Na Katleho Linthong tse Bonahalang e ka Fana ka Tiisetso ea Thabo?
POCHING ea lilemo li 45, ea hōletseng ka boroa ho Taiwan lilemong tsa bo-1950, oa hopola: “Ho liithuti tse ka bang 50 sekolong, e ne e le a le mong kapa ba babeli ba neng ba roala lieta. Re ne re ke ke ra khona ho ba le tsona. Leha ho le joalo, le ka mohla re ne re sa italime re futsanehile. Re ne re e-na le sohle seo re se hlokang.”
Ho ne ho le joalo lilemong tse ka bang 40 tse fetileng. Ho tloha nakong eo, bophelo bo fetohile haholo ho Poching le ho baahi bohle ba limilione tse 20 ba sehleke-hleke seo. Joalokaha buka Facts and Figures—The Republic of China on Taiwan e hlalosa, “Taiwan [e ile ea] fetoloa ho tloha sechabeng sa temo ho ea sechabeng se mafolo-folo sa indasteri.” Morao ka bo-1970, Taiwan e ne e talingoa e le “sechaba se tsitsitseng, se atlehileng.”
Ka sebele, bopaki ba katleho bo bonoa hohle Taiwan. Ho tloha ka mehaho e melelele ea liofisi ea sejoale-joale e hahiloeng kapele ho pharalla le sehleke-hleke seo kaofela ho ea mebileng e meholo e tletseng ka likoloi tse bitsang chelete e ngata tse rekiloeng linaheng tse ling, katleho ea Taiwan linthong tse bonahalang e etsa hore lichaba tse ling tse tsoelang pele moruong li e honohele. China Post, koranta ea litaba ea Senyesemane ea Taiwan e li hulang pele, e ithorisa ka hore kajeno “batho ba Taiwan ba thabela maemo a bophelo a phahameng ka ho fetisisa historing ea Chaena.”
‘Mathata a Mangata a Hlokisang Phomolo’
Na katleho ee eohle linthong tse bonahalang e tliselitse batho thabo le khotsofalo tsa ’nete? Le hoja ho se na pelaelo ea hore batho ba Taiwan ba na le lintho tse ngata tseo ba ithorisang ka tsona, ho boetse ho na le phello e ’ngoe tabeng ena ea katleho. China Post e tsoela pele ho bolela ka ho khethehileng: “Ka tekanyo ena e phahameng ea leruo ho bile teng mathata a mangata-ngata a rarahaneng le a hlokisang phomolo.” Katleho ea Taiwan linthong tse bonahalang ha e-ea itlela feela tjee.
Mabapi le “mathata a rarahaneng le a hlokisang phomolo” a ntseng a hlasela sehleke-hleke sena seo pele se neng se se na tlōlo ea molao, China Post ea hlokomela: “Lilemong tsa morao tjena tlōlo ea molao le ho hlokeha ha taolo li eketsehile ka tsela e tšosang sechabeng sa rōna se ruileng, li hlahisa tšokelo e hōlang bophelong le thepeng ea baahi bohle ba mamelang molao.” Sehloohong se reng “Leruo le Etsa Hore Taiwan e be Naha ea Takatso e Fetelletseng,” Post e nyatsa ka thata bothata ba khōlo e potlakileng ea “libaka tsa ho jela tseo ho nang le basali ba sa aparang hantle le libara” le ea matlo a botekatsi a sa lumelloang a sebetsang joalokaha eka ke matlo a moo ho kutoang moriri. Ho qhekella le ho koetela ka sepheo sa ho batla thekollo li fetohile bothata bo bong. Tlaleho e ’ngoe e bua ka ho koeteloa ha bana e le “indasteri e ncha e hōlang ea Taiwan.” Ba bangata ba retelehela litlōlong tse joalo tsa molao bakeng sa ho lefa likoloto tsa papali ea chelete kapa ho lahleheloa ke chelete ka litsela tse ling.
Bana hase feela hore ke bahlaseluoa ba se nang molato ba tlōlo ea molao. Ka ho eketsehileng ba ntse ba ameha ka ho etsa litlōlo tsa molao. Litlaleho li bontša hore ka 1989 feela, palo ea litlōlo tsa molao tse entsoeng ke bana ba litlokotsebe e ile ea eketseha ka karolo ea 30 lekholong. Ba bang ha ba sala taba ena morao ba fumana hore e eketseha ka lebaka la ho qhalana ha lelapa, ’me ho bonahala lipalo li tšehetsa sena. Ka mohlala, ho tloha ka 1977 ho ea ho 1987, palo ea batho ba Taiwan ba nyalaneng e ile ea theoha, empa lebelo la tlhalo le ile la feta leo ka makhetlo a mabeli. Kaha ho ea ka neano mokhoa oa bophelo oa Machaena o hatisa bohlokoa ba lelapa sechabeng se tsitsitseng, hase ho makatsang hore ebe ba bangata ba amehile haholo ka maemo a ntseng a senyeha.
Motso oa Bothata
Ho ’nile ha fanoa ka litlhaloso tse sa tšoaneng ho leka ho fumana hantle lebaka la ho senyeha ha taolo sechabeng ka har’a sechaba se atlehileng. Batho ba bang, ba batlang ba sekametse filosofing, ba re e mpa feela e le moputso oa katleho. Empa ho beha molato katlehong kapa ho anafaleng ho tšoana le ho beha lijo molato bakeng sa bonyollo. Hase bohle ba jang bao e leng menyollo, leha e le hore e mong le e mong ea atlehileng o rata lintho tse bonahalang kapa ke motlōli oa molao. Che, katleho linthong tse bonahalang ka boeona ha e bake tlōlo ea molao le ho hlokeha ha taolo sechabeng.
Bohlophisi ba China Post bo ile ba bolela lebaka le leholo le tlatsetsang ho sena. Bo itse: “Ka mashome a lilemo, re ’nile ra beha khatiso e khōlō ntšetso-peleng ea lintho tse bonahalang. Sena ke sona sesosa sa ho theoha ha melao-motheo ea bohlokoa ea boitšoaro le ea moea sechabeng sa rōna kajeno.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E, ho beha khatiso e feteletseng ho phehelleng lintho tse bonahalang ho lebisa boikutlong bo khethehileng ba ho rata lintho tse bonahalang le meharo. Ho hōlisa boithati. Ke bona boikutlo bo joalo bo lebisang ho qhalaneng ha lelapa le ho eketseheng ha lintho tse utloisang bohloko sechabeng. Seo Bibele e se boletseng lilemo tse 2 000 tse fetileng e ntse e le ’nete: “Hobane lerato la chelete [eseng chelete ka boeona] ke motso oa lintho tsa mefuta eohle tse hlahisang kotsi.”—1 Timothea 6:10, NW.
Bothata ba Lefatše ka Bophara
E le ha ba batla khotso le khutso—le polo-keho—ba likete-kete ba falleletse linaheng tse ling ba tsoa Taiwan. Empa mathata ao Taiwan e thulanang le ’ona hase a Taiwan ka ho ikhethang. A tletse lefatšeng ka bophara.
Lilemo tse seng kae tse fetileng phuputso e ile ea bontša hore karolo ea naha e ruileng ka ho fetisisa California, U.S.A., e ne e e-na le lenane le phahameng ka ho fetisisa la tlhalo ka hare ho naha. Karolo e ka etsang 90 lekholong ea thekiso ea matlo libakeng tse ling ka hare ho naha li ne li bile teng ka lebaka la manyalo a qhalaneng. Ho ipolaea ho ne ho imenne habeli ha ho bapisoa le karolelano ea ho ipolaea ho ileng ha tlalehoa. Bokhoba ba tahi e ne e le bo bong ba lintho tse ka holimo-limo ka har’a naha, ’me ho ne ho e-na le lingaka tsa mafu a kelello le litsebi tse ling tsa kelello tse ngata karolong eo ea naha bakeng sa motho ka mong ho feta libakeng tsohle United States.
Jesu Kreste o boletse ’nete ea motheo ha a ne a re: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” (Mattheu 4:4) Ho ba le lintho tse bonahalang, ho sa tsotellehe hore na li ngata hakae, ho ke ke ha khotsofatsa litlhoko tsohle tsa motho, leha e le hore ho ka fana ka tiisetso ea thabo. Ho fapana le seo, hangata ho joalokaha polelo ea Sechaena e bolela: “Ha motho a khotše ebile a futhumetse, o nahana ka ho etsa lintho ka ho feteletseng le litakatso tsa nama tse sa lokelang.” Sena se bonahatsoa ka se etsahalang Taiwan le hohle—hangata ho atleha linthong tse bonahalang feela ho ipaka e le selelekela sa tšenyeho boitšoarong le sechabeng le mathata a tsamaeang le hona.
Joale, ke eng e hlokahalang e le hore katleho linthong tse bonahalang e ka ba karolo ea thabo ea sebele le e tšoarellang? Bakeng sa ho fumana karabo, ka kōpo bala sehlooho se latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Ha motho a khotše ebile a futhumetse, o nahana ka ho etsa lintho ka ho feteletseng le litakatso tsa nama tse sa lokelang.”—Polelo ea Sechaena
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Katleho linthong tse bonahalang e fetotse litoropo tse nyenyane hore e be metse e meholo e lerata, e khantšitsoeng ka mabone a “neon”