Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 3/8 leq. 10
  • Na ba Tla Bolela ka Ntlo le Ntlo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ba Tla Bolela ka Ntlo le Ntlo?
  • Tsoha!—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?
    Tsoha!—1987
  • Kereke e K’hatholike Afrika
    Tsoha!—1995
Tsoha!—1995
g95 3/8 leq. 10

Na ba Tla Bolela ka Ntlo le Ntlo?

“MOPAPA o Romela Baboleli Literateng tsa Roma.” Seo e ne e le sehlooho tlalehong ea litaba ea Greg Burke. O ile a ngola: “Mopapa John Paul o khothalelitse Mak’hatholike a Italy ho latela mohlala oa lihlotšoana tsa bolumeli tse kang Lipaki tsa Jehova, tse ’nileng tsa fumana basokolohi ka har’a naha, ’me a qale ho bolela ka ntlo le ntlo.

“‘Ena hase nako ea ho ba lihlong ka baka la Kosepele, ke nako ea ho e bolela phatlalatsa,’ Mopapa o ile a bolela seo ka Mantaha ho baboleli ba tsamaeang ba 350 le ho matichere a bolumeli. . . .

“O ile a ba bolella: ‘Ke tšepa hore morero oa lōna oa ho bolela Kosepele literateng . . . o tla tlisa litholoana tse ngata. Le sibolotse hape mokhoa oa boboleli o finyellang haesita le ba ileng ba kheloha tumelong.’”

Motlalehi Burke o hlokometse: “Lenane la ba bang teng Kerekeng e K’hatholike Italy le fokotsehile ka ho tšabehang lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng, ’me taba-tabelo ea Mopapa bakeng sa baboleli ba eang ka ntlo le ntlo e bonahala bonyane e batla e le karabelo bakeng sa tšusumetso e ntseng e fokotseha ea eona [Kereke].”

Khothaletso e joalo ea hore ho “qalisoe ho bolela ka ntlo le ntlo” ha e ncha ka ho feletseng. Mopapa oa nakong e fetileng, Paul VI, o boletse hore Kereke e Kh’atholike “e teng bakeng sa ho bolela evangeli.” ’Me mopapa oa hona joale, John Paul II, o ile a lokolla Redemptoris Missio lengolong la hae le akaretsang le eang ho babishopo ka 1991 e le ho hlokomelisa kereke bohlokoa ba ho phethahatsa taelo ea Jesu ea ho bolela phatlalatsa.

Mongoli Peter Hernon oa Roma e K’hatholike o ile a hlahisa potso ho Catholic Herald ea London: “Ho etsahetse’ng ka ho boleloa ha evangeli?” O ne a amehile haholo ka “lilemo tse leshome tsa ho bolela evangeli” tseo e seng e le lilemo tse ’maloa li phatlalalitsoe. Ha a ne a botsa mobishopo mabapi le khaello ea tsoelo-pele, mobishopo o ile a arabela: “Ha ua tlameha ho potlaka. Ke hona Kereke e nang le lilemo tse 2000 feela e le teng.”

Hase ho makatsang ha Hernon a ile a botsa: “Ho kae ho potlaka hoo Jesu a ileng a ho hasa ha A ne a rōma barutuoa ba Hae ho bolela evangeli metseng e potolohileng moo? Kapa Mohalaleli Pauluse ha a ne a re: ‘Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Kosepele! (1 Ba-Kor 9:16).’” Ka sebele, na ebe Mak’hatholike a tla hle a etsise Bakreste ba pele ba neng ba bolela phatlalatsa “le ka ntlo le ntlo”?—Liketso 5:42; 20:20, Douay Version.

Hernon o ile a lumela hore tabeng ea ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo, a “ka utloa ba belaelang ba honotha ‘eo ke khopolo e sa utloahaleng.’ Ha ho joalo,” Hernon oa arabela. “E le ho lokafatsa polelo eo ho hlokahala hore ke sebelise lentsoe le lebe. Kea tseba hore le lebe hobane nakong e fetileng ha ke ne ke le sebelisitse sehloohong sa K’hatholike karolo eo eohle e ile ea hlakoloa (le hoja ho se letho le leng le ileng la fetoloa). Lentsoe leo ke Lipaki tsa Jehova. . . . Paki ka ’ngoe e boetse e rutoa hore ka ho bolela ha eona, ehlile ke moromuoa.”

Le hoja Hernon a sa lumellane le tumelo ea Lipaki tsa Jehova, o lumela hore ha motho a nahana ka mekhoa ea tsona ea ho bolela, “habonolo motho o hopotsoa ka Kereke ea pele joalokaha e hlalositsoe ho liketso tsa Baapostola.”

Lipaki tsa Jehova li ntšetsa pele tšebeletso ea tsona e chesehang ea ntlo le ntlo, ka ho etsa joalo mehleng ea kajeno li phethahatsa taelo ena ea Jesu Kreste: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela