Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 9/8 maq. 13-15
  • Bompoli—Lisosa le Liphello Tse Ling Tsa Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bompoli—Lisosa le Liphello Tse Ling Tsa Bona
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bompoli bo Bakoa ke Eng?
  • Liphello ’Meleng le Maikutlong
  • Liphello ka Lapeng
  • Bompoli bo Hloka Boitelo bo Boholo
  • Bompoli—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—2003
  • Ho Itokolla Bompoling
    Tsoha!—2003
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 9/8 maq. 13-15

Bompoli—Lisosa le Liphello Tse Ling Tsa Bona

KE ENG e etsang hore ngoana a qale ho hlorisa ba bang ka ho iketsa ’mampoli? Haeba u kile ua hlorisoa ke ’mampoli, u ka ’na ua lekeha hore u re, “Ha ke tsotelle! Ha ho letho le ka lokafatsang boitšoaro bo joalo.” Mohlomong u nepile. Empa ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho ba le mabaka a ho ba ’mampoli le ho ikemela. Mabaka a etsang hore ngoana e be ’mampoli ha a lokafatse boitšoaro boo bo fosahetseng, empa a ka ’na a re thusa ho bo utloisisa. ’Me ho ba le temohisiso e joalo ho ka ba le molemo o moholo. Joang?

Maele a boholo-holo a re: “Temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.” (Liproverbia 19:11) Ho halefa ka lebaka la boitšoaro ba bo-’mampoli ho ka etsa hore re fifalloe ke pono, ha re tlatsa pherekano esita le lehloeo. Empa ho lemohisisa boitšoaro ba hae ho ka thusa ho kokobetsa bohale ba rōna. ’Me hoo ho ka fana ka monyetla oa hore re hlakeloe haholoanyane ha re ntse re batla tharollo. Kahoo, a re hlahlobeng a mang a mabaka a etsang hore boitšoaro bona bo sa amoheleheng bo be teng.

Bompoli bo Bakoa ke Eng?

Mabakeng a mangata mohlala o mobe oa batsoali kapa ho hlokomolohuoa ka ho feletseng li bile le tšusumetso e mpe khōlong ea ’mampoli. Bo-’mampoli ba bangata ba tsoa malapeng ao ho ’ona batsoali ba se nang lerato kapa ba sa ba thahaselleng, bao ha e le hantle, ba rutileng bana ba bona hore ba lokise mathata ka khalefo le ka mabifi. Bana ba hōletseng tikolohong e joalo ba ka ’na ba nka hore ho hlaba ba bang ka mantsoe le ho ba hlasela ka mabifi hase bompoli; ba ka ba ba nahana hore boitšoaro bona bo tloaelehile ebile boa amoheleha.

Ngoanana e mong ea lilemo li 16 ea neng a hlorisoa lapeng ke ntate oa hae oa bobeli le sekolong ke liithuti-’moho le eena, o re o ile a fetoha ’mampoli ka boeena ha a le sehlopheng sa bosupa. Oa lumela: “Ha e le hantle e bile khalefo e neng e ntse e bokellana ka hare ho ’na; ke ne ke hlorisa mang le mang le motho e mong le e mong. Ho utloa bohloko ho na le phello e khōlō ho uena. Hang ha u utloile bohloko, u batla ho bo ntšetsa ho ba bang.” Le hoja banana ba sa tloaela ho ba mabifi ka tsela e joalo, bohale ke bona bo ba susumetsang hore e be bo-’mampoli.a

Likolo tse ngata li na le palo e ngata ea liithuti tse tsoang litsong tse sa tšoaneng, ’me li hōlisitsoe ka litsela tse fapaneng haholo. Ka masoabi, bana ba bang ba mabifi kahobane ka lapeng ba ile ba rutoa hore ho qholotsa ba bang le ho ba rohaka ke tsela e molemohali ea ho fumana seo motho a se batlang.

Ka bomalimabe, hangata mekhoa e joalo ho bonahala e sebetsa. Shelley Hymel, e mong oa batsamaisi ba thuto Univesithing ea British Columbia, Canada, o ’nile a ithuta boitšoaro ba bana ka lilemo tse 20. O re: “Re na le bana ba ithutang maqheka a ho fumana seo ba se batlang ’me ka bomalimabe, bompoli boa sebetsa. Ba fumana seo ba se batlang—e leng matla, botumo le tlhokomelo.”

Lebaka le leng le etsang hore bompoli bo atlehe ke hore ba bo etsang ha ba na motho ea ba tataisang. Bahlaseluoa ba bangata ba na le maikutlo a hore ha ho moo ba ka retelehelang teng—’me ho utloisang bohloko ke hore mabakeng a mangata ba nepile. Debra Pepler, motsamaisi oa Setsi sa LaMarsh sa Phuputso ka Tharollo ea Pefo le Khohlano Univesithing ea York, Toronto, o ile a ela hloko liithuti ha li le sekolong ’me a fumana hore matichere a lemoha le ho thibela feela hoo e ka bang karolo ea bone lekholong ea liketsahalo tsa bompoli.

Leha ho le joalo, Dr. Pepler o lumela hore ho kenella ke habohlokoa. O re: “Bana ha ba khone ho rarolla mathata hobane ho ameha matla, ’me lekhetlo le leng le le leng ha ’mampoli a hlorisa e mong matla a bompoli aa matlafala.”

Joale ke hobane’ng ha ho sa tlalehoe liketsahalo tse eketsehileng tsa bompoli? Hobane ba hlorisoang ke bo-’mampoli ba kholisehile hore haeba ba tlaleha bothata boo, bo tla mpefala le ho feta. Kahoo, ho isa bohōleng bo itseng, bacha ba bangata ba qeta lilemo tsa bona tsa sekolo ba tšoenyehile ebile ba sa sireletseha. Liphello tsa ho phela ka tsela eo ke life?

Liphello ’Meleng le Maikutlong

Tlaleho e tsoang ho National Association of School Psychologists United States e bolela hore letsatsi le leng le le leng bana ba fetang 160 000 ha ba ee sekolong kahobane ba tšaba ho hlorisoa. Ba hlorisoang ke bo-’mampoli ba ka ’na ba khaotsa ho bua ka sekolo kapa ka tlelase e itseng ka ho khetheha kapa mesebetsi sekolong. Ba ka ’na ba leka ho ea sekolong ka mor’a nako letsatsi le leng le le leng kapa ba se ke ba ea litlelaseng kapa ba be ba ipehele mabaka a ho se ee sekolong ka ho feletseng.

Bana ba hlorisoang ke bo-’mampoli ba ka tsejoa joang? E ka ’na ea e-ba ba khenang feela, ba halefang habonolo, ba ferekaneng maikutlo, kapa ba bonahalang ba tepeletse ba bile ba tšaba ho kopana le ba bang. Ba ka ’na ba e-ba mabifi ho litho tsa lelapa kapa lithaka le metsoalle. Bashebelli ba se nang molato ba bonang liketso tsa bompoli le bona li qetella li ba amme hampe. Boemo boo bo etsa hore ba ba tšabe lebekebeke, e leng ho sitisang matla a bona a ho ithuta.

Leha ho le joalo, koranta ea Pediatrics in Review e re: “Pefo, e akarelletsang ho ipolaea le ho bolaea ba bang, ke liphello tse feteletseng haholo tsa bompoli bathong ba hlaseloang le sechabeng. Boikutlo boo bana ba hlaseloang ba bang le bona ba ho hloka matla bo tebile hoo ba bang ba etsang liketso tse behang bophelo ba bona kotsing kapa tsa boiphetetso bo ka bolaeang.”

Dr. Ed Adlaf, mofuputsi oa saense le moprofesa oa saense ea bophelo bo botle ba sechaba Univesithing ea Toronto, o bontšitse kameho ka hore “ba amehang ho hloriseng ba bang kapa ho hlorisoeng ba kotsing ea ho ba le mathata maikutlong hona joale le nakong e tlang.” Nakong ea likolo selemong sa 2001, ho ile ha etsoa phuputso liithuting tse fetang 225 000 tsa Ontario, ’me pakeng tsa a le mong ho ba bane le a le mong ho ba bararo ba ne ba ameha mofuteng o mong oa bompoli, ebang ke bona ba hlaseloang kapa ke bahlohlelletsi. Sehlopheng sona seo, a le mong ho ba leshome o ile a nahana ka ho teba ka ho ipolaea.

Ho lula motho a hlorisoa ke bo-’mampoli ho ka ’na ha etsa hore a se ke a itšepa, ha mo bakela mathata a tebileng a bophelo, hape ho ka mo senyetsa le mosebetsi. Batho ba hlorisoang ke bo-’mampoli ba ka ’na ba tšoaroa ke hlooho, ba hloka boroko, ba tšoenyeha le ho tepella maikutlo. Ba bang ba ba le khatello e bakiloeng ke ketsahalo e ferekanyang kelello. Le hoja tlhaselo ea sebele e ka etsa hore batho ba bangata ba hauhele ea hlasetsoeng, tlhaselo ea maikutlo e ka ’na ea se ke ea e-ba le liphello tse tšoanang. Tšenyo ha e bonahale ho hang. Kahoo, ho e-na le ho utloela motho bohloko, metsoalle le ba lelapa ba ka ’na ba khathala ke ho utloa lipelaelo tsa motho ea hlorisoang.

Bompoli le bona bo ba le liphello tse kotsi ho bo-’mampoli ka bobona. Haeba ba sa thijoe ba sa le banyenyane, ho ka etsahala hore ba tla hōla ka tsela eo ’me ba hlorise ba bang mosebetsing. Ha e le hantle, liphuputso tse ling li senola hore bao e neng e le bo-’mampoli ha e le bana, leha ba se ba hōlile ba ne ba tsoela pele ka boitšoaro boo. Hape ho ne ho ka etsahala hore ba be le tlaleho ea bonokoane ho feta bao e neng e se bo-’mampoli.

Liphello ka Lapeng

Ho hlorisoa ke bo-’mampoli mosebetsing ho ama botsitso le khutso ka lapeng. Ho ka tsosa takatso e matla eo ho leng thata ho e hlalosa ea hore mohlaseluoa a ntše baratuoa ba hae kotsi ka lapeng. Ho feta moo, ho ka etsa hore molekane kapa setho se seng sa lelapa se loantše ’mampoli e le ha a sireletsa ea hlorisoang ka tsela e fosahetseng. Ka lehlakoreng le leng, molekane e mong a ka ’na a beha molekane oa hae ea hlorisoang molato ka hore ke eena ea bakileng khathatso. Ha liketsahalo tse joalo tsa ho hlorisoa li tsoela pele li sa rarolloe, esita le balekane bao ba ’nileng ba ba tšehetsa ba qetella le bona ba feletsoe ke mamello. Ha lilemo li ntse li feta, lelapa le ka ’na la qhalana.

Mabakeng a mang bompoli bo fella ka ho lahleheloa ke mosebetsi le mokhoa oa ho iphelisa, ka karohano le tlhalo, kapa le ka ho ipolaea. Bahlorisuoa ba pakeng tsa halofo le ba babeli ho ba bararo ba Australia ba hlorisoang mosebetsing ba tlalehile liphello tse mpe likamanong tse haufi-ufi, tse kang tsa balekane bao ba sa nyalanang le bona ka molao, tsa ba lenyalong, kapa tsa lelapa.

Bompoli bo Hloka Boitelo bo Boholo

Bompoli mosebetsing bo boetse bo bakela bahiri litšenyehelo tse khōlō. Motho ea hlorisang ba bang mosebetsing e ka ba mookameli ea lipuo li hlabang kapa mosebetsi-’moho ea rerang ba bang ka bolotsana ’me ho ka etsoa ke mosali haholo ho feta monna. Batho ba mofuta oo ba laola batho ho tlōla tekano, ba ba sala-sala morao le linthong tse sa reng letho le ho nyenyefatsa ba bang ka ho ba hlaba ka mantsoe le ho ba nyatsa khafetsa, ’me hangata ba tlontlolla liphofu tsa bona ka pel’a ba bang. Ke ka seoelo bo-’mampoli ba hlokomelang hore ba tala kapa hore ba lokela ho kōpa tšoarelo bakeng sa boitšoaro ba bona. Hangata ba hlorisa basebetsi ba nang le tsebo, ba tšepahalang le ba ratoang haholo ke basebetsi-’moho le bona.

Basebetsi ba hlorisoang ke bo-mampoli ba batla ba sa sebetse hantle mosebetsing. Tlhahiso ea basebetsi ba bang ba bonang ha bo-’mampoli ba hlorisa ba bang le eona ea ameha. Bompoli bo ka etsa hore basebetsi ba ikutloe ba se ba sa tšepahalle bahiri ba bona hakaalo ’me ba qetelle ba se ba se mafolofolo mosebetsing oa bona. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore bo-’mampoli ba senyetsa liindasteri tsa United Kingdom liranta tse hakanyetsoang ho limilione tse likete tse 24 ka selemo. ’Me ho boleloa hore boitšoaro bo joalo ke bona bo ikarabellang karolong ea 30 lekholong ea mafu a amanang le khatello ea maikutlo.

Ka ho hlakileng, bompoli bo na le tšusumetso sechabeng lefatšeng ka bophara. Potso ke hore, Na ho na le se ka etsoang ho thibela bothata boo le ho bo felisa?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bo-’mampoli ba basali hangata ba tloaetse ho sebelisa maqheka a kang a ho ila motho sekhethe le ho mo jala-jala. Leha ho le joalo, palo e ntseng e eketseha ea basali ho bonahala e sekamela ho beng mabifi.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ka masoabi bompoli mosebetsing bo tloaelehile haholo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Batho ba hlorisoang kamehla ke bo-’mampoli ba ka nyahama le ho ikutloa ba hlorile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela