“Tlokotsi ea Chelete”
KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA
HO LATELA tlaleho ea UNICEF (Letlōle la Machaba a Kopaneng la Lithuso tsa Bana), Afrika e ka boroa ho Sahara e hlokofatsoa ke “tlokotsi ea chelete.” Hoo e batlang e le halofo ea baahi—batho ba ka bang limilione tse 220—ba phela bofutsaneng ka ho feletseng, ba hlōleha ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa motheo. Moahi feela ea tloaelehileng o futsanehile ka karolo ea 20 lekholong ho feta kamoo a neng a le kateng lilemong tse leshome tse fetileng.
Tlaleho eo e re: “Thutong, lilemo tsa bo-1980 li ka hlalosoa feela joaloka lilemo tse leshome tse senyehileng.” Chelete e ntšetsoang seithuti ka seng e fokotsehile ka karolo ea boraro, ’me bana ba ngolisang likolong tsa mathomo ba fokotsehile ho tloha ho karolo ea 79 ho isa ho ea 67 lekholong. Litšebeletso tsa bophelo bo botle li boetse lia fokotseha linaheng tse ngata tsa Afrika, litleliniki tse ngata lia koaloa ka lebaka la ho haella ha basebetsi le meriana.
Tlaleho e thathamisa mabaka a mangata a tlokotsi ea moruo oa k’honthinente ena, ho akarelletsa le chelete e sebelisoang sesoleng, khoebo e theohang, le likoloto tse khōlō, tseo litsebi li bolelang hore ha ho mohla li tla lefuoa. Tlaleho ea UNICEF e bolela hore “ha ho mohla Afrika e tla hlaphoheloa ntle le boiteko ba machaba ka tekanyo e khōlō eo ho seng mohla ho kileng ha nahanoa ka eona.”
Na mohlomong sena se ka etsahala? Ka botšepehi Bibele e re: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” (Pesaleme ea 146:3) Tharollo bakeng sa mathata a Afrika a tebileng ha ea itšetleha ka mebuso ea batho. Ke ’Muso oa Molimo o tla tlisa tharollo ea ka ho sa feleng—eseng Afrika feela empa lefatšeng lohle.—Mattheu 6:10.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
WHO/OXFAM