Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 maq. 3-4
  • Bana ba Tlokotsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bana ba Tlokotsing
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Masole a Bana le Likhutsana
  • Ka Mofufutso oa Bana
    Tsoha!—1999
  • Ho Tlatlaptjoa ha Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1997
  • Ho Khetholloa ha Batho ba Batšehali
    Tsoha!—1998
  • Lebaka le Etsang Hore Bana e be Bahlabani ba Hloahloa
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 4/8 maq. 3-4

Bana ba Tlokotsing

“Ntle leha bana ba ka fuoa tlhokomelo e khethehileng, mathata ’ohle a motheo le a nako e telele a batho a tla ’ne a sale e ntse e le mathata a motheo le a nako e telele.”—United Nations Children’s Fund.

BANA ba tlokotsing lefatšeng ka bophara. Bopaki bo kholisang ba ho pharalla ha tlokotsi ena bo ile ba fanoa Sebokeng sa Lefatše Khahlanong le Khoebo ea ho Tlatlapa Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali se neng se tšoaretsoe Stockholm, Sweden, ka 1996 ’me ho sona ho e-na le baemeli ba linaha tse 130. Ka mohlala, ho ile ha tlalehoa hore likarolong tse ngata tsa lefatše, ho na le banana ba limilione, ba bang ba le lilemo li leshome feela, ba qobelloang ho sebetsa e le matekatse.

Melbourne University Law Review ea Australia e tlalehile hore botekatse bo joalo bo qobelloang bo ’nile ba bitsoa “bokhoba ba mofuta o mong o mobe ka ho fetisisa o etsahalang hona joale.” Ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho hlaseloa ’meleng, kelellong le maikutlong, banana bana ba angoa hampe ke sena bophelo bohle ba bona. Maemong a mangata banana bana ba inehella tšoaro ena e mpe hobane feela ba batla ho ja e le hore ba ’ne ba phele. Ba tlameha ho khetha pakeng tsa tšoaro e mpe le ho bolaoa ke tlala. Ka masoabi, ba bangata ba bana bana ba se nang mang oee! ba ile ba qobelloa ho fetoha matekatse ke batsoali ba bona ba futsanehileng, ba ileng ba ba rekisa e le hore ba fumane chelete.

Ho phaellang tlokotsing ena e totobetseng ea bana ke taba eo ho atisang ho ba le phehisano e matla ka eona ea ho sebelisoa ha bana ka thata. Asia, Amerika Boroa hammoho le libakeng tse ling le metseng e meng ea likompone United States, esita le bana ba lilemo li hlano feela ba qobelloa ho se ka bitsoang “mosebetsi oa makhoba.” Ba sebetsa joaloka liroboto tse nyenyane tlas’a maemo a nyarosang a senyang ’mele ea bona le maikutlo a bona a fokolang. Ba bangata ba bona ha ba fumane thuto, lerato la botsoali, ha ba na mahae a etsang hore ba ikutloe ba sireletsehile, ha ba na lintho tsa ho bapala, ha ho na lirapa tsa boikhathollo tseo ba ka bapallang ho tsona. Ba bangata ba bona ba hlokeloa kutloelo-bohloko ke batsoali ba bona.

Masole a Bana le Likhutsana

Ho mpefatsang tlokotsi le ho feta, ke ho eketseha ha bana ba sebelisoang e le masole mabothong a sekhukhu. Bana ba ka ’na ba koeteloa kapa ba rekoa limmarakeng tsa makhoba ’me eaba ba thatafatsoa lipelo, ka linako tse ling ka hore ba qobelloe ho shebella polao. Ba bang ba bile ba laeloa hore ba bolaee batsoali ba bona kapa hore ba sebelise lithethefatsi e le ho matlafatsa takatso ea bona ea ho bolaea.

Phihlelo e latelang ke mohlala oa liphello tsa ho khelosoa ha likelello tsa masole a bana a likete, Afrika. Puisano ena e tšosang e bile pakeng tsa mosebeletsi oa sechaba le lesole la moshemane leo ka ho hlakileng le neng le leka ho sireletsa hore ha le na molato:

“Na u ile ua bolaea? ‘Che.’

Na u ne u e-na le sethunya? ‘E.’

Na u ile ua korola sethunya? ‘E.’

Na u ile ua thunya ka sona? ‘E.’

Ho ile ha etsahala’ng? ‘Ba ile ba ikoella fatše feela.’”

Hase feela motho e mong a ileng a etsa tlhahiso ea hore lentsoe “lesole” le hlalosoe ka tsela e ncha ka ho feletseng ha motho a sheba masole a lilemo li tšeletseng ho ea holimo. Ho ’nile ha tlalehoa hore esita le morao koo ka 1988, masole a bana a ne a ka ba 200 000 lefatšeng ho pota.

Ho boleloa hore pakeng tsa 1988 le 1992, sebakeng se seng sa tlhokomelo ea likhutsana naheng e ’ngoe ea Asia, ho ile ha khethoa bana ba 550, boholo ba bona e le banana, hore ba bolaoe ke tlala. Ngaka e ’ngoe ea tlaleha: “Likhutsana tseo li ne li se na lipilisi bakeng sa ho kokobetsa bohloko ba tsona. Esita leha li se li le makhatheng a lefu, li ile tsa faselletsoa libetheng.”

Ho thoe’ng ka Europe? Naha e ’ngoe moo e ile ea nyarosoa ke ho sibolloa ha lequloana la machaba la litšoantšo tsa bootsoa ba bana le koetelang banana ho ea ba tlatlapa ka likamano tsa botona le botšehali. Banana ba bang ba malimabe ba ile ba fenethoa kapa ba bolaoa ke tlala.

Ka sebele litlaleho tsena li bontša hore linaha tse ngata li hlile li na le bothata ba ho hlekefetsoa le ho tlatlapuoa ha bana. Empa na ke ho fetelletsa taba ho bolela hore bothata bona ke kobo-anela lefatšeng ka bophara? Sehlooho se latelang se tla araba potso eo.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Lesole la ngoana Liberia

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

John Gunston/Sipa Press

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Fekthering ea litene, Colombia, bana ba sebetsa e le likiribae tsa batho

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UN PHOTO 148000/Jean Pierre Laffont

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

FAO photo/F. Botts

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela