Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ypq putso 5 maq. 15-17
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?
  • Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?
    Bacha Baa Botsa
  • Ho Itokolla Bompoling
    Tsoha!—2003
  • Bompoli—Lisosa le Liphello Tse Ling Tsa Bona
    Tsoha!—2003
  • Bompoli—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
ypq putso 5 maq. 15-17
Moshanyana e mong o hlorisoa ke e mong ka pel’a bana ba tlelase ea hae

POTSO EA 5

Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Tsela eo u etsang lintho ka eona e ka ntlafatsa boemo kapa ea bo mpefatsa.

U NE U TLA ETSA’NG?

Nahana ka sena: Thomas ha a sa batla ho ea sekolong ho hang. Sena se qalile likhoeling tse tharo tse fetileng ha bana bao a kenang sekolo le bona ba bua mashano ka eena. Ba ile ba mo reha le mabitso. Ba ne ba rata ho mo qala ka hore ba lihe libuka tsa hae kapa e mong a mo sutumetse, ebe ha Thomas a hetla ha a bone hore na ke mang ea mo sutumelitseng. Maobane lintho li ile tsa ba mpe le ho feta ha ba ne ba mo romella molaetsa o tšosang ka Inthanete . . .

Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa’ng?

NAHANISISA HANTLE!

Ha e le hantle u na le matla! U ka hlōla motho ea u hlorisang empa u sa loane le eena. Joang?

  • U SE KE UA TŠOHA. Bibele e re: “Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.” (Liproverbia 29:11) Haeba u bonahala u sa tšoha, batho ba u hlorisang ba ka ’na ba u tlohela.

  • U SE KE UA IPHETETSA. Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.” (Baroma 12:17) Ho iphetetsa ho ka mpefatsa lintho le ho feta.

  • U SE KE UA IKENYA MATHATENG. Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ha ho khoneha, qoba batho ba ka u hlorisang kapa libaka tseo ba ratang ho ba ho tsona.

  • ETSA NTHO EO BA SA E LEBELLANG. Bibele e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” (Liproverbia 15:1) U ka ’na ua soasoa ka seo ba u somang ka sona. Ka mohlala, haeba motho ea u hlorisang a re ho uena o motenya, u ka ’na ua re, “Ehlile ke motenya!”

  • ITSAMAELE. Nora ea lilemo li 19, o re: “Ha u ithōlela u bontša hore u hōlile kelellong, ebile u khona ho ithiba, e leng ntho eo motho ea u hlorisang a sa khoneng ho e etsa.”—2 Timothea 2:24.

  • ITŠEPE. Bana ba ikhellang fatše le ba sa khoneng ho itoanela, hangata ke bona ba hlorisoang. Leha ho le joalo, bana ba hlorisang ba bang ba ka ’na ba se ke ba u hlorisa ha u le motho ea itšepang.

  • BOLELLA MOTHO E MONG. Motho e mong eo e neng e le tichere o re: “Ke khothalletsa bana ba hlorisoang hore ba bue ha ba hlorisoa. Ke hantle ho bua hobane seo se ka thusa hore bana ba bang ba se ke ba hlorisoa.”

Moshanyana e mong o hlōla motho ea mo hlorisang ka hore a bontše ho itšepa

Bana ba hlorisang ba bang ba ka ’na ba se ke ba u hlorisa ha u le motho ea itšepang

NA U NE U TSEBA?

Ho hlorisoa hase ho otloa feela, empa ho akarelletsa:

  • Moshanyana ea hlorisang e mong o bua mantsoe a joaloka mollo

    Ho songoa. “Nke ke ka lebala mabitso ao ba neng ba mpitsa ka ’ona le lintho tseo ba neng ba li bua. Ba ne ba nketsa hore ke ikutloe ke se na thuso ke bile ke sa ratoe. Ho ne ho ka ba betere haeba ba ne ba ka nkotla ho fapana le ho ntšoara ka tsela eo.”—Celine, 20.

  • Moshanyana e mong o lutse a le mong kaha lithaka tsa hae lia mo khetholla

    Ho khetholloa. “Bana bao ke kenang sekolo le bona ba ile ba qala ho nkhetholla. Ba ne ba sa batle ho lula le ’na le nakong ea lijo tsa motšehare. Ke ne ke lula ke lla, ke bile ke ja ke le mong selemo kaofela.” —Haley, 18.

  • Ngoanana o utloile bohloko ka mor’a hore a bone molaetsa oo ba o ngotseng ka eena Inthaneteng

    Ho romeloa melaetsa ka Inthanete. “U ka senya botumo ba motho ka molaetsa feela oa Inthanete kapa ua mo sulafalletsa bophelo. Ekare ke feteletsa litaba, empa seo ke ’nete!”—Daniel, 14.

ARABA LIPOTSO TSENA

’NETE KAPA BOHATA

LIKARABO

1 Taba ea ho hlorisa ba bang e qalile khale.

1 ’Nete. Ka mohlala, Bibele e bua ka Banefilime, e leng batho bao lebitso la bona le bolelang “Ba Lihang Batho ba Bang.”—Genese 6:4.

2 Ho hlorisa ba bang ke papali feela. Hase ntho e mpe.

2 Bohata. Bacha ba bangata baa ipolaea ka lebaka la ho hlorisoa ke ba bang.

3 U lokela ho itoanela ha u hlorisoa.

3 Bohata. Bana ba hlorisang ba bang hangata ba matla, kahoo ha ho thuse hore u leke ho itoanela.

4 U lokela ho thōla ha u bona bana ba bang ba hlorisoa.

4 Bohata. Boemong bona, ha ho na motho ea tla re o shebeletse feela. Haeba u thōla ha u bona ba bang ba hlorisoa, u tla etsa hore bothata boo bo lule bo le teng, ho e-na le hore bo fele.

5 Le hoja bana ba hlorisang ba bang ba ka ’na ba ithorisa, hangata ha ba itšepe.

5 ’Nete. Le hoja batho ba hlorisang ba bang ba ka ’na ba inkela holimo, ha e le hantle ha ba itšepe, kahoo ba otla ba bang e le hore ba tšajoe.

6 Bana ba hlorisang ba bang ba ka fetoha.

6 ’Nete. Haeba bana ba hlorisang ba bang ba ka thusoa, ba ka fetoha.

SEO KE RERANG HO SE ETSA

  • Ke tla etsa’ng ha bana ba bang ba ntlhorisa?

FUMANA LINTLHA TSE LING!

Hlōla Mpoli U sa Loane

Shebella video ea lipopae ea Hlōla Mpoli U sa Loane ho www.jw.org/st. (Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela