Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 12
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho sotloa ke bo-mpoli ke’ng?
  • Ke hobane’ng ha bo-mpoli ba sotla batho ba bang?
  • Ke mang ea ka sotloang ke bo-mpoli?
  • U ka etsa’ng haeba u sotloa ke bo-mpoli?
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Ho Itokolla Bompoling
    Tsoha!—2003
  • Bompoli—Lisosa le Liphello Tse Ling Tsa Bona
    Tsoha!—2003
  • Bompoli—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 12

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?

  • Ho sotloa ke bo-mpoli ke’ng?

  • Ke hobane’ng ha bo-mpoli ba sotla batho ba bang?

  • Ke mang ea ka sotloang ke bo-mpoli?

  • U ka etsa’ng haeba u sotloa ke bo-mpoli?

Bala litlhahiso tse karolong ea litlhahiso tsa bacha ba bang le tlhahiso ea tichere mabapi le bo-mpoli, ’me u etse tlhahlobo e mabapi le bompoli.

Ho sotloa ke bo-mpoli ke bothata bo boholo. Phuputso e ’ngoe e ileng ea etsoa Brithani e bontša hore karolo e ka holimo ho 40 lekholong ea bacha ba ipolaileng bao mecha ea phatlalatso e tlalehileng ka bona, ba ile ba ipolaea ka lebaka la ho sotloa ke bo-mpoli.

Ho sotloa ke bo-mpoli ke’ng?

Ho sotloa ke bo-mpoli ha ho felle feela ka ho otloa. Ho ka boela ha akarelletsa lintho tse latelang.

  • Ho rohakoa. Celine ea lilemo li 20 o re: “Banana ba ka bua mantsoe a hlabang, ha ke na ho lebala mabitso ao ba neng ba mpitsa ka ’ona le lintho tseo ba neng ba li bua. Ba ile ba nketsa hore ke ikutloe ke le ntho feela tje. Ba ne ba ka mpa ba nkotla.”

  • Ho khetholloa. Haley ea lilemo li 18 o re: “Bana bao ke kenang sekolo le bona ba ile ba qala ho nkhesa. Ba ne ba rata ho etsa eka litulo li tletse tafoleng e le hore ke se ke ka lula le bona. Ke qetile selemo sohle ke ja ke le mong ebile ke lla.”

  • Bompoli bo etsoang Inthaneteng. Daniel ea lilemo li 14 o re: “Ka ho ngola mantsoe a se makae feela k’homphieutheng, u ka senya motho lebitso​—kapa ua mo sulafaletsa bophelo. Ho utloahala eka ke ho feteletsa litaba, empa ke ntho e ka etsahalang!” Bompoli bo etsoang Inthaneteng bo akarelletsa ho romela lifoto kapa melaetsa ea selefouno e hlabisang lihlong.

Ke hobane’ng ha bo-mpoli ba sotla batho ba bang?

Mabaka a mang a tloaelehileng ke ana:

  • Le bona ba ile ba sotloa. Mohlankana ea bitsoang Antonio o re: “Ke ne ke utloile ke hore e b’e sale ke hlorisoa ke lithaka tsa ka, hoo ke ileng ka qala ho sotla ba bang e le hore ke amohelehe lithakeng tsa ka. Ha ke se ke nahana ka taba ena hamorao, ke ile ka hlokomela hore na ho ne ho fosahetse hakae ho etsa joalo!”

  • Ba etsisa bo-mpoli ba bang. Bukeng ea hae e bitsoang Life Strategies for Dealing With Bullies, Jay McGraw o re: “Hangata bo-mpoli ba banyenyane ba tšoara batho . . . ka tsela eo batsoali ba bona, baholoane, kapa beng ka bona ba tšoarang batho ba bang ka eona.”

  • Ba makōkō empa ha e le hantle ba itšosetsa. Bukeng ea hae e bitsoang The Bully, the Bullied, and the Bystander, Barbara Coloroso o re: “Bana ba sotlang ba bang ba makōkō empa ba pata bohloko boo ba bo utloang le ho se itšepe.”

Ke mang ea ka sotloang ke bo-mpoli?

  • Mekhelo. Bacha ba se nang metsoalle ba itšehla thajana, kahoo ba fetoha liphofu tsa bo-mpoli.

  • Bacha bao ho nkoang hore ha ba tšoane le ba bang. Bacha ba bang ba hlaseloa ke bo-mpoli ka lebaka la chebahalo ea bona, morabe, kereke kapa bokooa bo itseng​—ntho leha e le efe eo mpoli a ka mo somang ka eona.

  • Bacha ba ikhellang fatše. Bo-mpoli baa bona ha motho a ikhella fatše. Bana ke bona bao ba ba batlang kaha ho ka ’na ha etsahala hore ba se ke ba itoanela.

U ka etsa’ng haeba u sotloa ke bo-mpoli?

  • U se ke ua etsa letho. Moroetsana ea bitsoang Kylie o re: “Bo-mpoli ba batla ho ikutloa eka ba atlehile ho u koatisa. Haeba u sa etse letho ba khathala matla.” Bibele e re: “Ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.”​—Liproverbia 29:11.

  • U se ke ua iphetetsa. Ho iphetetsa ho tla totisa bothata, eseng ho bo rarolla. Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.”​—Baroma 12:17; Liproverbia 24:19.

  • U se ke ua ikenya bothateng. Qoba batho le libaka tseo u ka ’nang ua sotloa ke bo-mpoli ho tsona ka hohle kamoo u ka khonang.​—Liproverbia 22:3.

  • Etsa ho fapaneng le hoo ba ho lebeletseng. Bibele e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.”​—Liproverbia 15:1.

  • E-ba sesoasoi. Haeba ka mohlala mpoli a re u motenya, u ka ’na ua ōma ka hlooho ’me ua re, “Ua bolela!”

  • Itsamaele. Nora ea lilemo li 19 o re: “Ho thōla ho bontša hore u hōlile ka ho lekaneng ebile u feta motho ea u hobosang. Ho bontša hore u khona ho ithiba​—e leng se thatafallang mpoli.”

  • Itšepe haholoanyane. Ngoanana ea bitsoang Rita o re: “Bo-mpoli baa u bona ha u sa phutholoha, ’me ba ka ’na ba sebelisa seo hore u ikhalale.”

  • Bolella motho e mong. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, batho ba bangata ba sotloang ke bo-mpoli Inthaneteng, ha ba tlalehe se ba etsahallang mohlomong ka lebaka la ho hlajoa ke lihlong (haholo bashanyana) kapa ba tšaba ho sotloa le ho feta. Empa hopola hore bo-mpoli baa thaba ha u thōla feela. Ho bua e ka ba mohato oa pele oa ho hlōla bothata bona.

Litlhahiso tsa bacha ba bang

“Qoba libaka kapa maemo a tla etsa hore bo-mpoli ba u hlasele habonolo. Hopola hore bo-mpoli le bona ba na le mathata a bona. Ho tseba sena ho tla u thusa hore u se ke ua nkela lipuo tsa bona hloohong.”​—Antonio.

“Itšepe ’me u se ke ua soabela ho emela tsela eo u bonang lintho ka eona. Bo-mpoli ba bangata baa soaba ha ba bona hore ha u ba tšabe.”​—Jessica.

Tlhahiso ea tichere

“Bompoli ke bothata bo boholo. Sekolong seo ke neng ke ruta ho sona, bana ba ne ba atisa ho loana ka tlelaseng​—esita le ba sehlopheng sa boraro! Bana ba bang ba sebelisa bompoli kaha bo etsa hore ba ikutloe eka baa tsejoa hape baa tšajoa.

“Hangata batho ba sotloang ke bo-mpoli ba tšaba ho tlaleha, hobane ba nahana hore bo-mpoli ba tla ba hlorisa le ho feta kapa liithuti-’moho le bona li tla ba nka e le limpimpi. Ba ka ’na ba nka hore ha ho letho le ka etsoang ka bo-mpoli. Leha ho le joalo, nka khothalletsa mang kapa mang ea hlorisoang ke bo-mpoli hore a ba tlalehe. Ho nepahetse ho etsa joalo kaha ho ka sireletsa motho hore a se ke a hlorisoa.”​—Jenilee, tichere ea mehleng United States.

Tlhahlobo e mabapi le bompoli

’Nete Kapa Bohata

  1. Ke khale bompoli bo le teng.

  2. Bompoli ke bosoasoi bo sa reng letho. Hase ntho e nang le taba.

  3. Tsela e molemo ea ho khaotsa bompoli ke hore u itoanele.

  4. Ke molato oa hao haeba u sotloa ke bo-mpoli.

  5. Batho ba ileng ba sotloa ke bo-mpoli le bona e-ba bo-mpoli.

  6. Ha u bona motho e mong a sotloa ke mpoli, ithōlele.

  7. Le hoja bo-mpoli ba ithorisa, ha ba itšepe.

  8. Bo-mpoli ba ka fetoha.

LIKARABO

  1. ’Nete. Ka mohlala, Bibele e bua ka Banefilime​—bao lebitso la bona le bolelang “Batho ba Lihang ba Bang.”​—Genese 6:4.

  2. Bohata. Bompoli ke taba e amang lefu kapa bophelo. Ka masoabi, ba bang ba ileng ba sotloa ke bo-mpoli ka nako e telele ba ile ba ipolaea.

  3. Bohata. Hangata bo-mpoli ba matla ho feta batho bao ba ba sotlang, kahoo ho itoanela ha ho na thuso.

  4. Bohata. Ha ho na motho ea lokelang ho sotloa! Mpoli ke eena ea molato.

  5. ’Nete. Ka masoabi, bo-mpoli ba ntšetsa malokobe ho ba bang hobane ba kile ba sotloa.

  6. Bohata. Moshebelli o na le boikarabelo. Haeba u bona mpoli a sotla motho e mong empa u ithōlela, u tlatsetsa bothateng boo.

  7. ’Nete. Le hoja bo-mpoli ba bang ba inkela holimo, ba bangata ha ba itšepe ba mpa ba sotla ba bang hore feela ba tšajoe.

  8. ’Nete. Haeba ho na le motho ea ka ba thusang, bo-mpoli ba ka fetola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba itšoarang ka eona.​—Baefese 4:​23, 24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela