Ho Etsahala’ng ka Bo-Nkhono Le Bo-Ntate-Moholo?
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
“Ke ne ke sa lumele hore ha ke le ntate-moholo litloholo tsa ka li ne li ka ntšoara ka bonolo hakaalo. Ke limpho—ke baemeli ba molemo, ba lokileng bakeng sa ho matlafatsa litlamo tsa kameho e lerato.”—Ettore, ntate-moholo.
HO SA tsotellehe kamano e molemo e boletsoeng ka holimo, bo-nkhono, bo-ntate-moholo, batsoali le litloholo hase kamehla ba phelang hammoho ka kutloano mehleng ena. Ho e-na le ho sebelisana hammoho, meloko ena e meraro hangata e ba le likhohlano. Phello e ba efe? Bolutu bo ntseng bo eketseha le ho se thabe har’a ba hōlileng, bo-nkhono le bo-ntate-moholo—litho tsa lelapa tseo hangata li pepesehelang tlhaselo habonolo le ho behelloa ka thōko, e leng bona bao litho tse ling tsa lelapa li retelehelang ho bona ha li e-na le mathata a lichelete. Boemo ke bofe lelapeng leo u leng ho lona? Na ruri bo-nkhono le bo-ntate-moholo baa ananeloa?
Lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, liphetoho tse hlokomelehang lefatšeng ka bophara tsa sechaba li amme lelapa le likamano tsa lona, e leng se bakileng ho felisoa ka ho feletseng ha lelapa la tsamaiso ea puso ea monna. Europe, ke batho ba hōlileng ba etsang karolo ea 2 lekholong feela ba lulang le bana ba bona. Leha ho le joalo, lichabeng tse tsoetseng pele indastering, ka lebaka la keketseho ea nako e lebeletsoeng ea ho phela ha motho le ho fokotseha ha bana ba tsoaloang, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba ntse ba eketseha ha ba bapisoa le baahi ka kakaretso. Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba etsa karolo ea 26 lekholong ea baahi ba Europe, ’me ho latela patlisiso e phatlalalitsoeng ke European Union, palo ena e “tla eketseha.” Asahi Evening News e bolela hore Japane “e motlōtlō ka moetlo oa eona oa ho hlokomela baahi ba eona ba hōlileng.” Leha ho le joalo, ho na le tloaelo e atileng e ntseng e eketseha, haholo-holo metseng e meholo, ea ho siea bo-nkhono le bo-ntate-moholo lipetlele le litleliniking tse khethehileng esita leha ho se na tlhokahalo ea sebele ea ho kena sepetlele. Le Afrika Boroa, moo ho latela moetlo batho ba hōlileng ba ’nileng ba tšoaroa ka tlhompho, hona joale ho na le tšekamelo e utloisang bohloko ea ho khesa ba hōlileng, ho latela koranta ea Cape Town ea The Cape Times. Tlaleho e supa hore malapa a batla “ho thabela bophelo ka hohle kamoo ho ka khonehang” ’me a “ithetsa ka hore hang ha a behile nkhono moo a sireletsehileng teng lehaeng la maqheku, a entse sohle se lebelletsoeng ho ’ona.”
Eona koranta ena e bolela mohlala o mong oa sebele oo ho oona nkhono ea seng a hōlile a behoang lehaeng le letle la maqheku ke bana ba hae ba bararo, “ka litšepiso tsa hore ba tla mo tšehetsa le ho mo etela kamehla.” Empa ho etsahala’ng ka eena? “Qalong ba mo etela letsatsi le letsatsi. Ka mor’a libeke tse itseng ketelo ea bona e theohela ho makhetlo a mararo ka beke. Joale e ba hang ka beke. Ka mor’a selemo e ba habeli kapa hararo ka khoeli, qetellong e ba ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng ka selemo ’me qetellong ha ba sa mo etela ho hang.” Nkhono enoa o ile a qeta matsatsi a hae a bonahalang a sa fele joang? Tlhaloso e otlang pelo e re: “Kamore ea hae e ne e e-na le fensetere eo ka eona a khonang ho bona sefate, ’me metsoalle ea hae feela e phelang e ne e le maeba le matšoemila a neng a lula ho sona. O emela hore a fihle ka taba-tabelo e kang ke beng ka eena ba haufi.”
Ka lebaka la ho fetola mekhoa ea bophelo ea Afrika Boroa ho e etsa ea Bophirimela, e leng se etsang hore ba bangata ba batle mesebetsi metseng e meholo, le malapa a thehiloeng ka leloko a hlaheloa ke ntho e tšoanang. Ntle le ho fetoha ha maemo a sechaba, mabaka a mang a ho lahla bo-nkhono le bo-ntate-moholo kherehloa ke ho fela ha litšoaneleho tsa botho tse etsang hore ho be teng bophelo bo thabileng ba sechaba le ba lelapa—molemo, ho hlompha moahisani, kameho e lerato ea lelapa—le ho ata ha moea oa boithati, ho phelela menyaka, boikhohomoso le bofetoheli. Ho latela Mangolo, ho hlepha ho joalo ha boitšoaro ke pontšo ea hore re phela “mehleng ea qetello.” (2 Timothea 3:1-5) Ka hona, ho e-na le ho nka bo-nkhono le bo-ntate-moholo e le batho ba bohlokoa kaha e le mohloli oa leruo le botsitso, hangata bana le litloholo ba ba nka e le tšitiso e boima, e seng tumellanong le phetoho e potlakileng ea sechaba.a
Lekhalo la moloko le ntse le mpefala ka ho eketsehileng, ’me le baka tsitsipano e khōlō, haholo-holo ha ba hōlileng ba phela le malapa a bona. Leha ho le joalo, tlatsetso e etsoang ke bo-nkhono le bo-ntate-moholo e ka ba e molemo haholo! Joale, a mang a mathata a sehlooho pakeng tsa meloko a sitisang hore ho be teng likamano tse lerato pakeng tsa bo-nkhono, bo-ntate-moholo, bana le litloholo ke afe? Hona bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba ka tsosolosa karolo ea bona ea bohlokoa tikolohong ea lelapa joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho tlameha ho utloisisoe hore tlas’a maemo a mang a botsofali le mathata a tebileng a bophelo, lehae la maqheku le nang le basebetsi ba litsebi e ka ba tokisetso e lerato ka ho fetisisa le e sebetsang bakeng sa batsoali ba bang ba hōlileng.