Thusa Bana ba Hao ho Sebetsana le Mathata a Sekolo ka Katleho
MAEMO a lefatše a ntseng a senyeha ho ea pele a re ama kaofela, ho akareletsa le bana ba rōna. Ka ho nepahetseng, Lentsoe la Molimo Bibele le boletse esale pele hore mehleng ea rōna “ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” le hore “batho ba khopo le bathetsi ba [tla] tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo eketsehileng.” (2 Timothea 3:1-5, 13, NW) Ka hona, kajeno sekolo se tletse mathata ha barutoana ba loantšana le maemo ao ka seoelo batsoali ba bona ba ileng ba a latsoa. Ke’ng seo batsoali ba ka se etsang ho thusa bana ba bona ho sebetsana le mathata ka katleho?
Khatello ea Lithaka
Bana ba bangata ba latsoa khatello ea lithaka ka linako tse ling. Seithuti se seng sa Lefora sea tletleba: “Batsoali le sechaba ba etsa sohle se matleng a bona ho thusa, empa ha sea lekana. Litlokotsebe tse ling tsa bacha li hatella bacha ba bang. . . . Batsoali ba sa laoleng bana ba bona hase batsoali.”
Batsoali ba nang le boikarabelo ba leka ho thusa bana ba bona ho hōlisa litšoaneleho tsa moea tse ba nehang matla a ka hare ao ba a hlokang ho emelana le khatello ea lithaka. Ntate e mong oa hlalosa: “Re etsa boiteko bo tšepahalang ho thusa bana ba rōna ho haha boikutlo ba ho itšepa, hore ba se ikutloe ho hlokahala ho fumana kamohelo ea lithaka tsa bona. Haeba ho fapana le bana ba bang ho se bohlokoa ho bona, ba tla nolofalloa ho hanela ho latela tsela e fosahetseng e khothalletsoang ke lithaka tsa bona.” Ho ruta bana ba hae ho sebetsana le maemo ana a thata, motsoali enoa o ipha nako bakeng sa lelapa la hae moo a tšoantšetsang karolo ea seithuti le tichere kapa seithuti-’moho, a hle a bontše maemo a sebele a ka hlahang le ho bontša litsela tsa ho sebetsana le ’ona ka katleho. E-ba motsoali ea tšehetsang le ho thusa bana ba hao ho hōlisa boikutlo ba ho itšepa.
Puo e Mpe
Ha litekanyetso tsa boitšoaro lefatšeng ka bophara li ntse li theoha, puo e mpe e fetoha ntho e tloaelehileng ka ho eketsehileng. Linaheng tse ngata e utloahala khafetsa nakong eo TV e shebelletsoeng ka bongata mantsiboea. Ka hona, mabala a lipapali a sekolo, liphasejeng le litlelaseng ho utloahala puo e litšila.
Matichere a mang a lokafatsa ho rohakana ha ’ona, a bolela hore liithuti tsa ’ona li ka iketsetsa qeto ka puo e joalo. Empa mokhoa o joalo o lumella liithuti ho amohela mantsoe ana a silafetseng e le karolo ea puo e amohelehang ea letsatsi le letsatsi.
Motsoali ea bohlale ka mosa o hlalosa ka tsela e bonolo lebaka leo mantsoe a joalo a sa lumelloang lapeng. A ka boela a thibela bothata ba puo e mpe ka tlelaseng ka ho hlahloba lenaneo la thuto ho hlokomela libuka tseo ngoana a tla ithuta tsona. Haeba libuka leha e le life tse baloang li na le puo e mpe kapa li bontša boitšoaro bo bobe, mohlomong a ka kōpa tichere ea ngoana ho khetha buka e ’ngoe e nang le litaba tse ka hare tse amohelehang. Katamelo e leka-lekaneng e bontša ho ba le kahlolo e molemo.—Ba-Filippi 4:5.
Boitšoaro bo Bobe le Lithethefatsi
Liphuputso li senola hore batsoali ba bangata ba lumela hore “ba bile lihlong haholo kapa ho soabela ho bua ka sehlooho sa [thuto ea botona le botšehali] lapeng.” Ho e-na le hoo, ba ile ba tšepa hore sekolo ke sona se tla neha bana ba bona boitsebiso bo nepahetseng. Empa The Sunday Times ea London e tlaleha hore ho latela tichere e ’ngoe e nang le phihlelo, kajeno lenane le leholo la ho ima ha bacha “le amana haholo le boitšoaro ho feta mekhoa ea tšebeliso ea lithibela-pelehi.” Batsoali ke bona ba leng boemong bo botle ka ho fetisisa ba ho beha litekanyetso tseo ba lebeletseng hore bana ba bona ba li boloke.
Ho joalo le ka tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Khaello ea tataiso ea batsoali e mpefatsa bothata. Francoscopie 1993 ea hlokomela: “Ha bophelo ba lelapa bo bonahala bo sa ipiletse ka ho eketsehileng ho ngoana, tloaelo ea hore a iphumanele se nkelang bophelo ba lelapa sebaka e khōlōanyane. Hangata ho [sebelisa] lithethefatsi ke e ’ngoe ea tsona.” Micheline Chaban-Delmas mopresidente oa mokhatlo oa Toxicomanie et Prévention Jeunesse (Tšebeliso ea Lithethefatsi le Tšireletso ea Bacha) oa lumela: “Ho thata ho ba motsoali. Ka mehla o tlameha ho lula o falimehile; hangata lithethefatsi ke tsela ea ho lemosa batsoali hore ho na le phoso e itseng. Haeba mocha a ikutloa hore ’mè oa hae kapa ntate ha ba mo tsotelle, ha a fuoa lithethefatsi, li ka bonahala e le tharollo ea mohlolo ea mathata a hae.”
Motsoali e mong oa Canada o hlalosa kamoo eena le mosali oa hae ba bontšitseng thahasello ea sebele ho morali oa bona ea kenang sekolo: “Re ne re isa Nadine sekolong le ho mo lata. Hangata, ka mor’a ho mo lata, ho qaleha puisano e tla senola hore na o hlotse joang. Haeba re hlokomela bothata bo itseng bo tebileng, mohlomong re buisana le eena ka nako eo kapa ho boela re bua ka taba eo nakong ea lijo tsa mantsiboea kapa nakong ea puisano ea lelapa.” Le uena u ka bontša kameho ea sebele le lerato ho ngoana oa hao ka tsela e tšoanang ka ho boloka mecha ea puisano e bulehile.
Bompoli le Pefo
Maureen O’Connor bukeng How to Help Your Child Through School o bolela hore bompoli ke “bo bong ba mathata a kotsi ka ho fetisisa ebile a hohela sekolong.” O boetse o hlokometse hore “le hoja hangata bahlaseluoa ba hlokofatsoa, ha ba ikemisetsa ho bolella motho e moholo ka sena ka ho tšaba ho bitsoa ‘lekoala.’”
Ka bomalimabe, matichere a mang a talima bompoli e le boitšoaro bo tloaelehileng. Empa ba bang ba bangata ba lumellana le tichere Pete Stephenson, ea lumelang hore bompoli ke “mofuta oa tlhekefetso” le ho tiisa hore “ha ho molemong oa bo-’mampoli ho lumella sena ho tsoela pele.”
Joale, ke’ng seo u ka se etsang haeba ngoana oa hao e e-ba mohlaseluoa oa bo-’mampoli? O’Connor oa ngola: “Tšireletso ea bohlokoa ka ho fetisisa e lokela ho ba sechaba sa batho ba baholo moo [mohlaseluoa] a lulang teng.” Buisana le tichere e nang le kutloelo-bohloko. Sena se tla tiisetsa ngoana oa hao hore ho uena le tichere boitšoaro bona bo mabifi ha bo amohelehe. Likolo tse ngata li amohetse leano le hlakileng khahlanong le bo-’mampoli, leo matichere a ka buang ka lona phatlalatsa ka tlelaseng.
Natalie e bile mohlaseluoa oa bo-’mampoli ka lebaka la bolumeli ba hae. O re: “Hobane ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ne ke rohakoa, ’me ka linako tse ling lintho tsa ka li ne li taboloa.” Bakeng sa ho rarolla bothata, o ile a buisana le batsoali ba hae ba ileng ba etsa tlhahiso ea hore a buisane le matichere ea hae. O ile a etsa joalo. Oa phaella: “Ke ile ka boela ka nka bohato ba pele ho letsetsa ka thelefono batsoali ba bo-’mampoli ba babeli bao ke kenang le bona ka tlelaseng ba neng ba nkhathatsa. Ka hobane ke tsebile ho ba hlalosetsa bothata bona, lintho li ntlafetse haholoanyane hona joale. Ka hona ke ile ka fumana tiisetso ea matichere a ka le boholo ba bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng.”
Ka linako tse ling batsoali ba hlokomela hore ngoana oa bona ke ’mampoli, eseng mohlaseluoa. Boemong boo ba tla be ba etsa hantle ha ba hlahloba se etsahalang lapeng. The Times ea London ea tlaleha: “Bana bao ho bonahalang ba e-na le boitšoaro bo mabifi ba tsoa malapeng ao batsoali ba sa rarolleng mathata ka ho lekaneng,” ea phaella: “Boitšoaro bo mabifi ke ntho e ithutoang.”
Libakeng tse ling pefo e jele setsi. Ha merusu ea lipolotiki e batla e sitisa hoo e leng likolo tsohle, bana ba nkang ho se nke lehlakore e le habohlokoa ka linako tse ling ba ho fumane ho le molemo ho itulela lapeng. Empa ha khathatso e qala ha ba le sekolong, ka bohlale ba tsoa ba patile mohoasa ho khutlela lapeng ho fihlela lintho li khutletse setloaeling.
Thuto e Fokolang
Puisano e ntle mahareng a ngoana oa hao le matichere a hae e ka thusa ha thuto e fokolang e baka mathata. Banyalani ba bang ba re: “Ka linako tsohle re khothalletsa morali oa rōna ho ba le boikutlo bo botle ka lithuto tsa hae tsa sekolo.” Empa ha tichere e hlōleha ho etsa hore thuto e be e thahasellisang, bana ba potlakela ho felloa ke thahasello. Haeba ngoana oa hao a fumana hore ho joalo le ka eena, ke hobane’ng ha u sa mo khothaletse hore a buisane ka sena le tichere ka thōko?
Thusa ngoana oa hao ho lokisetsa lipotso tseo ha li arabeloa, li tla mo nolofaletsa ho utloisisa moko-taba oa thuto le ho ithuta ho sebelisa seo a se rutiloeng. Sena se le seng ha se fane ka tiiso ea thahasello ea sebele le ea ka ho sa feleng thutong. Ho hongata ho itšetlehile ka mohlala oa hao oa botsoali. Bontša hore u ua tsotella ka ho buisana le ngoana oa hao ka lithuto tsa hae ’me u fane ka thuso mosebetsing oa ho etsa liphuputso oo tichere e fanang ka oona.
Sekolong ho na le bana ba tsoang malapeng a arohaneng, kapa ba phelang boemong ba ho tšoaroa hampe kapa ho se hlokomeloe, ’me ka hona ba haelloa ke boikutlo ba ho itšepa le ba boitlhompho. Ba itsoakanya le bana bao ho bonahalang ba e-na le boemo bo molemonyana. Batsoali ba bangata baa hlokomela hore ho hlokahala hore ba phehelle ho thusa bana ba bona ho sebetsana le mathata a hlahang sekolong ka katleho. Empa ho thoe’ng ka litšebelisano tsa motsoali le tichere? Ke kamano ea mofuta ofe eo ba tlamehang ho e hlaolela, hona joang?
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na Ngoana oa Hao ke Mohlaseluoa oa Bo-’mampoli?
LITSEBI li eletsa batsoali ho hlokomela matšoao a bonahalang ho bana ba bona. Na oa tsila-tsila ha a tlameha ho ea sekolong, o qoba bana bao a kenang sekolo le bona, o fihla lapeng a e-na le mengoapo kapa liaparo li tabohile?
Khothalletsa ngoana oa hao ho u bolella hantle se etsahetseng. Sena se tla u thusa ho tseba haeba bo-’mampoli e hlile e le bothata ba sebele. Haeba ho le joalo, buisana le tichere e nang le kutloelo-bohloko.
Thusa ngoana oa hao ho sebetsana le sena ka katleho ka ho fana ka tlhahiso ea hore a lule haufi le bao a kenang sekolo le bona ba tšepahalang le ho qoba libaka le ’moka eo bompoli bo ka etsahalang hape. Ngoana ea nang le boikutlo bo botle ba ho tšeha le ea tsebang ho bua ho tima hlaha hangata o qoba ho hlekefetsoa ke bo-’mampoli.
Qoba ho ba ea amehileng ka ho fetisisa, ’me u se khothaletse boiphetetso.