Ha Bongoana e le Phihlelo e Tšosang
KA MONGOLLI OA TSOHA! SPAIN
Kajeno—letsatsi le tšoanang le a mang lilemong tsa bo-1990—bana ba likete tse 200 ba tla loana lintoeng tsa lingangele, bana ba lilemong tsa ho kena sekolo ba limilione tse 100 ba ke ke ba ea sekolong, bana ba limilione tse 150 ba tla robala ka lephako, bana ba limilione tse 30 ba tla robala literateng, ’me bana ba likete tse 40 ba tla shoa.
HAEBA ho bonahala lipalo tse boletsoeng ka holimo li tšosa, lipalo tsa bana ba maemo a hlalositsoeng li otla pelo. Ka tlaase mona ke lipale tse khutšoanyane tsa bana ba bahlano bao mahlomola a bona a hlokisang tšepo a re thusang ho utloisisa se boleloang ke lipalo tsena tse tepeletsang.
Lesole la ngoana. Mohammad o lilemo li 13 feela, empa e se e le lesole le nang le phihlelo Asia boroa-bophirimela, o loanne lintoeng tse supileng. E ne e le molisana oa lipōli pele a ea ntoeng—ha a le lilemo li leshome. Hona joale Mohammad o khona ho sebelisa sethunya se bobebe sa AK-47, seo a sa tsila-tsileng ho se sebelisa. Qhoebeshanong e ’ngoe o ile a bolaea masole a mabeli a lira a le haufi le ’ona. Ha a botsoa hore o ikutloa joang ka polao eo, o ile a araba: “Ke ile ka thaba hobane ke a bolaile.” Ofisiri ea hae e hlalosa hore bana e ba masole a molemo haholoanyane “hobane ha ba tšabe.”
Ngoana ea sebetsang. Woodcaby ea lilemo li ’nè o lula ntlong ea setene sa samente e tsoakiloeng le molora sehleke-hlekeng sa Caribbean. O tsoha hoseng ka 6:00 ho qalisa mesebetsi ea hae ea lelapa letsatsi le letsatsi: ho pheha, ho kha metsi le ho hloekisa ntlo ea mong’a hae. O sebeletsa lelea ’me mohlomong ha ho mohla a tla ea sekolong. Woodcaby o bolela hore o hloloheloa batsoali ba hae, empa ha a tsebe moo ba leng teng. O qeta ho sebetsa ka 9:30 bosiu, ’me haeba a le lehlohonolo, a ke ke a robala ka lephako.
Ngoana ea lapileng. Motsaneng oa Afrika oa Comosawha, ngoanana ea lilemo li 11 o qeta letsatsi ka leng a khathetse a batla litlama. Likotola tsa setlama sa eie—e leng sona feela se melang sebataolong seo—ke tsona tse phelisang eena le lelapa labo. Likotola tsena lia phehoa kapa ho khotloa ebe lia halikoa. Motsoako o bolaeang oa komello le ntoa ea baahi o tlisitse baahi lintšing tsa tlala e khōlō.
Ngoana ea se nang lehae. Edison ke e mong oa bana ba likete ba se nang mahae motseng o moholo oa Amerika Boroa. O etsa cheletenyana ka ho hlakola lieta, ’me o robala seterateng haufi le boemelo ba libese hammoho le bana ba bang ba robalang ba petetsane masiung a batang. Ka linako tse ling o retelehela litlōlong tsa molao tse fokolang ho eketsa chelete ea hae joaloka motho ea hlakolang lieta. Mapolesa a se a mo tetekile ka makhetlo a mabeli ’me o se a qetile likhoeli tse tharo teronkong. Edison o tiisa hore hona joale “o se a batla” a khaolitse ho tsuba lithethefatsi le glue. O laba-labela ho ba setei sa makoloi le ho ithuta mosebetsi oa matsoho.
Lefu la ngoana. Ke hoseng ho batang le ho mongobo thabeng ea Dugen e Bochabela bo Hare. Lesea le phuthetsoeng ka lesela le koahelang litopo le epeloa lebitleng le sa tebang. Lesea lena le bolailoe ke letšollo—sesosa se tloaelehileng sa mafu a bana. ’Mè oa lona ke mophaphathehi ’me lebese la hae le felile nakong ea paleho ea bona e khathatsang bakeng sa polokeho. Ka ho hloka tšepo o ile a fepa lesea la hae tsoekere le metsi, empa metsi ao a ne a silafetse, ’me lesea le ile la shoa. Joaloka bana ba bang ba 25 000 ba ileng ba epeloa letsatsing lona leo, ha ho mohla a ileng a qeta selemo.
Litlaleho tsena tsa tlokotsi ha li atisoa ka makhetlo a likete, li bontša seo bophelo bo leng sona ho bana ba bangata ba lefatše. Bongoana, nako ea ho ithuta le ho hōlela tlas’a tšireletso ea lelapa le lerato, ho bana bana e fetohile phihlelo e tšosang eo ba bangata ba ke keng ba e lebala.
Ka 1990, mongoli oa tlaleho ea The State of the World’s Children, Peter Adamson, o itse: “Tekanyo e kana ea lefu le bohloko ha li sa hlokahala; ka lebaka leo ha li sa amoheleha. Kaha motho o na le matla a ho lokisa boemo, o tlamehile ho etsa joalo.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Photo: Godo-Foto