Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 11/8 maq. 4-6
  • Lebaka le Etsang Hore Bana e be Bahlabani ba Hloahloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka le Etsang Hore Bana e be Bahlabani ba Hloahloa
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba Bona e le Masole
  • Ho Thaotha le ho Koetlisa
  • Ho Khutlela Bophelong bo Tloaelehileng
  • Libetsa Tse Nyenyane, Mathata a Maholo
    Tsoha!—2001
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1999
  • Ha Bongoana e le Phihlelo e Tšosang
    Tsoha!—1994
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 11/8 maq. 4-6

Lebaka le Etsang Hore Bana e be Bahlabani ba Hloahloa

NA U ILE UA BOLAEA? “Che.”

NA U NE U E-NA LE SETHUNYA? “E.”

NA U ILE UA KOROLA SETHUNYA? “E.”

NA U ILE UA THUNYA KA SONA? “E.”

HO ILE HA ETSAHALA’NG? “Ba ile ba ikoella fatše feela.”—World Press Review, ea January 1996.

PUISANO ena e tšosang pakeng tsa mosebeletsi oa sechaba le lesole la ngoana Afrika e senola pherekano e ka kelellong e fokolang e loanelang ho hlakola mehopolo ea nakong e fetileng le ho qala leqephe le lecha.

Lilemong tsa morao tjena, bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 ba keneletse ntoeng linaheng tse 25. Selemong sa 1988 feela, bana ba ka bang 200-000 ba ne ba nkile karolo e mafolofolo lintoeng. Kaha ba ile ba qhekelloa ke batho ba baholo, bana bana ba loanang le bona ke bahlaseluoa.

Bohlokoa ba Bona e le Masole

Nakong e fetileng, ha mabotho a ne a loana ka marumo le lisabole, ngoana o ne a se na monyetla oa ho pholoha ntoeng a loana le motho e moholo ea tšoereng sebetsa se tšoanang. Empa ena ke mehla ea libetsa tse bobebe. Kajeno, ngoana ea hlometseng ka sethunya sa ntoa—sa moetso oa Soviet sa AK-47 kapa sa moetso oa Amerika sa M16—o ba boemong bo lekanang le ba motho e moholo.

Libetsa tsena hase feela hore li bobebe empa hape ho bonolo ho li sebelisa le ho li boloka li sebetsa. AK-47 e ka qhaqhoa le ho kopanngoa bocha ke ngoana ea lilemo li leshome. Lithunya tsena le hona li ngata. Ho se ho rekisitsoe li-AK-47 tse ka bang limilione tse 55. Naheng e ’ngoe ea Afrika, li rekisoa ka theko e tlaase ea R26. Lithunya tsa M16 le tsona li atile ’me li theko e tlaase.

Kantle le hore ba khona ho sebelisa lithunya tsa ntoa, bana ba nkoa e le masole a bohlokoa ka mabaka a mang. Ha ba batle ho lefuoa, ’me ke ka seoelo ba balehang. Ho feta moo, bana ba labalabela ka matla ho khahlisa baholo ba bona. Boikutlo ba bona ba se lokileng le se fosahetseng bo pupetsoa ke takatso ea ho batla ho amoheloa ke sehlopha seo ba seng ba fetohile “karolo” ea sona e bang ke sa boitseki kapa sa lebotho la sesole sa sekhukhu.

Hape ba bangata ba bona ba sebete. Moshebelli e mong oa sesole Afrika Bophirimela o ile a hlalosa: “Kaha ha ho bonahale eka [bana] ba na le kutloisiso e tšoanang le ea masole a batho ba baholo ka lefu, hase hangata ba inehelang tlas’a maemo a hlokisang tšepo.” Moshemane e mong oa Liberia ea neng a bitsoa Molaoli Mochine o Bolaeang o ile a ithorisa: “Ha banna ba tiileng ba furalla ’me ba baleha, rōna bashemane ba banyenyane re ile ra salla ho loana.”

Ka ho makatsang, le hoja bashemane ba etsa masole a hloahloa, hangata ba nkoa e le ba ka nkeloang sebaka habonolo ka ho fetisisa. Nakong ea ntoa e ’ngoe Bochabela bo Hare, lihlopha tsa masole a bana li ile tsa laeloa hore li etelle pele sebakeng se tsetetsoeng liqhomane tsa fatše.

Ho Thaotha le ho Koetlisa

Bana ba bang ba kenella mabothong a ntoa kapa mekhatlong ea bofetoheli hobane ba batla ho ba le phihlelo ea ho ipeha kotsing. Hape, ha kotsi e sokela ’me malapa a qhalakana, lebotho la sesole le fana ka boikutlo ba tšireletseho ’me le nkela lelapa sebaka. United Nations Children’s Fund e re: “Bana ba hōtseng ba pota-potiloe ke pefo ba bona e le eona tsela feela ea ho phela. Ba jeoa ke bolutu, ba setse e le likhutsana, ba tšohile, ba nyahame ’me ba tsielehile, hangata ba qetella ba khethile ho loana.”

Bana ba bang ba kenella mabothong a ntoa hobane ho sa bonahale eka ba na le khetho e ’ngoe e molemonyana. Ka linako tse ling, ha lijo li haella le kotsi e sokela, ho kenella lebothong la ntoa ho ka ’na ha bonahala eka ke eona tsela feela ea ho pholoha.

Ka linako tse ling bana ba ka ’na ba iphumana e le baloaneli ba toka sechabeng, litumelo tsa bolumeli kapa meetlo. Ka mohlala, Peru, bana ba qobelloang ho kenella sesoleng sa sekhukhu ba feta tlas’a thupelo ea nako e telele ea lipolotiki. Leha ho le joalo, seo hase hangata se hlokahalang. Brian Milne eo e leng setsebi sa thuto mabapi le batho ea ileng a ithuta ka masole a bana Boroa-bochabela ho Asia o ile a re: “Bana ha ba na melao-motheo kapa likhopolo tse itseng. Ba ikhuleloa ke lehlakore lena kapa lane ’me ba kenngoa tšebetsong.”

Ho ntse ho le joalo, bana ba bang ba qobelloa ho kena. Lintoeng tse ling tsa Afrika, mekha ea bohanyetsi e hlasela metsana e le hore e hape bana, bao joale ba shebellang kapa ba kopanelang tlhokofatsong kapa polaong ea malapa abo bona. Ka linako tse ling ba qobelloa ho thunya batsoali ba bona kapa ho ba khaola ’metso. Hang ha ba se ba tšositsoe, bashemane bana ba khanneloa ho ea tšosa ba bang. Hangata bana bana ba thatafalitsoeng lipelo ba etsa liketso tse sehlōhō tse nyarosang tseo esita le masole a batho ba baholo a neng a ke ke a li etsa.

Ho Khutlela Bophelong bo Tloaelehileng

Ha ho bonolo ho bana ba joalo ho tloaela bophelo bo se nang pefo. Motsamaisi e mong oa setsi sa bana naheng e ’ngoe ea Afrika Bophirimela o ile a re: “Bana bao re sebetsaneng le bona kaofela ba lemalitsoe likelellong ho isa bohōleng bo itseng. Ba betile, ba bolaea le ho hlokofatsa. Ba bangata ba bona ba noesitsoe joala kapa lithethefatsi, haholo-holo matekoane, empa ka linako tse ling heroine. . . . U ka inahanela hore na lintho tseo li bile le phello e tšabehang hakaakang likelellong tsa bana, bao ba bang ba bona ba leng tlaase lilemong tse ka bang robeli kapa robong.”

Boemo ke bo tšoanang le Liberia e ahisaneng le eona, moo bana ba likete tse mashome-shome ba qetileng nako ea bona ea bongoana ba tšosa baahi ba libaka tse ka thōko. Ha ho bonolo hore bacha bao e leng bo-majoro le balaoli ba mabotho ba tele boemo le bolaoli boo ba bo fumaneng ka AK-47. Moahi e mong oa Somalia o ile a re: “Haeba u na le sethunya, u tla phela. Ha sethunya se le sieo, ha ho bophelo.”

Hangata, bana ba loanang ba sitoa ho khutlela mahaeng abo bona hobane malapa abo bona aa iphetetsa kapa aa ba khesa. Moeletsi e mong oa bana Liberia o ile a re: “Bo-’m’a bana ba re ho rōna, ‘Mo nkeng. Ha re se batle senokoane sena ka tlung ea rōna.’”

Le hoja bana ba bangata ba se ba boetse ba tloaetse ho phela bophelo ba khotso, ho etsa joalo ho hloka lerato le leholo, tšehetso le kutloisiso ho ba haufi le bona. Ha ho bonolo ho bana esita le ho malapa abo bona. Mosebeletsi e mong oa sechaba Mozambique oa hlalosa: “Bapisa bophelo ba ha u ne u khona ho nka ntho leha e le efe eo u e batlang, ho bolella ba bang seo ba lokelang ho se etsa, le bophelo ba ha u se u khutlela motsaneng. Haholo-holo haeba u le lilemo li 17 ’me u sa khone ho bala hape u se na tsebo ea mosebetsi. U setse le bolutu. Ka sebele ho thata ho boela u bolelloa seo u lokelang ho se etsa ke batho ba bang le ho boela u qala sehlopheng sa pele sekolong.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

Anwar ea lilemo li 13 o phela Afghanistan. Ke kakapa e seng e ile ea kopanela lintoeng tse tšeletseng, ’me a bolaea ka lekhetlo la pele ntoeng ea bosupa. O ile a thunya masole a mabeli a le haufi le ’ona eaba o a khotla ’meleng ka mofeng oa sethunya sa hae ho etsa bonnete ba hore a shoele. Ha a botsoa hore na o ile a ikutloa joang ka ketsahalo ena, Anwar o ile a bonahala a makatsoa ke potso eo. O ile a re: “Ke ne ke thabile hobane ke a bolaile.”

Hona ntoeng eo, masole-’moho le Anwar a ile a tšoara masole a mane a lireng. Batšoaruoa bao ba ile ba tlangoa, ba koaloa mahlo, ’me ba thunngoa. Anwar o ile a ikutloa joang ka seo? Mocha enoa ea loanang o ile a phahamisa mahlo ’me a araba butle le hona a iketlile, joalokaha eka o bua le tseketseke. “Ke ne ke thabile.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Motšoaruoa e mong ea neng a le haufi le ho lokolloa Afrika Bophirimela o ne a tlanngoe ka lihanaboi, tseo molaoli oa sesole a neng a lahlile linotlolo tsa tsona. Molaoli eo o ile a rarolla bothata ka ho laela hore lesole la moshemane le khaole matsoho a motšoaruoa eo. Moshemane eo o re: “Le litorong tsa ka ke ntse ke utloa ho bokolla ha monna eo. Nako le nako ha ke nahana ka eena, kea ikoahlaea.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela