Batsoali—Ngoana oa Lōna o Bapala ka Eng?
“HO SEBETSA feela a sa bapale ho etsa hore Jack e be moshemane ea thotofetseng.” Ke seo maele a khale a se bolelang. Ho bapala esale e le karolo ea bohlokoa ea bophelo ba bana. Ke ka ho bapala bana ba bulang likelello tsa bona le ho sarolla mesifa ea bona ba bileng ba hōlisang tsebo ea bohlokoa. Leha ho le joalo, kajeno ho bapala ha bana ke khoebo e khōlō. Mekhoa ea papali e laoloa, eseng ke bana kapa batsoali, empa ke bahlahisi, barekisi, baphatlalatsi, le babatlisisi ba khoebo ba bohlale. Ba hlometse ka theknoloji e ncha ea ho etsa lintho tsa ho bapala ebile ba tšehelitsoe ke phatlalatso e matla, ba fetola tikoloho ea ho bapala—’me ho ba le liphello tse tebileng ho batsoali le bana.
Ntle le pelaelo ba bangata indastering ea lintho tsa ho bapala ba na le thahasello ea sebele boiketlong ba bana. Leha ho le joalo, hangata ho etsa phaello ho ba ka sehloohong. Taba ea sehlooho e ba, eseng hore na ke eng e tla ruta bana kapa ho susumetsa menahano ea bona, empa hore na ke eng e tla rekoa. ’Me se rekoang hase ka linako tsohle e leng feela lintho tsa ho bapala tsa lesela, lepolanka, kapa polasetiki tsa nako e sa tsoa feta empa lintho tsa ho bapala tsa theknoloji e rarahaneng, tsa sebele hoo li sieang ho fokolang kapa li sa siee letho monahanong oa ngoana.
Ka mohlala, moetsi e mong o rekisa likoloi tsa ho bapala tse nang le lipopi tse nyenyane tse arohanang ha likoloi li thula ho hong. Ha likoloi tseo li thulana, lipopi li betsa matsoho a tsona, maoto—le lihlooho—ka fensetere ea likoloi tsa tsona tse nyenyane. Ntho e ’ngoe ea ho bapala e kang ke ea sebele e leka ho tšoantša ho ima. Khetsi e kang mokotlana o jaroang mahetleng e entsoeng hore e potolohe mpa ea ngoanana e monyenyane e tšoantša ho raha ho honyenyane ha lesea le ka pōpelong le ntseng le hōla.
Ba bang ba lumela hore lintho tse joalo tsa ho bapala li na le molemo oa thuto. Donna Gibbs, motsamaisi oa likamano le ba phatlalatso oa k’hamphani e etsang lintho tsa ho bapala, o bitsa seo se tšoantšang ho ima “tsela e monate ea hore [banana ba banyenyane] ba arolelane le ’mè seo a fetang tlas’a sona.” Leha ho le joalo, hase bohle ba arolelanang le eena cheseho ea hae. Dr. T. Berry Brazelton, moprofesa oa lefapha le sebetsanang le mafu a bana Sekolong sa Bongaka sa Univesithi ea Harvard, o bitsa ntho ena ea ho bapala ho “kenella ha monyetla oa motsoali oa ho arolelana le ngoana ntho e itseng ea bohlokoa.” Dr. David Elkind, moprofesa oa ho ithuta bana, o hanyetsa ka hore “lintho tsena tsa ho bapala lia fetella.” O re popi e tšoantšang lesea le ka popelong “e ka ’nģane ho seo [bana] ba ka se utloisisang kapa ho se ananela.” Ha e le mabapi le lintho tsa ho bapala tse tšoantšang hantle polao e sehlōhō ea ho thulana ha likoloi, o eketsa ka hore kaha thelevishene e se e ntse e tletse pefo, “ke hobane’ng ha e ka ekelletsoa ka ntho ea ho bapala ea mofuta oo?”—The Globe and Mail, ea la 8 February, 1992.
Ho boetse ho na le ho se utloisisane ka lipapali tse ling tse tummeng, tse kang lipapali tsa video tsa ntoa le lithunya tsa metsi tse matla haholo. Ha ho talingoa seo, ho latela mopresidente oa Baetsi ba Lintho tsa ho Bapala ba Amerika, “ho na le lintho tsa ho bapala tse ka hakanyetsoang ho ba 150 000 tse rekisoang ka nako leha e le efe,” batsoali ba na le phephetso e khōlō ea ho etsa qeto ea hore na ba reke lintho life tsa ho bapala. Ke eng e lokelang ho tataisa batsoali tabeng ee? Na ho na le lebaka le loketseng la ho ameha mabapi le lintho tse ling tsa ho bapala tsa kajeno? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena le tse ling tse amanang le tsona.