Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 6/8 maq. 22-27
  • Ka Mofufutso oa Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Mofufutso oa Bana
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boholo ba Bothata
  • Lisosa Tsa ho Hiroa ha Bana
  • Mefuta ea ho Hiroa ha Bana
  • Bongoana Boa Senngoa
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Ke Mang ea Tla Sireletsa Bana ba Rōna?
    Tsoha!—1999
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ke Tlokotsi ea Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 6/8 maq. 22-27

Ka Mofufutso oa Bana

“Hona joale bana ba sebelisoa tlhahisong ea thepa, ba nkoa e le ba ka sebelisetsoang ho ntlafatsa moruo ho e-na le hore e be bokamoso ba sechaba.”—Chira Hongladarom, motsa- maisi oa Setsi sa Basebetsi, Thailand.

KA MOSO ha u rekela morali oa hao popi, hopola hore e ka ’na eaba e entsoe ke bana ba banyenyane Asia Boroa-bochabela. Ka moso ha mor’a hao a raha bolo, hopola hore e ka ’na eaba e rokiloe ke ngoanana ea lilemo li tharo, eo eena hammoho le ’mè oa hae le baholoane ba hae ba bane, ba fumanang R4,50 ka letsatsi. Ka moso ha u reka k’hapete, hopola hore e ka ’na eaba e lohiloe ke menoana e lohang ka potlako ea bashemane ba lilemo li tšeletseng ba sebetsang lihora tse telele letsatsi le leng le le leng tlas’a maemo a khatello.

Ho hiroa ha bana ho atile hakae? Ho etsa’ng ho bana? Ke’ng se ka etsoang ho felisa boemo boo?

Boholo ba Bothata

Ho ea ka Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi (International Labor Organization [ILO]), palo ea bana ba sebetsang ba pakeng tsa lilemo tse 5 le tse 14 linaheng tse ntseng li hōla moruong e hakanyetsoa ho ba limilione tse 250.a Ho lumeloa hore karolo ea 61 lekholong ea bona e Asia, karolo ea 32 lekholong e Afrika, ’me karolo ea 7 lekholong e Latin America. Ho hiroa ha bana ho teng le linaheng tse tsoetseng pele moruong.

Karolong e ka boroa ea Europe ho na le bana ba bangata ba hiriloeng libakeng tse kang tsa temo le lifemeng tse nyenyane, haholo-holo linakong tse itseng tsa selemo. Haufinyane tjena, ho hiroa ha bana ho eketsehile Europe Bohareng le Bochabela ka mor’a hore ho tlohelloe Bokomonisi ho sebelisoe bok’hapitale. United States, palo e molaong ea bana ba sebetsang ke limilione tse 5,5, empa ha e akarelletse bana ba bangata ba lilemo tse ka tlaase ho 12 ba hiriloeng ntle ho molao likhoebong tse sa lateleng melao ea basebetsi kapa ba hiriloeng e le basebetsi ba melata ka linako tse itseng lipolasing tse khōlō. Bana baa ba limilione ba fetoha karolo ea basebetsi joang?

Lisosa Tsa ho Hiroa ha Bana

Ho tlatlapuoa ha mafutsana. The State of the World’s Children 1997 e re: “Tšusumetso e matla ka ho fetisisa e khannelang bana ho etsa mosebetsi o kotsi, o fokolisang ke ho tlatlapuoa ha mafutsana. Malapeng a futsanehileng, tlatsetso e nyenyane ea chelete eo ngoana a e fumanang kapa thuso eo a e etsang lapeng e lumellang batsoali ho sebetsa e ka etsa phapang e khōlō pakeng tsa ho robala ka tlala le ho robala bonyane ba jele.” Hangata batsoali ba bana ba sebetsang ha ba sebetse kapa ha ba na mosebetsi o tsitsitseng. Ba hloka ho ba le chelete e kenang eo ba ka tšepelang ho eona. Joale, ke hobane’ng ha ho fuoa bana ba bona mosebetsi ho e-na le bona? Hobane bana ba ka lefuoa chelete e nyenyane. Kaha bana ba laoloa le ho rutoa habonolo—ba bangata ba tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba bolelloang hore ba e etse, e le ka seoelo ba botsang ba boholong lipotso. Kaha hase hangata bana ba ka ipōpang ngatana ho loantša khatello. Hape kaha ha ba iphetetse ha ba otloa.

Ho haella ha thuto. Sudhir, moshemane ea lilemo li 11 oa India, ke e mong oa bana ba limilione ba tlohetseng sekolo ’me ba qala ho sebetsa. Hobane’ng? Oa araba: “Sekolong, matichere a ne a sa rute hantle. Ha re a kōpa hore a re rute lialfabete, a ne a re shapa. A ne a robala ka tlelaseng. . . . Ha re ne re sa utloisise, a ne a sa re hlalosetse.” Tsela eo Sudhir a hlalosang sekolo ka eona e nepahetse ka tsela e utloisang bohloko. Linaheng tse hōlang moruong, ho fokotsoa ha litšenyehelo tsa sechaba ho amme habohloko mekhoa ea thuto ka ho khetheha. Phuputso e entsoeng ke Machaba a Kopaneng ka 1994 linaheng tse 14 tse tlaase haholo moruong lefatšeng e senotse lintlha tse ling tse thahasellisang. Ka mohlala, linaheng tse supileng ho tsena, liphaposi tsa ho rutela tsa sehlopha sa pele li na le litulo tse ’nè feela bakeng sa barutoana ba bang le ba bang ba leshome. Halofo ea barutoana ha e na libuka tsa sekolo, ’me halofo ea liphaposi tsa ho rutela ha e na moo tichere e ka ngolang teng. Ha ho makatse ha bana ba bangata ba kenang likolong tse joalo ba qetella ba sebetsa.

Litebello tsa moetlo. Hangata, mosebetsi ha e le o kotsi le o batlang eka o boimanyana, o ka ’na oa sieloa merabe e fokolang, lihlopha tse tlaasana, bahloki le mafutsana. Mabapi le naha e ’ngoe ea Asia, Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana e bolela hore “kutloisiso e ’nile ea e-ba hore batho ba bang ba tsoaletsoe ho busa le ho sebelisa likelello tsa bona ha ba bang bona, e leng bona ba hlileng ba leng bangata, ba tsoaletsoe ho sebetsa ka ’mele ea bona.” Ka Bophirimela, hase kamehla maikutlo a leng molemo ho feta ao. Sehlopha sa bahatelli se ka ’na sa se ke sa lakatsa hore bana ba sona ba sebetse mesebetsi e kotsi, empa ha se hlobaele leha e le hanyenyane feela haeba bana ba merabe kapa lihlotšoana tsa ba maemo a itseng a moruo ba etsa mesebetsi e joalo. Ka mohlala, hangata bana ba sebetsang Europe e ka leboea ho ka etsahala hore ebe ke ba Turkey kapa ba Afrika; United States, e ka ’na ea e-ba ba Asia kapa Latin America. Ho sebelisoa ha bana ho mpefatsoa ke batho ba kajeno ba amehileng haholo ka khoebo. Tlhoko ea lihlahisoa tse bitsang chelete e tlaase e phahame. Ho bonahala e le ba seng bakae feela ba hlokomelang hore e ka ’na eaba lihlahisoa tsena li etsoa ke bana ba limilione ba sa tsejoeng, ba tlatlapuoang.

Mefuta ea ho Hiroa ha Bana

Ho hiroa ha bana ho tla ka libōpeho life? Hangata, bana ba bangata ba sebetsa e le basebetsi ba malapeng. Basebetsi ba joalo ba ’nile ba bitsoa “bana ba hlokomolohuoeng ka ho fetisisa lefatšeng.” Mosebetsi oa malapeng ha ho hlokahale hore o be kotsi, empa hangata o kotsi. Bana ba hiriloeng malapeng ba atisa ho lefuoa chelete e tlaase—kapa ba se ke ba lefuoa ho hang. Benghali ba bona ba behela litumellano tsa mosebetsi le maemo ao ba sebeletsang ho ’ona ho ea ka thato ea bona. Ba amohuoa kameho e lerato, monyetla oa ho kena sekolo, oa ho bapala le ho kopana le lithaka tsa bona. Hape ba ka ’na ba hlekefetsoa ’meleng, ba hlekefetsoa le ka likamano tsa botona le botšehali.

Bana ba bang ba iphumana e le basebetsi ba qobelletsoeng le ba tlamiloeng. Asia Boroa, hammoho le libakeng tse ling, hangata bana ba lilemo li robeli kapa li robong feela, ba behoa paneng ho beng ba lifektheri kapa ho baemeli ba bona e le hore batsoali ba bona ba fumane kalimo ea chelete e nyenyane. Tšebetso ea bana ea bophelo bohle ha ho mohla e atlehang ho fokotsa sekoloto seo.

Ho thoe’ng ka khoebo e tlatlapang bana ea likamano tsa botona le botšehali? Ho hakanngoa hore selemo se seng le se seng bonyane banana ba milione lefatšeng ka bophara ba hohelloa khoebong ea likamano tsa botona le botšehali. Bashemane le bona hangata ba tlatlapuoa ka likamano tsa botona le botšehali. Kholofalo ea ’mele le ea maikutlo e bakoang ke mofuta ona oa tlhekefetso—re se re sa re letho ka tšoaetso ea HIV—e etsa hore e be mofuta o mong o kotsi ka ho fetisisa oa ho hiroa ha bana. Letekatse le leng le lilemo li 15 la Senegal le re: “Re boemong bo le bong le ba liotsoa sechabeng. Ha ho motho ea batlang ho re tseba kapa ho bonoa a e-na le rōna.”b

Karolo e khōlō ea bana ba sebetsang e tlatlapuoa mosebetsing oa indasteri le oa temo. Bana ba joalo ba sebetsa ka thata mesebetsing ea limmaene eo le ho batho ba baholo e nkoang hore e kotsi. Ba bangata ba tšoaroa ke lefuba, lefu la matšoafo le asma. Bana ba sebetsang masimong ba pepesehetse lichefo tse bolaeang likokoanyana, ho longoa ke linoha le likokoanyana. Ba bang ba ’nile ba ikholofatsa ka lithipa tse khōlō ha ba ntse ba hela ’moba. Bana ba bang ba limilione ba entse literata moo ba sebetsang. Ka mohlala, nahana ka Shireen ea lilemo li leshome, eo e leng setsebi sa ho hleka litšila literateng. Ha ho mohla a kileng a ea sekolong, empa o na le tsebo e batsi ea ho ikhoantlella. Haeba a rekisa mekotlana ea pampiri e tšelang lithōle le ea polasetiki e etsang liranta tse peli kapa tse tharo, o khona ho ja lijo tsa motšehare. Haeba a fumana e ka tlaase ho moo, ha a je. Bana ba se nang mahae, bao hangata ba balehileng tšoaro e mpe kapa ho hlokomolohuoa lapeng, ba fumana tšoaro e mpe le ho tlatlapuoa le ho feta ha ba le seterateng. Josie ea lilemo li leshome ea rekisang lipompong literateng tse khōlō tsa motse o mong oa Asia o re: “Letsatsi le leng le le leng ke rapela hore ke se ke ka oela matsohong a ea khopo.”

Bongoana Boa Senngoa

Ka lebaka la ho sebelisoa ha bana mesebetsing e joalo, bana ba limilione tse mashome ba pepeselitsoe likotsi tse tebileng. Li ka ’na tsa bakoa ke mofuta oa mosebetsi oo ba o etsang kapa tsa bakoa ke maemo a mabe ao ba sebeletsang ho ’ona. Bana le basebetsi ba bang ba bacha ba atisa ho hlaheloa ke likotsi tse tebileng mosebetsing ho feta batho ba baholo. Lebaka la sena ke hobane kaheho ea bana e fapane le ea batho ba baholo. Masapo a bona a mokokotlo kapa a noka a ka soenetseha habonolo ha ba etsa mosebetsi o boima. Hape, bana ba ameha ho feta batho ba baholo ha ba pepesehetse lik’hemik’hale tse kotsi kapa mahlaseli a kotsi. Ho phaella moo, ’mele ea bana ha e boemong ba ho mamella lihora tse telele tsa mosebetsi o boima le o tenang, oo hangata ba tlamehang ho o etsa. Hangata ha ba hlokomele likotsi, leha e le hona hore ba tseba hakaalo ka mehato ea tšireletso eo ba lokelang ho e nka.

Liphello tsa ho sebelisoa ha bana ka thata tse bang teng kelellong, maikutlong le khōlong ea bona ea kelello le tsona ke tse tebileng. Bana ba joalo ba amohuoe kameho e lerato. Ho shapuoa, ho hlapaoloa, ho otloa ka ho tingoa lijo le ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali ke lintho tse tloaelehileng haholo. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, hoo e ka bang halofo ea bana ba ka bang limilione tse 250 ba sebetsang e tlohetse sekolo. Ho feta moo, ho hlokometsoe hore matla a ho ithuta a bana ba sebetsang lihora tse telele a ka sitiseha.

See sohle se bolela eng? Hore ba bangata ba bana ba sebetsang ba ahloletsoe ho phela ka bofutsana, masisa-pelo, ho kula, ho se tsebe ho bala le ho ngola le ho phela ba sa tšoane le batho ba bang bophelo bohle ba bona. Kapa, joalokaha mongoli Robin Wright a beha taba, “ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea lona litabeng tsa saense le theknoloji, lefatše qetellong ea Lekholo la bo20 la Lilemo le hlahisa bana ba limilione ba se nang tšepo ho hang ea ho phela bophelo bo tloaelehileng, ho se ho sa thoe letho ka ho lebisa lefatše lekholong la bo21 la lilemo.” Lintlha tsena tse totobetseng li hlahisa potso: Bana ba lokela ho tšoaroa joang? Na ho na le tharollo leha e le efe e haufinyane ea bothata bona ba ho hlekefetsa bana ka ho ba sebelisa ka thata?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka kakaretso, ILO e bolela hore bana ba lilemo li 15 ke bona ba tlaase-tlaase lilemong ba ka lumelloang ho sebetsa—le teng haeba 15 eo e se ka tlaase ho lilemo tse tlamang tsa sekolo. Ena e bile tekanyetso e sebelisoang ka ho fetisisa ha ho lekanyetsoa hore na ke bana ba bangata hakae bao hona joale ba sebetsang lefatšeng ho pota.

b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho hlekefetsoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali, bona tokollo ea Tsoha! ea April 8, 1997, leqepheng la 27-31.

[Lebokose le leqepheng la 23]

Ho Hiroa ha Bana ke Eng?

BANA ba bangata lichabeng tsohle ba sebetsa ka tsela ena kapa eane. Mosebetsi oo ba o etsang o fapana ho ea ka lichaba le ha nako e ntse e feta. Mosebetsi e ka ba karolo ea bohlokoa ea thuto ea bana ’me ke tsela eo motsoali a fetisetsang tsebo ea bohlokoa ka eona ngoaneng. Linaheng tse ling, hangata bana ba sebetsang litsing tsa koetliso le lifemeng tse nyenyane, butle-butle ba fetoha basebetsi ba nang le tsebo e feletseng hamorao bophelong. Linaheng tse ling, bacha ba sebetsa lihora li se kae ka beke ho iphumanela chelete ea ho ipatlela lintho tse nyenyane. Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana le bolela hore mosebetsi o joalo “o molemo, o khothalletsa kapa o hōlisa ’mele, kelello, bomoea, boitšoaro le eona tsoelo-pele ea ngoana sechabeng empa o sa mo sitise ho kena sekolo, ho ikhatholla le ho phomola.”

Ka lehlakoreng le leng, ho hiroa ha bana ho ama bana ba sebetsang lihora tse telele ’me ba lefuoa moputso o tlaase, hangata ba sebetsa tlas’a maemo a kotsi bophelong ba bona. The State of the World’s Children 1997 e bolela hore mosebetsi oa mofuta ona “ka ho hlakileng o kotsi kapa ke o tlatlapang. Ha ho motho ea ka bolelang phatlalatsa hore ho tlatlapa bana ka ho ba etsa matekatse hoa amoheleha ka tsela leha e le efe. Ho ka boleloa ntho e tšoanang ka ‘bana ba tlameletsoeng ho sebetsa,’ e leng poleloana e atisang ho sebelisoa ho bana bao ho ka thoeng ba entsoe makhoba e le hore ba lefelle likoloto tsa batsoali ba bona kapa tsa bo-ntate-moholo le bo-nkhono ba bona. E boetse e sebelisoa liindastering tse tummeng hampe ka ho baka maemo a kotsi le a sa sireletsehang . . . Ka sebele bana bohle ba sitoa ho mamella mosebetsi o kotsi.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]

“Ho sa na le ho Hongata ho Lokelang ho Etsoa”

MOKHATLO oa Machaba oa Basebetsi (International Labor Organization [ILO]) o eteletse pele boiteko ba ho felisa mefuta ena e mebe ka ho fetisisa ea ho sebelisoa ha bana. ILO e susumetsa mebuso ho ntša melao e thibelang ho sebelisoa ha bana ba lilemo tse ka tlaase ho 15. E boetse e khothalletsa mebuso ho etsa litumellano tse thibelang hore bana ba lilemo tse ka tlaase ho 12 ba sebetse le ho thibela ka molao mefuta e meng e kotsi ka ho fetisisa ea tlatlapo. Ho fumana ho eketsehileng ka katleho ea boiteko bo joalo, Tsoha! e ile ea buisana le Sonia Rosen, e leng motsamaisi oa Lenaneo la Machaba la ho Hiroa ha Bana, Lefapheng la Basebetsi United States. O sebelisane haufi le mananeo a fapa-fapaneng a ILO. Mona ke karolo ea puisano eo.

P.: Ke tsela efe e atlehang ka ho fetisisa ea ho loantša ho hiroa ha bana?

K.: Ha re na karabo le e ’ngoe e tobileng. Leha ho le joalo, boemong ba machaba, litsela tseo re li tšohlileng ke tsona tse ka sehloohong, e leng, ho matlafatsa molao ka ho lekaneng hammoho le ho fana ka thuto ea motheo e akaretsang, haholo-holo ho etsoe hore e tlame ’me e se ke ea lefelloa. Ka sebele, ho ba le mesebetsi e lekaneng bakeng sa batsoali le hona ke habohlokoa.

P.: Na u khotsofetse ke tsoelo-pele e seng e entsoe ho fihlela hona joale ho loantšeng ho hiroa ha bana?

K.: Ha ho mohla nkileng ka khotsofala. Leano la rōna ke hore ho se be le ngoana le ea mong ea sebetsang tlas’a maemo a mabe. Re entse khatelo-pele e khōlō ka mananeo a ILO. Empa ho sa na le ho hongata ho lokelang ho etsoa.

P.: Mekhatlo ea machaba e arabela joang boitekong ba ho felisa ho hiroa ha bana?

K.: Ha ke sa tseba hore na ke arabe potso eo joang. Hona joale lefatšeng ka bophara re lumellana ho isa bohōleng bo itseng hore ho hiroa ha bana ke qaka e lokelang ho rarolloa. Ke nahana hore mothating ona potso ke hore: Joang, hona kapele hakae? Ke litsela life tse molemo ka ho fetisisa tse ka sebelisoang ho sebetsana le mefuta e itseng ea ho hiroa ha bana? Ke nahana hore ke hona moo bothata ba rōna bo leng teng moo.

P.: Ke’ng seo bana ba sebetsang ba ka se lebellang nakong e tlang?

K.: Linaha tsohle tsa lefatše li mothating oa ho khutlela Geneva selemong sena ho ea etsa qeto ea tumellano e ncha ka mefuta ena e kotsi ka ho fetisisa ea ho hiroa ha bana. Ka sebele seo se fana ka lebaka le matla la tšepo—kaha ke linaha tsohle, hammoho le mekhatlo ea basebetsi le mekhatlo ea bahiri. Re tšepa hore e tla theha moralo o mocha oo sepheo sa oona e leng ho felisa mefuta e kotsi ka ho fetisisa ea ho sebelisoa ha bana.

Hase bohle ba lumellanang le tšepo eo Sonia Rosen a nang le eona ea ho atleha. Charles MacCormack, mopresidente oa Save the Children, o na le maikutlo a fapaneng. O re: “Takatso ea bo-ralipolotiki le ho tsotella ha sechaba lia haella hore seo se ka etsahala.” Hobane’ng? Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana le re: “Hangata ho hiroa ha bana ke taba e rarahaneng. Mekhatlo e matla ea ho tšehetsa, ho akarelletsa le bahiri ba bangata, lihlopha tsa ba nang le liabo le litsebi tsa moruo tse buellang hore khoebong ho tlameha ho be le tlhōlisano esita le bo-rameetlo ba lumellang hore ho khethollana ka maemo kapa ka lihlopha ho amoha bana ba itseng litokelo tsa bona.”

[Setšoantšo]

Sonia Rosen

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Histori e bohloko ea ho hiroa ha bana e akarelletsa ho sehla ka thata limmaeneng le lifekthering tsa k’hothone

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. National Archives photos

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

O hleka litšila literateng

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Mosebetsi o boima oa ho khoahlapisa patsi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UN PHOTO 148046/J. P. Laffont - SYGMA

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

O hiriloe fekthering e ohlang boea

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

CORBIS/Dean Conger

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ngoana ea rekisang literateng o sebeletsa chelete e nyenyane e ka etsang lisente tse 40 ka letsatsi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UN PHOTO 148027/Jean Pierre Laffont

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

O sebetsa moo ho betloang lepolanka

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UN PHOTO 148079/ J. P. Laffont - SYGMA

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Oa ikhoantlella

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UN PHOTO 148048/J. P. Laffont - SYGMA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela