Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 8/8 leq. 31
  • Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa Tsa ho Bapalisa Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa Tsa ho Bapalisa Bana
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho tsa Kajeno tsa ho Bapala—Li Ruta Bana ba Rōna Eng?
    Tsoha!—1994
  • Batsoali—Khethang Lintho tsa ho Bapala tsa Ngoana oa Lōna ka Bohlale
    Tsoha!—1994
  • Batsoali—Ngoana oa Lōna o Bapala ka Eng?
    Tsoha!—1994
  • Kereche e se Nang Lintho Tsa ho Bapala
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 8/8 leq. 31

Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa Tsa ho Bapalisa Bana

Ke lokela ho batlela ngoana oa ka ntho ea mofuta ofe ea ho bapala? Ke lokela ho sebelisa chelete e kae? Haeba u motsoali, mohlomong u se u kile ua ipotsa lipotso tsena hangata. Litaba tse monate ke hore lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa ho bapalisa bana e ka ’na ea e-ba tse sa tureng ho hang.

Buka e reng Motivated Minds—Raising Children to Love Learning, e re: “Bana ba rua molemo o moholo linthong tseo ba ka li bapalisang le ho ithuta ho hongata ka tsona ho feta linthong tseo ba li shebellang feela, ka hona, lintho tsa ho bapala tse tloaelehileng, tse hlokang hore ba iqapele tsela ea ho li bapalisa, li molemo ho feta likoloi tse majabajaba tse tsamaeang ka libeteri kapa lipopi tse buang, kaha tsona li behela ngoana moeli oa lintho tseo a ka li etsang.” Lintho tsena tse majabajaba tsa ho bapala li ka “thabisa qalong, empa hangata bana ba felloa ke thahasello kapele hobane ha li ba lumelle hore ba leke lintho tse fapa-fapaneng ka tsona, ba ithute ka tsona, le ho ba le boqapi bo itseng ka tsona.”

Ho itšetlehile ka lilemo tsa ngoana, lintho tsa ho bapala tse susumetsang kelello ea ngoana hore e sebetse li akarelletsa lintho tse tloaelehileng tse kang litene tsa maiketsetso, mabokose a sa tšelang, lipampiri, lintho tsa ho iketsetsa litšoantšo, esita le lehlabathe le metsi. Motivated Minds, e re: “Lintho tse nyenyane tsa ho bapala, tse kang liphoofolo tsa polasing, li tla fa [ngoana] monyetla oa hore a li nyalanye, a li behe ka lihlopha le ho li bapisa, ’me li tla hōlisa bokhoni ba hae ba puo kaha o tla iqapela lipale ka tsona.” Buka eo e boetse e fana ka tlhahiso ea hore ngoana a batleloe seletsa feela sa ’mino—haeba u ikemiselitse ho mamella lerata—kaha sena se thusa ngoana ho ithuta melumo le mekhoa eo e llang ka eona.

Bana ba na le monahano o hlakileng, ’me ba chesehela ho ithuta le ho bapala. Kahoo, ke hobane’ng ha u sa ba thuse lintlheng tsee tse tharo ka ho ba khethela ka bohlale lintho tseo ba ka bapalang ka tsona!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela