Ho Itokolla Bompoling
‘Bompoli ke ntho eo motho a ithutang eona, ’me ntho leha e le efe eo motho a ithutang eona a ka e tsoela.’—Dr. C. Sally Murphy.
’MAMPOLI le ea hlorisoang ke ’mampoli ba hloka thuso. Ho hlokahala hore ’mampoli a ithute ho sebelisana le ba bang a sa sebelise matla hampe. ’Me motho ea hlorisoang ke ’mampoli o hloka mekhoa e sebetsang ho sebetsana ka katleho le bothata bona.
Hangata, ’mampoli ha a tsebe mokhoa oa ho sebelisana le ba bang ’me ha a utloisise maikutlo a bao a ba sokelang. Ho hlokahala hore a behoe leihlo ’me a rutoe ho buisana le ba bang hantle. Buka ea Take Action Against Bullying e re: “Ntle le hore ba ithute le ho amohela mekhoa e mecha ea boitšoaro, bo-’mampoli ba tla ’ne ba tsoele pele ho hlorisa ba bang bophelo ba bona bohle. Ba hlorisa balekane ba bona, bana ba bona, mohlomong le ba ka tlaase ho bona mosebetsing.”
Ba Thuse Hore e se be Bo-’mampoli
Ho koetlisa bana ba sa le banyenyane hore e be ba nang le kutloelo-bohloko ho ka thusa ho thibela hore ba se ke ba fetoha bo-’mampoli. Linaheng tse ling matichere a sebelisa mokhoa o mocha oa ho ruta o bitsoang koetliso ea kutloelo-bohloko. Pakane ke hore le liithuti tse sa leng le lilemong tse hlano li rutoe ho utloisisa maikutlo a ba bang le ho tšoara batho ba bang ka mosa. Le hoja ho sa ntse ho e-na le boitsebiso bo fokolang bo tšehetsoang ke lipalo-palo mabapi le liphello tse bang teng ka mor’a nako e telele, litholoana tse bileng teng qalong li bontša hore ba fumaneng koetliso ena ha ba leqhoko joaloka ba sa e fumanang.
Joaloka motsoali, ha ua lokela ho tlohella koetliso e joalo lenaneong le itseng la sekolo ka ho feletseng. Haeba u sa batle hore ngoana oa hao e be ’mampoli, ho hlokahala hore u mo rute ka mantsoe le ka mohlala hore na a tšoare ba bang ka ho ba hlompha le ho ba siela seriti joang. U ka thusoa ke eng? Mohlomong, u na le mohloli o fumanehang habonolo o babatsehang le oo ho sa nkoeng e le oa bohlokoa oa ho koetlisa ntlheng ena—e leng Lentsoe la Molimo, Bibele. E ka thusa joang?
Taba ea pele, e ruta ka ho hlakileng hore na Molimo o ikutloa joang ka bompoli. O-oa bo nyonya! Bibele e re ka Molimo: “Ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Ho feta moo, hase hore Molimo ha a bone se ntseng se etsahala. Bibele e tlaleha ho ikoahlaea ha hae kapa ho soaba ha Baiseraele ba ne ba utloa bohloko “ka lebaka la bahatelli ba bona le ba neng ba ba tšoenya.” (Baahloli 2:18) Ka makhetlo a mangata Molimo o ile a otla ba ileng ba sebelisa matla a bona hampe le ho hlorisa ba fokolang le ba se nang boitšireletso.—Exoda 22:22-24.
Bibele e boetse e na le taeo e ka ’nang eaba ke e tummeng ka ho fetisisa eo ho kileng ha fanoa ka eona mabapi le ho bontša kutloelo-bohloko. Jesu o ile a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ho ruta bana ho amohela Molao oo oa Khauta—ho o rata le ho phela ka oona—ha ho bonolo; ba hloka ho beheloa mohlala o motle, ba phehelloe ’me ho sebetsoe ka thata, haholo-holo kaha ka tlhaho, bana ha ba sa le banyenyane ke baithati. Empa boiteko boa hlokahala. Haeba bana ba hao ba ithutile ho ba mosa le ho ba le kutloelo-bohloko, ba tla fumana hore bona bompoli bona ke ntho e nyonyehang.
Thuso Bakeng sa ba Hlorisoang
Batho ba hlorisoang ke bo-’mampoli, haholo-holo bacha, ba tobana le phephetso e boima—e leng ea ho boloka botsitso ha ba le tlas’a khatello. Ha motho e mong a u hlorisa, ha e le hantle o leka ho u hlokisa botsitso maikutlong. O tšepa hore u tla be u se u e-ba bohale ka tsela e feteletseng kapa u ba mabifi. Haeba u halefa kapa u bokolla ’me u bontša hore u utloile bohloko kapa u tšohile, ’mampoli o fumana seo a se batlang. Kahoo, a ka ’na a leka ho u qholotsa hore u itšoare ka tsela eo khafetsa.
U ka etsa joang? Nahana ka litlhahiso tse latelang. Haholo-holo li ngoletsoe bacha, empa molao-motheo o ka sebetsa le ho batho ba baholo hore ba sebetsane le bo-’mampoli.
◼ Itšoare. U se ke ua inehela khalefong. Ka bohlale Bibele e ea eletsa: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo.” (Pesaleme ea 37:8) Ha bohale ba hao bo tsoa taolong, u etsa hore ’mampoli a u laole, ’me mohlomong u tla etsa lintho tseo u tla ikoahlaela tsona.—Liproverbia 25:28.
◼ Leka ho ntša menahano ea ho iphetetsa kelellong. Hangata boiphetetso bo khutlisetsa molamu sefateng. Leha ho le joalo, ho iphetetsa ha ho hlile ha ho khotsofatse. Ngoanana e mong, ea ileng a otloa ke bacha ba bahlano ha a le lilemo li 16, oa hopola: “Ke ile ka iketsetsa qeto pelong ea ka, ka re, ‘Ke tla iphetetsa ho bona.’ Kahoo ke ile ka thusoa ke metsoalle ea ka ’me ka iphetetsa ho ba babeli ba bahlaseli ba ka.” Phello e bile efe? O re: “Ke ile ka sala ke le lephaka.” ’Me boitšoaro ba hae bo ile ba mpefala ka mor’a moo. Hopola mantsoe a bohlale a Bibele: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.”—Baroma 12:17.
◼ Ha ho bonahala eka lintho li tla ba mpe, tloha kapele. Bibele e re: “Pele qabang e qhoma, u itsamaele.” (Liproverbia 17:14) Ka kakaretso, leka ho qoba ba nang le tšekamelo ea ho ba bo-’mampoli. Liproverbia 22:3 e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”
◼ Haeba bompoli bo ntse bo tsoela pele, ho ka ’na ha hlokahala hore u ipuelelle. Khetha nako eo u sa halefang, sheba ’mampoli ka mahlong, ’me u bue ka lentsoe le tiileng le le sa thothomeleng. Mo bolelle hore ha u rate seo a se etsang—hase ntho e qabolang ’me e utloisa bohloko. U se ke ua iphumana u se u rohakana kapa u bua mantsoe a qholotsang.—Liproverbia 15:1.
◼ Bua ka bompoli le motho e moholo ea nang le boikarabelo le ea tsotellang. Toba taba ka bothata boo, ’me u kōpe thuso mabapi le ho bo sebetsa. Etsa se tšoanang lithapelong tsa hao ho Molimo, ’me sena e ka ba mohloli o babatsehang oa thuso le matšeliso.—1 Bathesalonika 5:17.
◼ Hopola hore joaloka motho u oa bohlokoa. ’Mampoli a ka ’na a batla hore u nahane hore ha u oa bohlokoa, le hore u tšoaneloa ke ho tšoaroa hampe. Empa hase moahloli oa hao. Molimo ke eena moahloli oa hao, ’me eena o sheba se setle ho e mong le e mong oa rōna. Ke ’mampoli eo e seng oa bohlokoa ka hore ebe o retelehela boitšoarong bo joalo.
Batsoali—Sireletsang Bana ba Lōna
Batsoali le bona ba ka qalella ho lokisetsa bana ba bona hore ba sebetsane ka bohlale le bo-’mampoli. Ka mohlala, ba ka etsa papali le bana ba bona ho bontša mokhoa oa hore na ba ka itšepa joang.
Esita le ho ema ha motho—ho ema motho a otlolohile—ho ka romela molaetsa o itseng o patehileng o thibelang bo-’mampoli ba bang. Ho mo sheba ka har’a thaka tsa mahlo, matsoho a phutholohile, ’me u bua ka lentsoe le tiileng le sa thothomeleng le hona ho ka thusa. Batsoali ba khothalletsoa hore ba rute bana ba bona hore ba tsamaee, ba qobe bo-’mampoli, ’me ba kōpe motho e moholo ea tšepahalang ea kang tichere hore a ba thuse.
Ho felisa boitšoaro ba bompoli ho qala ka ho ruta lelapa. Batsoali ba iphang nako ea bana ba bona, ba ba mamelang ka mamello le kutloelo-bohloko linthong tseo ba amehileng ka tsona, ba kenya ka ho bona boikutlo ba hore baa ba hloka, ba batla ho ba tšehetsa le hore baa ba rata. Litsebi tse ngata tse fanang ka keletso tabeng ea botsoali le mathata a lithaka li khothalletsa batsoali hore ba thuse bana ba bona hore ba inke e le batho ba bohlokoa. Pono eo e ntle e fokotsa hore bo-’mampoli ba bone e le batho bao ba ka ba hlaselang.
Empa ho ameha ho eketsehileng ho feta ho bua feela. Setho se seng le se seng sa lelapa ho hlokahala hore se ithute ho tšoara ba bang ka tlhompho le seriti le ho hlaolela kutloelo-bohloko. Kahoo, le se ke la lumella boitšoaro ba bompoli ka lelapeng la lōna. Etsang hore lelapa la lōna e be sebaka se sireletsehileng, moo ho renang tlhompho le lerato.
Ho Fela ha Bompoli
‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ke kamoo Bibele e akaretsang histori ea motho kateng. Ka sebele, bompoli e ’nile ea e-ba seoa molokong oa batho ka lilemo tse likete. Mongoli oa Bibele o itse: “Ke ile ka khutla e le hore nka bona liketso tsohle tsa khatello tse ntseng li etsoa tlas’a letsatsi, ’me, bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi; bahatelli ba bona ba ne ba e-na le matla, hoo ba neng ba se na motšelisi.”—Moeklesia 4:1.
Leha ho le joalo, ka sebele Molimo o bona bompoli bohle bo ntseng bo tsoela pele lefatšeng, ’me o utloela ba hateletsoeng bohloko. Empa na ho na le seo a tla ke a se etse ka hona? E, se teng! Hlokomela tšepiso ea hae e fumanoang ho Mikea 4:4: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”
Nahana hore na lefatše le tla ba joang ha tšepiso eo e phethahala. Ha ho ea tla etsa hore ba bang ba thothomele ke tšabo—ha ho sa tla ba le bo-’mampoli! Na seo hase ipiletse? Empa Molimo o entse se fetang ho tšepisa bokamoso bo joalo. Hona joale lenaneo la thuto ea Bibele le atlehang haholo le tsoela pele lefatšeng ka bophara. Le khōla litholoana tse molemo. Ba kopanelang ho lona ba rutoa hore ba fetole mekhoa ea bona e mebe ea ho ba ba mabifi, ba lule ka khotso le ba bang le ho tšoara ba bang ka tlhompho le ho ba fa seriti. (Baefese 4:22-24) Haufinyane liphello tsa taeo ena ea boleng bo phahameng li tla tlala lefatšeng, ’me bothata ba bompoli bo ke ke ba hlola bo e-ba teng. Litšepiso tsa Molimo tse tlalehiloeng Bibeleng e tla ba lintho tsa sebele. E mong le e mong ea phelang nakong eo o tla thabela lefatše le se nang bo-’mampoli!
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ha ho letho le hlabisang lihlong ka ho tloha ho ’mampoli u itsamaele
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Tikolohong e thabisang ea lelapa, bana ba rutoa hore ba sebetsane ka katleho le mefuta eohle ea bompoli
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Rutang bana ba lōna hore ba ipuelelle ka tsela e tiileng empa e le ka bohlale