, ha e-ba le phello ea ho hlokomeloa ho pharaletseng ha filosofi ea Mehla e Mecha.
Ha e le hantle, ke se fokolang haholo se secha ka litumelo tsa Mehla e Mecha. Ka mohlala, filosofi ea eona e thehiloe haholo-holo litumelong tsa Bochabela, tse nang le lilemo tse likete li le teng. Nahana ka likhopolo tse seng kae feela tsa Mehla e Mecha.
Tšepo ea Mehla e Mecha
Kaha selemo sa 2000 se haufi haholo, khopolo ea bokamoso bo molemonyana, lilemo tse sekete tse molemonyana, e ntse e tuma. Khopolo ea sehlooho ke hore sechaba sa mehleng ena kamoo re se tsebang se tla nkeloa sebaka ke sechaba sa Utopia. Ho latela matichere a Mehla e Mecha, sena se tla finyelloa ka ho fetola ka ho feletseng monahano oo ka tloaelo o amoheloang ho sebelisoa tsebo ea mehlolo ea bolumeli eo esale e patiloe kapa e hlokomolohiloe ho tla fihlela lilemong tsa morao tjena. Ba bolela hore mehla ena e mecha ea kutloano e tla lokolla matla a batho ’me e tla tlisa khotso ea moea ea lefatše lohle.
Ho bonahala tšepo ena e thehiloe haholo ho boleleng esale pele ha linohe tsa linaleli tse bolelang hore mehla ea rōna ke mathule a mehla e fetang ea Pisces le mehla e tlang ea Aquarius. Babuelli ba thuto ena ba bolela hore letšoao la linaleli la Pisces le bile le phello e mpe molokong oa batho ka ho ka etsang lilemo tse 2 000. Ba qosa Bokreste-’mōtoana ka hore ke bona bo molato ka ho fetisisa ka ho hlahisa sechaba se ratang lintho tse bonahalang le se saletseng morao. Bokreste-’mōtoana bo qosoa ka ho sitisa ho tsoela pele ha ’nete. Empa kajeno ’nete eo ho hopoloa hore e ka fumanoa tšebelisanong le meea ’me e tla senoloa mehleng e tlang ea Aquarius, mehla ea tlhahiso leseling ea moea, mehla e mecha.
Litho tsa Mehla e Mecha ha li utloane ka hore na sechaba sena se secha se tla tlisoa ke matla a tsoang polaneteng e ’ngoe kapa ke boiteko ba batho. Khopolo e ’ngoe e bolela “hore morabe oa Batho o fapaneng oa Mehla e Mecha, o hlahang liphatseng tsa lefutso tse jetsoeng ke baholo-holo ba bohlale lilemo tse 3 500 tse fetileng, haufinyane o tla atleha ’me o pholose lefatše meharong.”—The Wall Street Journal, January 11, 1989.
Leha ho le joalo, tšepo e joalo bakeng sa mehla ea khotso, Utopia, kapa lefatše le lecha, ha e ncha. Litumelo tsa bochaba tsa hoo e batlang e le meetlo eohle e ka sehloohong li akarelletsa tšepo ea sechaba sa nako e tlang sa Utopia. Litšōmo tsa Sumer, Greece, Roma, le Scandinavia kaofela li ne li e-na le tumelo ena. Encyclopedia of Religion ea hlokomela: “Taba-tabelo ea lefatše la khotso le kutloano leo ho lona motho a lokolohileng bofutsaneng le moo khotso le nala li renang esale e le karolo ea bohlokoa ea bolumeli ba Chaena ho tloha mehleng ea pele ho Ch‘in (pele ho 221 BCE).” Buka ea khale ka ho fetisisa e halalelang, Bibele, e bua ka lilemo tse sekete tseo ka tsona moloko oa batho o tla isoa phethehong, ’me ntoa, tlōlo ea molao, bohloko, le lefu li tla felisoa.—Tšenolo 21:1-4.
Bolumeli ba Boithati
Baesekopong ea hae Out on a Limb ea tlaleho ea bophelo ba hae eo a e ngotseng ka boeena, sebapali sa litšoantšo se tummeng le mongoli oa Mehla e Mecha Shirley MacLaine o ema lebōpong la leoatle a otlolotse matsoho, moea o foka ka matla ’me a re: “Ke Molimo! Ke Molimo!” Joaloka eena, litho tse ngata tsa Mehla e Mecha li thoholetsa ho batla botho bo phahameng le khopolo ea ho ba molimo ka hare. Li ruta hore batho ba hloka feela ho hōlisa tlhokomelo ea bona hore ba fumane bomolimo ba bona.
Hang ha sena se finyeletsoe, kamoo ba bolelang, bonnete ba kamano e haufi lipakeng tsa lintho tsohle bokahohleng boa hlaka—ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke molimo, ’me molimo ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho hang ena ha se khopolo e ncha. Bolumeli ba boholo-holo ba Mesopotamia le Egepeta bo ne bo lumela bomolimong ba liphoofolo, moea, leholimo, le metsi. Haufinyane tjena, Adolf Hitler ho hopoloa hore o ile a khothaletsa ba bang ho nka “tumelo e matla, ea bahale ho Molimo Pōpong, Molimo bathong ba rōna, qetellong ea rōna e reriloeng esale pele, maling a rōna.”
Moetlo oa Mehla e Mecha o tletse ka libuka, liboka, le mananeo a koetliso a sebetsanang le matla a botho le ntlafatso ea botho. “Ho ikutloisisa ka bonna” ke lepetjo le tummeng. Batho ba khothaletsoa ho leka ntho efe kapa efe le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka ba thusang ho lokolla menyetla ea bona. Joalokaha mongoli e mong a ile a ngola makasineng oa Wilson Quarterly, “thuto e ka sehloohong ea mokhatloana oo ke ‘hore ha ho tsotellehe seo u se lumelang hafeela u bona se atleha.’”
Margot Adler, ’muelli oa Mehla e Mecha, o hlalosa hore basali ba bangata ba kenelang mekhatloana ea basali ea Mehla e Mecha ba ho etsa “ka mabaka ao e leng a botho haholo. . . . Ba hloile sebōpeho sa ’mele ea bona, ba itlhoile. Ba kena lihlopheng tsena tseo ha e le hantle li reng, ‘U Molimotsana, ua hlolla.’”
Makasine oa New York o hlalosa ho batla ha sehlopha se seng botho bo phahameng: “Mosali o bolela ka ho bina, ‘Re matichere a Meso e Mecha. Ke rōna ba Bohlokoa.’ Ba bang ba nkang karolo, ba roetseng likatiba tse hlonngoeng manaka, katiba ea ho ikhakanya e hlonngoeng masiba, le liaparo tse bobebe, ba tantša ka morung, ba honotha le ho etsa boitšisinyo ba ’mele, ba lla le ho lumaela.”
Ho Sebelisana le Meea ho Ntlafalitsoeng
Lithuto tse ling tsa Mehla e Mecha li thoholetsa pono e ncha, e ntlafalitsoeng ea tšebelisano ea meea. Borapeli ba Satane ha bo sa amahanngoa le tšebelisano ea meea mehopolong ea litho tse ngata tsa Mehla e Mecha Mongoli makasineng oa Free Inquiry oa bolela: “Ho na le palo e hōlang ea ba sebelisang boloi, bao ho seng le ea mong oa bona ea nang le litumelo tse akareletsang borapeli ba Satane.”
Patlisiso ea haufinyane tjena Jeremane e ile ea bontša hore ho ne ho e-na le baloi ba 10 000 ba mafolo-folo naheng eo. Esita le bana ba hoheloa ka bomene-mene ho sebelisana le meea. Buka ea Sejeremane Der Griff nach unseren Kindern (Teko ea ho Hapa Tlhokomelo ea Bana ba Rōna) e hlalosa hore ho pholletsa le “lik’hasete tsa bana tsa litšoantšiso, bana ba ntse ba tloaela pono e ncha ea hore moloi ke mosali ea tloaelehileng ea sebelisang boselamose bakeng sa merero e metle.” Buka eo ea phaella: “Kahoo le tlhokomelo ea bana ba banyenyane e lebisoa tseleng ea Mehla e Mecha e ka ba lebisang ho se ka holimo ho tlhaho.”
Libukeng tsa hae, Shirley MacLaine o phahamisa khopolo ea hore ho sebelisana le meea ke feela tsebo e patiloeng le hore ho patoa ha eona ha ho bolele hore ha se ’nete. Filosofi ena e hohetse batho ba bangata hore ba leke litloaelo tsa ho sebelisana le meea tse sa tloaelehang, tse kang bonohe, bonohe ba linaleli, puisano ka matla a ka holimo ho a tlhaho, le ho buisana le meea. Ho buisana le meea ho ’nile ha tsejoa ka lilemo tse likete e le bonohe. Empa litho tsa Mehla e Mecha li e bitsa ho sebelisa mecha ea puisano. Khopolo ea bona e bolela hore meea ea bafu e khetha batho ba itseng ho ba mecha ea eona ea ho buisana le batho.
Bana bao ho kholoang hore ke mecha ea batho ba ka hapeha ka moea ponong ka ho rata ’me ba bua kapa ba ngola melaetsa ea “tlhahiso leseling,” eo ho kholoang hore e tsoa ho bafu kapa libōpuoeng tsa polanete e ’ngoe. Meea ea bafu e nkoa e le batho ba hlomphuoang ba sehlooho ba letetseng nako e nepahetseng ho tsoaloa hape. Hajoale, ho kholoa hore ba ntse ba lebisa moloko oa batho mehleng e mecha.
Litho tse ngata tsa Mehla e Mecha li kopana ka mehla bakeng sa ho mamela seo bana bao ho lumeloang hore ke ba baholo ba se buang ka mecha ea bona. Ebile ba lumelang ba na le meea e fapaneng eo ba ka eang ho eona. Har’a meea eo ho lumeloang hore e-ea bua kajeno ke ea John Lennon le Elvis Presley, libōpuoa tsa polanete e ’ngoe tse nang le mabitso a kang Attarro le Rakorczy, le mohlabani ea lilemo li 35 000 oa Atlantis oa tšōmong ea bitsoang Ramtha.
Mehla e Mecha le Bophelo
Palo e ntseng e hōla ea lingaka e lumela hore bakuli ha baa lokela ho tšoaroa joaloka mechine e robehileng le hore ho lokela ho nahaneloa bophelo ba motho ba kelello le maikutlo. Tšebetso ena e tsejoa ka hore ke bongaka ba holistic, ’me ha e amane hakaalo le thuto ea Mehla e Mecha. Leha ho le joalo, litho tse ngata tsa Mehla e Mecha li nkile bongaka ba holistic ka cheseho. Buka The Cosmic Self e hlalosa hore ntle le ho lahla mekhoa e amohelehang ea bongaka, litho tsa Mehla e Mecha li buella hore mokuli a sebetsoe e le motho ea feletseng, “’mōpo o feletseng ka ’mele, kelello, le moea.”
Litho tsa Mehla e Mecha li bolela hore bophelo bo botle bo ka fumanoa ka thōko ho tikoloho ea bongaka bo amohelehang. Koranta ea Brithani The Herald e re: “Sebaka seo batho ba bangata ba qalang ho thulana le likhopolo tsa Mehla e Mecha ke lefatšeng la bongaka bo etsoang sebakeng sa bo itseng.” ’Me ho etsoa liteko tsa likhopolo tse sa tloaelehang ka ho fetisisa. Ka mohlala, ngaka ea liphoofolo ea Australia le mongoli Ian Gawler o etsa tlhahiso ea hore kankere e ka folisoa ka ho thuisa. Mekhoa e meng ea phekolo eo ka tloaelo e bitsoang ea Mehla e Mecha e akareletsa ho hlahlojoa ho ipapisitsoe le boemo ba linaleli, tlhahlobo ea ho qanolla seo botho ba motho bo leng sona, tšebetso ea ho tšerehanya kelello, tšebetso ea ho seha ho sa sebelisoe thipa, le tšebetso ea ho fetela bophelong bo fetileng ba motho. Mekhoa ena ea ho phekola hangata e khothalletsoa limakasineng tse khethehileng tse sebetsanang le bophelo, pheko ea tlhaho, livithamine, boitlhakiso ba ’mele, le phepo e nepahetseng.
Mehla e Mecha le Mahakoe
Mokhoa o mong o tloaelehileng oa ho phekola oa Mehla e Mecha o akarelletsa tšebeliso ea mahakoe le majoe a bohlokoa, joaloka quartz, amethyste, topaze, rubise, opale, le emerauda. Setsebi sa mabenyane sa Mehla e Mecha Uma Silbey o re: “Ho pholletsa le histori u ka fumana mehlala ea meetlo e neng e lumela hore quartz e ka eketsa matla a ho noha lintho le matla a ho phekola.” Oa phaella: “Baahi ba Sumer, Maya le libaka tse ling ba ne ba sebelisa quartz bakeng sa merero ea ho phekola.”
Mahakoe ao a sebelisoa joang? Baphekoli ba sebelisang mahakoe ba bolela hore maloetse a ’mele le a kelello a ka phekoloa ka ho beha quartz le majoe a mang a bohlokoa libakeng tse itseng tsa ’mele. Katrina Raphaell, moeta-pele oa mahakoe oa Mehla e Mecha, o hlalosa hore mahakoe “a ka behoa ka tlas’a mosamo ha motho a robetse bakeng sa ho mo lorisa litoro tse phahameng le tsa boprofeta. A ka sebelisoa phekolong bakeng sa ho tsitsisa maikutlo a feto-fetohang, ho thoba likelello tse khathatsehileng le ho thusa ho phekola ho se tsitse ha ’mele. A ka tšoaroa nakong ea pelehi bakeng sa matla a eketsehileng.”
Mehla e Mecha le Tikoloho
Mokhatloana oa Mehla e Mecha o “hloekile, o amehile ka ho sireletsa tikoloho, ke tsela e lokelang ho lateloa,” ho rialo TSBeat, makasine oa Brithani oa bacha. Ho nka karolo ka mafolo-folo tabeng ea ho phahamisa tlhokomelo ea limela le ho sireletsa tikoloho ho thusitse ho etsetsa mokhatloana oa Mehla e Mecha seriti se setle, ’me molaetsa ona oa tšireletso ea tikoloho o hohetse batho ba bangata lithutong tsa oona. Leha ho le joalo, kameho ea Mehla e Mecha ka tikoloho hangata e tsebahatsoa e le borapeli bo totobetseng ba tlhaho, ho na le litloaelo tse amanang le litšebeletso tsa boholo-holo tse nehetsoeng ho molimotsana oa lefatše.
Na polelo ee ea mehleng ea kajeno ea litumelo tsa boholo-holo ke tharollo ea mathata a rōna? Na polanete ee e tla pholosoa ke bohlale ba baloi le libōpuoa tsa lipolaneteng tse ling? Na mehla e mecha ea khotso le katleho e tla ke e tle?
[Lebokose le leqepheng la 23]
MacLaine, Mehla e Mecha, le Ramtha
“TEKANYO e ka thōko ho e bonahalang e ne e le ea sebele le hoja re ne re sa e bone kapa re ke ke ra e lekanya ka tsela ea mela. Ho na le bonnete bo fetang bonnete ba rōna bo ‘lemohuoang.’ Seo ke se bitsoang mehla e mecha ea monahano. Mehla e mecha ea tlhokomelo. . . .
“Ke ile ka etela linohe tse khethiloeng tse neng li thusa batataisi ba moea ho tloha lefatšeng la meea. Ke ile ka theha setsoalle le ‘libōpuoa tseo tsa moea.’ . . . O mong o ne o tebile ho feta e meng eohle. Lebitso la oona e ne e le . . Ramtha Ea Behiloeng Leseling. . . .
O ile oa re e ne e kile ea e-ba motho mehleng ea Atlantis ’me o ne o ile oa finyella tlhokomelo e feletseng nakong ea bophelo boo. . . . Ha ke sheba ka mahlong a Ramtha, ke ile ka ikutloa ke re, ‘Na u ne u le ngoan’eso nakong ea bophelo ba hao ba Atlantis?’
“. . . O ile a sèka meokho. O ile a re: ‘E, moratuoa oa ka, ’me u ne u le ngoan’eso.’”
MacLaine o tsoela pele ho re: “Morero oa thuto ea hae ea moea e ne e le ho fetisa ’nete ea hore re ne re le Molimo. Re ne re e-na le tsebo joaloka eena.”—Dancing in the Light, ea Shirley MacLaine.
Bapisa le Genese 3:5, moo Nōha (Satane) e ileng ea re ho Eva ka leshano: “Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.” Ba batlang kamohelo ea bomolimo ba tlameha ho qoba kamano efe kapa efe le libōpuoa tsa moea tse khopo le tse khelosang. Molao oa Moshe o ne o re: “Le se ke la khelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho linohe; le se ke la botsa litaba ho bona, le tle le se ke la itšela litšila ka bona. Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna.”—Levitike 19:31.
[Lebokose le leqepheng la 26]
“Na ke Sethethefatsi se Seng Sechabeng se Laoloang ke Lithethefatsi”?
“MOKHATLOANA oa Mehla e Mecha-tlatsetso ea morao-rao historing ea rōna e telele ea litloaelo tse makatsang tsa moea le lipheko tsa maloetse ’ohle—se ipiletsa motsoako oa ho songoa le makalo e tletseng bohale. Ha se feela ho hlepha ha oona linthong tse halalelang empa le ho hoeba ha oona pepenene ho tsosang lipelaelo tsa bomenemene bo tebileng ba bolumeli. . . .
“Mokhatloana oa Mehla e Mecha o leka ho tsoaka ho thuisa, ho nahana ho lokileng, ho folisa ka tumelo, . . . tumelo ho Molimo, yoga, ho folisa ka metsi, ho hlaba ’mele ka linalete, libano, bonohe ba linaleli, thuto ea kelello ea Jung, ho leka ho fetola tšebetso e itaolang ea setho se itseng sa ’mele, mohopolo oa kutlo e ka ’nģane ho e tloaelehileng, bomoea,. . . . khopolo ea ho iphetola ha lintho, tšebetso ea botona kapa botšehali ea Reich, litšōmo tsa melimo tsa boholo-holo, . . . ho tšerehanya kelello, le lintho tse ling hape tse etselitsoeng ho phahamisa tlhokomelo, ho akarelletsa le lintho tse alimiloeng meetlong e ka sehloohong ea bolumeli. . . .
“Se nkileng sebaka sa bolumeli sa mokhatloana oa Mehla e Mecha se kokobetsa letsoalo ho e-na le ho le tšoenya. Thuto ea bona e ka sehloohong ke hore ha ho tsotelehe seo u se lumelang ha feela se atleha. ‘Ke ’nete haeba u ho kholoa’: ke lepetjo la Mehla e Mecha. . . .
“Taba ha se hore na likhopolo tsa Mehla e Mecha lia sebetsa kapa che empa hore na bolumeli e lokela ho ba ntho ea likhopolo. Haeba bo sa fane ka letho haese boikutlo ba ho ba sehlohlolong, bolumeli e-ba feela sethethefatsi se seng sechabeng se laoloang ke lithethefatsi.”—“The New Age Movement: No Effort, No Truth, No Solutions, Notes on Gnosticism—Part V,” ea Christopher Lasch, Moprofesa oa Watson oa Histori Univesithing ea Rochester, New York, U.S.A.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho sebelisana le meea ha Mehla e Mecha ho leka bonohe ba linaleli, puisano ho sa sebelisoe mekhoa e tloaelehileng ea puisano, ho thuisa, le mahakoe, ha ho boleloa llntho tse seng kae
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mekhoa ea phekolo ea Mehla e Mecha e akareletsa tšebeliso ea mahakoe