Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 12/8 leq. 3
  • Ho Phehella Katleho Linthong tse Bonahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phehella Katleho Linthong tse Bonahalang
  • Tsoha!—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Katleho Linthong tse Bonahalang e ka Fana ka Tiisetso ea Thabo?
    Tsoha!—1994
  • Bophelo bo Khotsofatsang e le Kannete Lefatšeng le Lecha la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Molimo o re Hlohonolofatsa ka Maruo?
    Tsoha!—2003
  • Na Molimo o Batla Hore U be Morui?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 12/8 leq. 3

Ho Phehella Katleho Linthong tse Bonahalang

KA MONGOLLI OA TSOHA! TAIWAN

‘CHELETE e ke ke ea reka thabo!’ Esita le hoja batho ba bangata ba batla ba lumellana le polelo eo, ba bangata ba bona ba sa ntse ba phehella ka matla maruo a bonahalang e le tsela e lebisang bophelong bo thabileng haholoanyane. ’Me ke hobane’ng ha ba ke ke ba etsa joalo? Etsoe, ho bonahala eka tharollo ea mathata a mangata hakana a moloko oa batho e itšetlehile ka ho atleha le ho anafala ha lintho tse bonahalang.

Nahana feela hore na e ne e tla ba lefatše le fapaneng hakaakang haeba motho e mong le e mong, monna, mosali, le ngoana ba ne ba thabela bophelo ba ho atleha linthong tse bonahalang! Ho ne ho sa tl’o hlola ho e-ba teng lintho tse sa hlompheheng le tse utloisang bohloko tsa batho ba limilione ba lulang litakaneng le mek’huk’hung. Bothata ba ho hloka lehae, boo hona joale bo hlaselang sechaba se seng le se seng, ebang ke se ruileng kapa se futsanehileng, le bona bo ne bo tla be bo felile.

Ho thoe’ng ka bophelo bo botle, boo e leng ba bohlokoa hakaale bakeng sa ho thaba? Le hoja saense ea meriana e hatela pele ka potlako hakana, batho ba bangata haholoanyane baa hlokomela hore ba ke ke ba khona ho lefella litšebeletso tsa eona. Ka lehlakoreng le leng, letsatsi ka leng batho ba limilione ba ntse ba angoa ke tlala le khaello ea phepo e nepahetseng. Haeba katleho e ne e le teng lefatšeng ka bophara, e mong le e mong o ne a tla ba le monyetla oa ho phela bophelo bo koenneng haholoanyane, ka hona e le bo thabileng haholoanyane—na ha ho joalo?

Esita le lefatše ka bolona le ne le tla rua molemo. Joang? Hona joale tikoloho ea lefatše e ntse e senngoa ke lintho tse silafatsang tse bolaeang, tseo ka karolo e ’ngoe li bakoang ke ho cha ha mashala, oli, kapa likhase tsa tlhaho. Leha ho le joalo, lebaka le leng le boletsoeng bakeng sa ho se phehelle theknoloji e hlokahalang bakeng sa ho sebelisa mekhoa e hloekileng haholoanyane ea matla ke hore ho hloka chelete e ngata haholo. Ho rengoa ha meru ea moo ho nang lipula tsa litloebelele, e leng tšokelo e ’ngoe e tebileng ea tikoloho, ho boetse ho behoa molato haholo mabakeng a moruo.

Kaha katleho linthong tse bonahalang ho bonahala eka e ka rarolla mathata a rōna a mangata ’me e felise ho utloa bohloko ho hongata hakana, hase ho makatsang ha ka nako e telele batho ba bangata ba ’nile ba amahanya leruo le thabo. Ka mohlala, ha batho ba Bophirimela ka tloaelo ba lumelisana ka ho re “Thabo Selemong se Secha!” ka Letsatsi la Selemo se Secha, Machaena, nakong ea khoeli ea Selemo se Secha, ho ea ka neano a re “Kung hsi fa tsai,” ba lakaletsana hore ba tla hle ba ‘bokelle leruo!’ E, ha ho na khanyetso hore re phela lefatšeng leo batho ba entseng ho phehella katleho linthong tse bonahalang ntho e tlang pele e ka holimo, haeba hase eona e ka holimo-limo. Hangata ho atleha kapa ho hlōleha ho lekanyetsoa ka bongata ba leruo la lintho tse bonahalang leo motho a nang le lona.

Le hoja ho ba le lintho tse bonahalang le ho li thabela ka bohona e se hakaalo hore ho fosahetse, na li ka fana ka tiisetso ea thabo? Ho lokela ho talingoa ho le bohlokoa hakae? Na ka sebele katleho linthong tse bonahalang ke senotlolo se lebisang lefatšeng le molemonyana?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela