Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 6/8 maq. 29-31
  • Nka Khaotsa Joang ho Khahloa ke Motho e Mong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Khaotsa Joang ho Khahloa ke Motho e Mong?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Thuso
  • Ho Khaotsa Kamano ka ho Feletseng Hang-hang
  • Ho Sebetsana le Bohloko
  • Ho Thoe’ng Haeba Ke Rata Motho ea sa Lumelang?
    Tsoha!—1994
  • Nka Khaotsa ho Phela Bophelo bo Habeli Joang?
    Tsoha!—1994
  • Na Motho eo o Ntoketse?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka mo Hana Joang?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 6/8 maq. 29-31

Nka Khaotsa Joang ho Khahloa ke Motho e Mong?

“KE LILEMO li 20 ’me ke Paki e kolobelitsoeng ea Jehova. Empa ke ile ka qala ho laetsana le motho ea lilemo li 28 [ea sa lumelang]. Ke ne ke mo rata, ’me ke ne ke kholoa hore oa nthata. Batsoali ba ka ba ne ba sa tsebe ka hona, hobane ke ne ke tseba hore ba ke ke ba ananela. Ha ba sibolla, ba ne ba utloile bohloko ebile ba nyarohile. Ba ne ba sa utloisise hore na ho tla joang ke be le kamano ea lerato le monna oa lefatše.”

Ke kamoo ho ileng ha ngola mosali e mocha oa Mokreste eo re tla mo bitsa Monique.a Ka masoabi, bacha ba ’maloa ba iphumane ba le maqakabetsing a tšoanang—ba nkehile maikutlong a lerato kapa ba khahliloe maikutlong a lerato ke motho ea sa lumelang, motho ea sa arolelaneng le bona litumelo tsa Bokreste le litekanyetso tsa boitšoaro. Sehlooho sa pele letotong lena se ile sa bontša hore kamano e joalo hase e sa thabiseng feela ho Molimo empa hape ke tšokelo e tiileng thabong le boiketlong ba motho. Ruth e mocha o ile a lemoha ’nete eo. Oa bolela: “Ke ile ka atamelana haholo le moshemane eo e neng e se molumeli. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore haeba ke tla ba le kamano ea mofuta leha e le ofe le Jehova, ke ne ke tlameha ho khaotsa kamano ea ka le eena.”

Haeba u Mokreste, mohlomong u ka qotsa mantsoe a Bibele a ho Jakobo 4:4: “Hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” Empa haeba u na le kamano ea lerato le motho ea sa lumelang, ho ka ’na ha se be bonolo ho sebelisa mantsoe ana. Ka sebele, khopolo ea ho khaotsa kamano e ka u sithabetsa. U ka ikutloa u khaohile likoto ka hare. U ka ’na ua botsa: ‘Nka khaotsa joang ho khahloa—kapa ho rata—motho e mong?’

Moapostola Pauluse o kile a re: “Hobane ha e le ka motho oa kahare, ke thabela molao oa Molimo; empa ke fumana molao osele lithong tsa ka, o loantšanang le molao oa kelello ea ka, o mpofellang molaong oa sebe, o lithong tsa ka. Ke motho ea soto hakakang!” (Ba-Roma 7:22-24) Joaloka Pauluse, e ka ’na eaba maikutlo a hao aa loantšana. Empa, bacha ba bangata ba Bakreste ba hapile ntoa ena ’me, kamoo ho ka boleloang kateng, ba ‘tlositsoe mollong.’ (Bapisa le Juda 23.) Joang? Ka ho khaotsa likamano tse senyang pele kotsi e ke keng ea lokisoa e etsahala.

Ho Fumana Thuso

Ka mohlala, Mark o ile a hōlisa seo a se bitsang “ho hapeha maikutlo a lerato ho tiileng” bakeng sa motho e mong ea sa lumelang ha a le lilemo li 14 feela. Ho e-na le ho batla thuso, o ile a leka ho boloka maikutlo a hae e le lekunutu. Empa maikutlo a hae bakeng sa ngoanana eo a ile a e-ba matla ho feta. Ka mor’a nakoana o ne a se a mo letsetsa mohala ka lekunutu. Ha ngoanana a qala ho mo letsetsa, ho ile ha nka nakoana e fokolang pele batsoali ba hae ba tseba se etsahalang.

U se ke ua etsa phoso e tšoanang ea ho leka ho itharollela bothata. Liproverbia 28:26 e re: “Ea itšepelang pelo ea hae ke lehlanya; empa ea tsamaeang bohlaleng o tla pholoha.” Ka sebele, na u ne u ka ba boemong boo tabeng ea pele haeba kahlolo ea hao e ne e sa thefuloa ka tsela e itseng? Ka linako tse ling maikutlo a rōna a hlōla mabaka, ’me re hloka thuso ea motho ea hlaphohetsoeng haholoanyane le ea shebisisang lintho ka mahlakoreng ’ohle. Mohlomong batsoali ba hao ba boemong bo molemohali ba ho u thusa, haholo-holo haeba ba tšaba Molimo. Mohlomong, ba u tseba hamolemo ho feta kamoo motho e mong a u tsebang kateng. Ba kile ba ba bacha ’me ba ka thusoa ho utloisisa seo u fetang tlas’a sona. Ho Liproverbia 23:26, mongoli oa Bibele Salomone oa eletsa: “Ngoan’a ka, mphe pelo ea hao, mahlo a hao a khahloe ke tsela tsa ka.” Ke hobane’ng ha u sa fe batsoali ba hao pelo ea hao, ’me u ba tsebise hore u hloka thuso?

Jim e mocha o ile a etsa feela joalo. O ne a loantšana le maikutlo a ho ameha ho matla maikutlong a lerato le ngoanana e mong sekolong. O re: “Qetellong ke ile ka kōpa thuso ho batsoali ba ka. Sena e ne e le senotlolo sa hore ke hlōle maikutlo ao. Ba ile ba nthusa haholo.” Ka mor’a ho fumana tšehetso e lerato ea batsoali ba hae, Jim o fana ka keletso ena: “Ke nahana hore bacha ba bang ba Bakreste ha baa lokela ho qea-qea ho buisana le batsoali ba bona. Buisana le bona. Ba tla u utloisisa.”

Boemong bo tšoanang, mocha ea bitsoang Andrew o ile a batla mofuta o mong hape oa thuso. Mabapi le ho ba teng ha hae kopanong ea potoloho ea sebaka sa habo ea Lipaki tsa Jehova, o re: “E ’ngoe ea lipuo e ile ea nkama. Molebeli oa potoloho o ile a fana ka taeo e matla khahlanong le ho theha likamano le litho tsa bong bo fapaneng tseo eseng Bakreste. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho lokisa monahano oa ka hang-hang.” Kahoo o ile a etsa joang? Pele o ile a bua le ’mè oa hae, motsoali ea mong, ’me a rua molemo keletsong ea hae. Eaba o boela a ea ho moholo oa phutheho ea habo ea Lipaki tsa Jehova, ea ileng a khona ho fana ka thuso e eketsehileng. Baholo ba phutheho ba ka ba “joale ka tšireletso ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla” bakeng sa ba tšoenyehileng. (Esaia 32:2) Ke hobane’ng ha u sa atamele e mong oa bona, ’me u mo tsebise se u tšoenyang?

Ho Khaotsa Kamano ka ho Feletseng Hang-hang

Ha batsoali ba Mark ba sibolla kamano ea hae ea lekunutu, ba ile ba nka bohato hang-hang. Mark o re: “Ba ne ba tobile ha ba mpolella hore ke khaotse kamano eo. Pele ke ile ka arabela ka bofetoheli. Re ile ra arabisana ka mantsoe a phahameng, ’me ke ile ka ikoalla ka kamoreng ea ka. Empa haufinyane ke ile ka nahana ka lintho tsa sebele tsa boemo boo, ’me ke ile ka hlokomela hore re na le lipakane tse fapaneng le ngoanana eo. Kamano ea rōna e ne e ke ke ea atleha.” E, ho nahanisisa ka lintho tsa sebele tsa boemo ho ka thusa ho kokobetsa maikutlo a hao. Ipotse: ‘Na motho eo o na le lipakane tse tšoanang le tsa ka, litumelo tsa ka, litekanyetso tsa ka tsa mekhoa? Ha re ne re ka nyalana, na motho eo o ne a tla tšehetsa boiteko ba ka ba ho rapela Molimo? Na motho eo o na le cheseho e tšoanang le ea ka ea lintho tsa moea? Ka sebele, ho ka ba le kutloano ea mofuta ofe kamanong e joalo?’—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 6:14-18.

Leha ho le joalo, ho khaotsa kamano ka ho feletseng hang-hang ho ke ke ha e-ba bonolo. Monique, ea boletsoeng qalong, oa lumela: “Ke ile ka leka ka makhetlo a mabeli ho khaotsa kamano eo empa ka se atlehe. Ke ne ke sa batle ho khaohana le eena ka ho feletseng. Ke ile ka qala ho mo pakela, ke tšepile hore o tla amohela Jehova. O bile a tla sebokeng sa Sontaha ka lekhetlo le le leng. Empa o ne a se na thahasello ea sebele ho Jehova. Ke ile ka hlokomela hore tsela e nepahetseng ke ho khaohana le eena ka ho feletseng.”

Sena se re hopotsa mantsoe a Jesu a ho Mattheu 5:30. (NW) Teng o ile a bua ka lintho tse ka sitisang motho ho kena ’Musong oa Molimo—lintho tse ka ratehang joaloka letsoho le letona. Ho ntse ho le joalo, Jesu o ile a eletsa: “Le khaole ’me u le lahlele hōle le uena. Hobane ho molemo ho feta ho uena hore setho se le seng sa hao se lahlehe ho feta hore ’mele oa hao oohle o felle Gehenna [tšoantšetso ea pheliso ea ka ho sa feleng].” Tumellanong le molao-motheo ona, ka sebete e-ea ho motho eo u nang le kamano le eena ’me u “bolele ’nete.” (Ba-Efese 4:25) Moo batho ba bang ba leng teng—eseng moo le leng bang kapa boemong bo amang maikutlo a lerato—mo tsebise ka ho tobileng hore kamano e felile. Sheila e mocha oa hopola: “Se ileng sa sebetsa tabeng ea ka ke ho nka bohato bo tiileng. Ho se hlole re e-ja lijo tsa motšehare ’moho. Ho se hlole re bonana linakong tsa ho bala. Ke ile ka mo hlakisetsa boemo ba ka.” Ngoanana oa Mokreste ea bitsoang Pam o ile a toba taba ka ho tšoanang: “Qetellong ke ile ka ’molella hore a khaohane le ’na, eaba ke iphapanyetsa eena.”

Ho Sebetsana le Bohloko

Ka mor’a khaohano e joalo, mohlomong u ka ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Ke kobame, ke manahane hampe; ke ntse ke tsamaea ka bofifi tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 38:6) Ho feta nakong e itseng ea ho hlomoha e ka ba ha tlhaho. Bibele e lumela hore “nako e teng ea ho bokolla.” (Moeklesia 3:4) Empa ha ua lokela ho hlomoha ka ho sa feleng. Bohloko boo bo tla fela ka mor’a nako. Mark oa lumela: “E, ke ile ka feta nakong ea ho hlomoha. Batsoali ba ka ba ile ba hlokomela sena eaba ba eketsa setsoalle sa ka le bacha ba bang ba Bakreste. Sena se ile sa thusa haholo.” Andrew, eo ka ho tšoanang a ileng a ikutloa a tepeletse maikutlong ka mor’a khaohano ea hae, o re: “Baholo ba ile ba thusa. Ke ile ka boela ka tšoareha haholoanyane mosebetsing oa boboleli ’me ka atamelana le baena ba bang ba Bakreste bao ke neng ke e-na le kamano e ntle le bona.” E, tšoareha mesebetsing ea moea. (1 Ba-Korinthe 15:58) Mosebetsi o itseng kapa boitlhakiso ba ’mele le tsona li ka thusa. Qoba ho ba mong. (Liproverbia 18:1) Boloka kelello ea hao linthong tse thabisang tse hahang.—Ba-Filippi 4:8.

Hape, hopola hore Jehova o tla khahlisoa ke bohato ba hao bo sebete. Lokoloha ho ea ho eena ka thapelo bakeng sa thuso le tšehetso. (Pesaleme ea 55:22; 65:2) Sheila e mocha oa hopola: “Ke ne ke rapela haholo.” Che, ha ho bonolo ho khaotsa kamano e kotsi. Sheila oa lumela: “Le hoja e felile, ka linako tse ling ke nahana ka eena le ho ipotsa hore na o etsa’ng. Empa u khomarela boikemisetsong ba hao, ka ho tseba hore u khahlisa Jehova.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Tsebisa motho eo ka ho tobileng hore kamano e felile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela