Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 10/8 leq. 18
  • Kereche e se Nang Lintho Tsa ho Bapala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kereche e se Nang Lintho Tsa ho Bapala
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa Tsa ho Bapalisa Bana
    Tsoha!—2004
  • Lintho tsa Kajeno tsa ho Bapala—Li Ruta Bana ba Rōna Eng?
    Tsoha!—1994
  • Batsoali—Khethang Lintho tsa ho Bapala tsa Ngoana oa Lōna ka Bohlale
    Tsoha!—1994
  • Batsoali—Ngoana oa Lōna o Bapala ka Eng?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 10/8 leq. 18

Kereche e se Nang Lintho Tsa ho Bapala

KA MONGOLI OA TSOHA! JEREMANE

Hoseng ho hong ha bana ba kena kerecheng, ba ile ba fumana hore likamore tsohle li lephaka ho setse litulo feela. Ba ile ba batla lipopi, merabaraba, kapa liphoofolo tsa lipopi ba ba ba khathala. Hape ho ne ho se na libuka kapa tsona litene tsa maiketsetso. Esita le lipampiri le likere li ne li le sieo. Lintho tsohle tseo ba bapalang ka tsona li ne li tlositsoe ’me li ne li tla khutlisoa ka mor’a likhoeli tse tharo. Ho ne ho etsahetse’ng?

Kereche ena ke e ’ngoe ea tse hōlang Austria, Jeremane le Switzerland tse kopanelang morerong o tsotehang, o mocha o bitsoang ka hore ke Kereche e se Nang Lintho Tsa ho Bapala. Le hoja o utloahala o makatsa, morero ona o thoholelitsoeng haholo ke litsebi tsa bophelo bo botle tsa European Union, sepheo sa oona ke ho thibela ho lemalla lintho. Lilemong tsa morao tjena bafuputsi ba hlokometse hore batho ba batla ba sa lemalle ntho leha e le efe haeba ba e-ba le tsebo ea ho sebelisana le ba bang ho tloha bonyenyaneng. Tlaleho ea koranta e ’ngoe e itse tsena li akarelletsa “tsebo ea ho buisana le ho khona ho iteanya le ba bang habonolo, ho tseba ho lokisa likhohlano, ho jara boikarabelo ba liketso tsa motho, ho ipehela lipakane, ho lemoha mathata, ho fumana thuso le ho fumana tharollo.” Ho latela babuelli ba lenaneo lena, tsebo eo e lokela ho hlaoleloa esale qalong ka hohle kamoo ho ka khonehang, ’me linako tseo ho se nang lintho tsa ho bapala li sebeletsa ’ona morero ona, li khothalletsa motho hore a qape lintho le ho itšepa.

Ho ba sieo ha lintho tseo tsa ho bapala likhoeli tse tharo ho ne ho reriloe ka hloko ’me ho buisanoe le batsoali le bana. Qalong, bana ba bang ba ema lihlooho ha ho se na lintho tseo ba bapalang ka tsona. Tlaleho eo e re: “Ho na le likereche tseo bana ba hlahafalang libekeng tsa pele tse ’nè” ’me beng ba morero le bona ba tlalloe, ba se ke ba tseba hore na ba etse eng. Empa bana ba ithuta ho ikamahanya le maemo ’me ba ithuta ho qapa lintho. Ka ho hloka lintho tseo ba bapalang ka tsona, bana baa buisana, ba rera lintho hammoho, le ho bapala hammoho haholoanyane, e leng ho ntlafatsang tsebo ea ho sebelisana le ba bang le ea ho bua. Ba bang ba neng ba atisa ho “ipata” ka lintho tseo ba bapalang ka tsona hona joale ba etsa metsoalle. Batsoali le bona ba bone liphetoho tse ntle. Ba re bana ba itšoara hantle ha ba bapala ’me ba se ba qapa lintho haholoanyane ho feta pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela