Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 9/8 maq. 11-12
  • Bompoli—Bothata ba Lefatše Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bompoli—Bothata ba Lefatše Lohle
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bompoli ke Kobo-anela
  • Mosebetsing
  • Bompoli—Lisosa le Liphello Tse Ling Tsa Bona
    Tsoha!—2003
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?
    Bacha Baa Botsa
  • Ho Itokolla Bompoling
    Tsoha!—2003
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 9/8 maq. 11-12

Bompoli—Bothata ba Lefatše Lohle

“Ha u ka ba ua tla sekolong hosasa, re tla u bolaea.”—Seithuti sa Mocanada se bitsoang Kristen se ile sa fumana mohala o se sokelang o tsoa ho ngoanana e mong ea sa ipolelang lebitso.a

“Ha ke motho ea nkehang maikutlo, empa ho fihlile moo ke seng ke sa batle ho ea sekolong. Ke feroha libete, ’me hoseng ho hong le ho hong ka mor’a lijo tsa hoseng, kea hlatsa.”—Hiromi, mocha oa seithuti Japane, o hopola phihlelo ea hae ka ho hlorisoa ke bo-’mampoli.

NA U se u kile ua hlorisoa ke ’mampoli? Boholo ba rōna re kile ra ba le phihlelo eo ka nako e ’ngoe. E ka ’na eaba e bile sekolong kapa mosebetsing, kapa e ka ’na eaba ho etsahetse le hona ka lapeng—moo ho sebelisa matla hampe joalo ho bontšoang ka makhetlo a mangata bo tšosang matsatsing ana. Ka mohlala, mohloli o mong oa boitsebiso oa Brithani o hakanya hore karolo ea 53 lekholong ea batho ba baholo e hlorisoa ka ho hlajoa ka mantsoe ke balekane ba bona ba lenyalo kapa bao ba sa nyalanang le bona ka molao. Bo-’mampoli le bao ba ba hlorisang e ka ’na ea e-ba ba batona kapa ba batšehali, ba maemo ’ohle a bophelo hape ba tsoa karolong leha e le efe ea lefatše.

Ha e le hantle, ke eng e etsang hore batho ba hlorise ba bang ka ho iketsa bo-’mampoli? Ho batla ho fapane le ho tsunya-tsunya motho kapa ho mo hlasela ka mabifi. Ho tloaelehile hore ho ameha liketsahalo tse nyenyane tse ngata tse bokellanang ka nako e itseng ho e-na le ketsahalo e le ’ngoe kapa tse seng kae. Setsebi sa kelello Dan Olweus, pula-maliboho phuputsong e tsoelang pele ka bompoli se bontša matšoao a tloaelehileng a boitšoaro bona, a kang leqhoko la ka boomo le ho se lekane ka matla ho bonahalang.

Mohlomong ha ho na tlhaloso e le ’ngoe e akarelletsang litšobotsi tsohle tsa bompoli, empa bo ’nile ba bitsoa “takatso ea ka boomo le e etsoang ka sepheo sa ho ntša motho e mong kotsi le ho mo sithabetsa.” Ho sithabela hona ha ho bakoe feela ke se hlileng se etsahalang empa ho boetse ho bakoa ke ho tšaba se ka ’nang sa etsahala. Maqiti a ka ’na a akarelletsa ho tloka-tloka, ho se khaotse ho nyatsa-nyatsa, mahlapa, ho seba le ho batla motho lintho li hana ho fela.—Bona lebokose leqepheng la 12.

Kristen, mocha ea boletsoeng qalong, o ile a hlorisoa ke bo-’mampoli boholo ba nako ea ho kena ha hae sekolo. Sekolong sa mathomo, bo-’mampoli ba ne ba mo khomaretsa chepisi moriring, ba mo tšoenya ka chebahalo ea hae le ho mo tšosa ka hore ba tla mo otla. Ha a le sekolong se phahameng, lintho li ile tsa mpefala le ho feta—hoo a ileng a fumana mohala o mo sokelang ka hore o tla bolaoa. Hona joale a le lilemo li 18, oa tletleba: “Sekolo ke sebaka seo ho sona u lokelang ho ea ithuta, eseng ho ea sokeloa ka ho bolaoa le ho tontontšoa.”

Setsebi se seng sa bophelo ba kelello se re: “Ke ntho e bohloko empa eo batho ba tloaetseng ho e etsa. Batho ba bang ba ikutloa ba thabile ha ba nyenyefatsa ba bang.” Ha boitšoaro boo bo ntse bo mpefala, bo ka ’na ba lebisa ho iphetetseng ka mabifi esita le koluoeng. Ka mohlala, mosebetsi e mong oa lipalangoang tsa sechaba, ea neng a le lehoelea o ile a tlokoa le ho hlorisoa hoo a ileng a qetella a bolaile basebetsi-’moho le eena ba bane ’me le eena a ithunya.

Bompoli ke Kobo-anela

Bompoli baneng ba lilemong tsa ho kena sekolo bo hohle lefatšeng. Phuputso e phatlalalitsoeng koranteng ea Pediatrics in Review e senola hore Norway, karolo ea 14 lekholong ea bana ke bo-’mampoli kapa baa hlorisoa. Japane, karolo ea 15 lekholong ea barutoana ba sekolo sa mathomo ba re baa hlorisoa, ha Australia le Spain, bothata bona bo le teng liithuting tse etsang karolo ea 17 lekholong. Brithani, setsebi se seng se lekanyetsa hore bana ba limilione tse 1,3 baa ameha ho hloriseng ba bang.

Moprofesa Amos Rolider oa Koleche ea Emek Yizre’el, o ile a etsa phuputso barutoaneng ba 2 972 likolong tse 21. Ho latela The Jerusalem Post, moprofesa o ile a fumana hore ba etsang “65% ba ile ba belaela ka hore baa jabeloa, baa rahoa, baa sutumetsoa kapa ho hlekefetsoa ke barutoana ba bang.”

Mokhoa o mong o mocha le o bolotsana oa ho hlorisa ba bang ke oa ho romela melaetsa e sokelang ka mehala ea li-cell le ka lik’homphieutha. Bacha ba boetse ba etsa mecha ea Internet e tletseng lehloeo ka bao ba ba hlorisang, ho akarelletsa le boitsebiso ba bona ba botho. Ho ea ka Dr. Wendy Craig, oa Univesithi ea Queen, Canada, mokhoa ona oa ho hlorisa ba bang ke “o senyang ka tsela e sa tloaelehang haholo ngoaneng ea hlorisoang ke bo-’mampoli.”

Mosebetsing

Bompoli mosebetsing ke se seng sa lisosa tse hōlang ka potlako tsa mathata a amanang le pefo mosebetsing. Ha e le hantle, linaha tse ling li tlaleha hore bo tloaelehile ho feta khethollo ea ’mala kapa ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate. Selemo se seng le se seng, hoo e ka bang mosebetsi a le mong ho ba bahlano United States o tobane le ho hlorisoa ke bo-’mampoli.

Brithani, tlaleho e lokolotsoeng ka 2000 ke Univesithi ea Manchester Institute of Science and Technology e boletse hore ho bahiruoa ba 5 300 mekhatlong e 70, ba etsang karolo ea 47 lekholong ba tlaleha hore ba bone liketsahalo tsa ho hlorisoa ke bo-’mampoli lilemong tse hlano tse fetileng. Phuputso ea 1996 ea European Union e thehiloeng lipuisanong le batho ba 15 800 linaheng tse 15 tseo e leng litho tsa eona e bontšitse hore karolo ea 8 lekholong—e leng basebetsi ba limilione tse 12—e ’nile ea sokeloa kapa ho hlorisoa ke bo-’mampoli.

Ebang ke sekolong kapa mosebetsing, ho bonahala bompoli ka kakaretso bo e-na le litšobotsi tseo bo tšoanang ka tsona—e leng ho utloisa ba bang bohloko ka ho sebelisa matla kapa ho ba theola seriti. Feela ke hobane’ng ha batho ba bang ba hlorisa ba bang? Liphello ke life? Ho ka etsoa’ng ka hona?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Lebokose le leqepheng la 12]

Mefuta ea Bo’mampoli

◼ Bo-’mampoli ba Likhoka: Bana ho bonolo ho ba tseba. Ba bonahatsa bohale ba bona ka ho otla, ho kharametsa, kapa ho raha bahlaseluoa bao ba ba khethileng—kapa ka ho senya thepa ea mahlatsipa a bona.

◼ Bo-’mampoli ba Hlorisang ka Mantsoe: Ba sebelisa mantsoe ho utloisa bahlaseluoa ba bona bohloko le ho ba tlontlolla, ebang ke ka ho ba bitsolla, ho ba rohaka, kapa ka ho ba qholotsa ba sa khaotse ka bokhopo.

◼ Bo-’mampoli ba ho Theha Sekhotsi: Ba jala litaba tsa bo-ba-re tse litšila ka bahlaseluoa ba bona. Boitšoaro bona bo ratoa haholo ke bo-’mampoli ba basali.

◼ Mpoli e Bakiloeng ke Bo-’mampoli: Bana ke mahlatsipa a ho hlorisoa a fetohang bahlorisi ka booona. Ke ’nete hore taba ea hore ba kile ba hlorisoa ha e lokafatse boitšoaro ba bona; empa e hlalosa feela hore na ke hobane’ng ha ba fetohile bo-’mampoli.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Take Action Against Bullying, ea Gesele Lajoie, Alyson McLellan le Cindi Seddon

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela