Re Mofuta o Nang le Tumelo
Ho Bolela Litaba Tse Molemo Masimong a Raese a Taiwan
KA TLOAELO pula e na haholo Taiwan, e leng ho e nolofalletsang hore e chae raese ka makhetlo a mabeli ka selemo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling pula ha e tle ka nako eo e tšoanetseng ho tla ka eona, ’me sethopo sea shoa. Ha sena se etsahala, na sehoai sea tela? Che. Sea tseba hore ho hlokahala mamello. Se lema sethopo se secha ebe se se hloma bocha masimong. Joale, ha maemo a ntlafala, sehoai sea chaea ha ho kotuloa. Ka linako tse ling ho lema le ho kotula ha moea ho tšoana haholo le hona.
Ho Mamella Kotulong ea Moea
Ho theosa le lilemo Lipaki tsa Jehova tsa Taiwan li ’nile tsa sebetsa ka thata ho jala le ho kotula peō ea ’nete ea Mangolo libakeng tse ling tseo ho tsona ho neng ho bonahala li sa behe. Mohlala o mong ke Seterekeng sa Miao-li. Ho ne ho bile le karabelo e nyenyane boitekong bo neng bo etsoa nako le nako ba ho paka sebakeng sena. Kahoo, ka 1973 banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba abeloa ho ea sebetsa moo e le baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng. Qalong, ba bang ba ile ba bontša thahasello litabeng tse molemo. Leha ho le joalo, thahasello eo e ile ea fela ka potlako. Eaba bo-pula-maliboho bana ba khethehileng ba romeloa sebakeng se seng.
Ka 1991 bo-pula-maliboho ba bang ba babeli ba khethehileng ba ile ba romeloa moo. Empa le nakong ena liketsahalo li ile tsa bontša hore ha e e-s’o be nako ea khōlo ea moea. Ka mor’a lilemo tse seng kae, bo-pula-maliboho bana ba khethehileng ba ile ba romeloa masimong ao ho neng ho tšeptjoa hore a tla beha haholoanyane. Kahoo, tšimo ena e ile ea lala ka nakoana.
Boiteko bo Nchafalitsoeng bo Tsoala Katleho
Ka September 1998 ho ile ha fihleloa qeto ea ho etsa boiteko ba ho batla libaka tse behang haholoanyane tšimong e sa abuoang e khōlō ea Taiwan. See se ne se tla finyelloa joang? Ka ho romela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba 40 hore ba e’o sebetsa masimong a sa abuoang a nang le batho ba bangata haholo.
Metse e ’meli e bapelaneng ea Seterekeng sa Miao-li e ne e le a mang a masimo a neng a khethetsoe phutuho ena. Barali babo rōna ba bane ba masoha ba ne ba tla sebetsa moo ka likhoeli tse tharo ho leka tšimo ena. Kapele hoba ba fihle, ba ile ba ngola litlaleho tse hlasimollang ka palo ea batho ba thahasellang bao ba ba fumanang moo. Nakong eo ba qetang likhoeli tse tharo tsa bopula-maliboho ba bona sebakeng seo, ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tsa mahae tse ngata. Ba ile ba boela ba theha sehlopha sa thuto ea buka ka thuso ea moholo oa phutheho e haufi le moo.
Ba bararo ho barali bana babo rōna ba ile ba totobatsa hore ba ka rata ho tsoela pele ho hlokomela “sethopo” se tetemang se neng se hōla hantle haholo moo. Ka lebaka leo, ba babeli ho bona ba ile ba khetheloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nako eohle, ’me oa boraro a tsoela pele ho sebetsa moo e le pula-maliboho oa kamehla. Moholo e mong oa phutheho e haufi le moo o ile a fallela sebakeng seo ho ea ba thusa. Ba fetang 60 ba ile ba ba teng puong ea pele ea phatlalatsa e ileng ea fanoa sebakeng seo. Hona joale phutheho e haufi e thusa sehlopha sena se sa tsoa thehoa ho tšoara liboka tsa kamehla tsa Sontaha ntle ho lithuto tsa buka tse ngata. Haufinyane ho ka ’na ha thehoa phutheho e ncha sebakeng sena.
Mamello e Tlisa Litlhohonolofatso Likarolong Tse Ling Tsa Taiwan
Libaka tse ling li arabetse ka tsela e tšoanang. Seterekeng sa I-lan karolong e ka leboea-bochabela ea sehlekehleke sena, ho ile ha thehoa Thuto ea Buka ea Phutheho e ncha sebakeng seo bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba neng ba sebetsa ho sona.
Mantsiboeeng a mang ha pula-maliboho e mong ea khethehileng oa nakoana a ntse a kena ka ntlo le ntlo, o ile a teana le mohlankana e mong eaba o mo bontša pampitšana e thathamisitseng liboka tsa phutheho. O ile a botsa ka potlako: “Na nka tla sebokeng hosasane mantsiboea? Haeba ho joalo, ke lokela ho apara’ng?” Pula-maliboho enoa o ile a iphumana beke ka ’ngoe a khanna lithuto tse robeli tsa Bibele le batho ba thahasellang. Kapele feela liithuti tsa Bibele tse ’maloa li ne li lokisetsa ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo, pakane ea tsona e le ho kolobetsoa.
Motho e mong toropong eona ena o ne a ’nile a kena kereke ka lilemo tse ngata empa a sa fumane motho ea ka mo rutang Bibele. Ha a utloa ka tokisetso ea ho ithuta Bibele, o ile a sebelisa monyetla ona. O ile a khothalletsoa ho lokisetsa thuto ea hae esale pele. Ha pula-maliboho ea khethehileng ea nakoana a fihla ho tla khanna thuto, o ile a fumana hore mosali enoa o lokiselitse hantle ka hore a reke buka ea lintlha eo ho eona a neng a ngotse lipotso tse hatisitsoeng tsa karolo eo a ithutang eona. Ho feta moo, o ne a ngotse likarabo tsa hae tsa potso ka ’ngoe. O ne a boetse a kopilelitse bukeng ea hae ea lintlha mangolo ’ohle a ngotsoeng empa a sa qotsoa karolong ea thuto ea hae. Nakong eo morali’abo rōna a tlang ho tla khanna thuto ea pele, mosali enoa o ne a se a lokiselitse lithuto tsa pele tse tharo!
Liphello tse tšoanang li ile tsa bonoa toropong ea Dongshih, Taiwan bohareng. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba ile ba siea libukana tse fetang 2 000 ka likhoeli tse tharo tseo ba sebelitseng moo ka tsona. Khoeling ea boraro, ba ne ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 16. Toropo ena e ile ea senngoa haholo ke tšisinyeho ea lefatše e ileng ea oela Taiwan bohareng ka September 21, 1999, empa ba bang ba thahasellang ba ntse ba tsoela pele moeeng, le hoja ba lokela ho tsamaea leeto le ka nkang hora ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso e haufi. E, mamello ea hlokahala hore motho a chaee, ebang ke lihlahisoa tsa leruo la lintho tsa nama kapa tsa moea.
[’Mapa o leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
CHAENA
Leliboho la Taiwan
TAIWAN
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.