Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 7/8 maq. 5-7
  • A Mang a Mathata ke Afe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A Mang a Mathata ke Afe?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Puisano e Fela
  • Mohlala oa Hao o ka Etsa Phapang
  • “Ho Natefisa Bophelo ba Rōna”
  • Ho Phela Hammoho ka Lerato
    Tsoha!—1995
  • Nka Atamela Haufi-ufi le Nkhono le Ntate-moholo Joang?
    Tsoha!—2001
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Tseba Nkhono le Ntate-moholo Haholoanyane?
    Tsoha!—2001
  • Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo—Thabo ea Bona le Liphephetso
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 7/8 maq. 5-7

A Mang a Mathata ke Afe?

Bo-nkhono le bo-ntate-moholo, batsoali le litloholo—ke meloko e meraro e arotsoeng ke lilemo tse mashome a seng makae, leha ho le joalo hangata kelellong le ponong ba fapane ka ho hlokomelehang.

BO-NKHONO le bo-ntate-moholo ba bangata ba fetile tlas’a phihlelo e tšosang ea ntoa ea bobeli ea lefatše, hammoho le liphello tsohle tsa eona tse senyang. Mohlomong bana ba bona ba ne ba le banyenyane nakong ea boipelaetso le ho oa ha moruo lilemong tsa bo-1960. Litloholo tsa bona kajeno li phela lefatšeng le se nang melao-motheo ea bohlokoa. Ka lebaka la hore kajeno ho na le phetoho e potlakileng mabapi le batho ba nkoang e le mohlala sechabeng, ha ho bonolo hore moloko o mong o fetisetse ho o latelang ntho ea bohlokoa eo o e fumaneng. Ho na le se haellang, se lokelang ho susumetsa batho ba meloko e fapaneng hore ba sebelisane hammoho ’me ba hlomphane. E ka ba ke’ng?

Hangata, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba nang le boikemisetso bo botle ba itšunya-tšunya litabeng tsa lelapa tsa bana ba bona ba leng lenyalong, ba tletleba ka hore ho bonahala batsoali ba le thata haholo kapa ba sa fane ka taeo e hlokahalang ho litloholo. Ka lehlakoreng le leng, maele a Sepanishe a re: “Khalemelo e tsoang ho bo-nkhono le bo-ntate-moholo ha e hlahise litloholo tse molemo”—kaha bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bonolo. Mohlomong ba kenella hobane ba ka thabela ha bana ba bona ba qoba liphoso tse ling tseo, ka lebaka la phihlelo ea bona, ba khonang ho li bona ka ho hlakileng. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ha ba khone ho lekanyetsa le ho lemoha kamano e fetohileng eo ba nang le eona le bana ba bona ba leng lenyalong ka tsela e bontšang ho leka-lekana. Bana, bao lenyalo le ba fileng tokoloho eo e leng khale ba e laba-labela, ha baa ikemisetsa ho mamella tšitiso. Kaha joale baa sebetsa ho hlokomela lelapa, ba ke ke ba lumela hore ho kenelloe litokelong tsa bona tsa ho iketsetsa liqeto. Litloholo, tse ka ’nang tsa nahana hore li tseba sohle, li khopisoa ke melao le litaelo ’me mohlomong li nahana hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba tsona ha ba kheme le linako. Lichabeng tsa kajeno, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ho bonahala ba sa ipiletse. Hangata phihlelo ea bona e ea hlokomolohuoa.

Ha Puisano e Fela

Ka linako tse ling lebota le thata la ho hloka kutloisisano le arola bo-nkhono le bo-ntate-moholo ho litho tse ling tsa lelapa esita le hoja ba lula le bana ba bona. Ka bomalimabe, sena se etsahala hantle ka nako ea ha ka lebaka la botsofali, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hloka ho bontšoa kameho e khōloanyane ea lerato. Ha ho hlokahale hore motho a be mong hore a tšoaroe ke bolutu. Ha puisano e fela, ha tlhompho le kameho e lerato li nkeloa sebaka ke ho iphahamisa kapa khalefo, liphello e ba ho ikarola ka ho feletseng le masoabi a maholo ho bo-nkhono le bo-ntate-moholo. Ba utloa bohloko ka hare-hare maikutlong. Tichere Giacomo Dacquino oa ngola: “Lerato ka lapeng, leo haufinyane tjena motho e mong a ileng a le tšoantša le koloi ea khale, e nketsoeng sebaka ke tse ling, e sa ntse e le moriana o molemohali oa maqheku. Ponahalo ea sefahleho e bontšang kutloisiso, pososelo e mosa, lentsoe le molemo, kapa ho kopa ka letsoho ho thusa ho feta meriana e mengata.”—Libertà di invecchiare (Tokoloho ea ho Tsofala).

Mohlala oa Hao o ka Etsa Phapang

Tsitsipano e bakoang ke likamano tse senyehang tsa lelapa e boetse e baka litletlebo tse sa feleng tsa moloko o mong khahlanong le o mong. Setho se seng sa lelapa se ka ’na sa nahana hore eng kapa eng e etsoang ke se seng e fosahetse. Empa liphello tse bohloko li utluoa ke bohle. Bana ba hlokomela kamoo batsoali ba tšoarang bo-nkhono le bo-ntate-moholo kateng le kamoo ka lehlakoreng le leng, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba arabelang kateng. Le hoja ba hōlileng, hangata ba mamella ba thotse, litloholo lia utloa, lia bona, ’me lia hopola. Ka hona ho susumetsoa tsela eo ba tla itšoara ka eona nakong e tlang. Ha e le batho ba baholo, ba ka ’na ba tšoara batsoali ba bona ka tsela eo ba ileng ba tšoara bo-nkhono le bo-ntate-moholo ka eona. Ha ho mokhoa oa ho balehela molao-motheo oa Bibele: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.

Haeba litloholo li bona batsoali ba tšoara bo-nkhono le bo-ntate-moholo ka tsela e bontšang ho iphahamisa—ba bapala ka bona, ba ba khutsisa ka bohale, kapa esita le ho ba tšoara hampe—ena ke tsela eo le tsona li ka ’nang tsa tšoara batsoali ba tsona ka eona ha ba se ba hōlile. Ha hoa lekana ho beha foto e kentsoeng foreiming ea bo-nkhono le bo-ntate-moholo holim’a raka—ba tlameha ho bontšoa tlhompho le lerato joaloka batho. Ha nako e ntse e feta, le litloholo li ka ’na tsa ba tšoara ka tsela e tšoanang. Ho boleloa hore taba e hlokomelehang ea ho tšoara bo-nkhono le bo-ntate-moholo hampe e ntse e ata haholoanyane. Linaheng tse ling tsa Europe, ho na le tokisetso ea thelefono bakeng sa ho thusa batho ba hōlileng ba tšoaroang hampe, e tšoanang le e seng e ntse e le teng ea ho sireletsa bana.

Boithati, boikhohomoso, le ho haelloa ke lerato li susumetsa le ho eketsa ho hloka kutloisiso. Ka hona, palo ea ba lekang ho tlosa bo-nkhono le bo-ntate-moholo tseleng ka ho ba isa lehaeng la maqheku ea eketseha. Ba bang ba ikemiselitse ho sebelisa chelete e ngata bakeng sa ho ikimolla moroalo oa ho hlokomela ba hōlileng, ba ba isa litsing tse khethehileng tse nang le thepa ea theknoloji ea morao-rao kapa mahaeng a maqheku joaloka a leng Florida kapa California, U.S.A., a nang le lisuphamakete tse khōlō le libaka tsa boithabiso empa leha ho le joalo a se na pososelo le ho kopa ka matsoho ho etsoang ke baratuoa ba bona le ke litloholo. Haholo-holo linakong tsa matsatsi a phomolo, ba bangata ba batla sebaka sa ho “siea” bo-nkhono le bo-ntate-moholo ka nakoana. India boemo ka linako tse ling e ba bo bobe haholoanyane ha bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba lahloa kherehloa ’me ba tlohelloa hore ba itšokolele.

Mathata a ho boloka likamano tse haufi-ufi tsa lelapa a eketsoa ke tlhalo. Ke lelapa le le leng feela ho a mane Brithani le nang le batsoali ba ntseng ba phela ntlong e le ’ngoe ka bobeli. Tlhalo e jele setsi lefatšeng ka bophara. United States, ho na le litlhalo tse fetang milione selemo se seng le se seng. Ka hona ba sa lebella, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba iphumana ba tobane le maqakabetsi a lenyalo la bana ba bona le liphetoho tse latelang likamanong tsa bona le litloholo tsa bona. Ho phaella tabeng e lihlong ea ho sebetsana le eo e neng e le mokhoenyana kapa ngoetsi ke bothata ba “ho fihla ka tšohanyetso ha setloholo ‘se iphumanetsoeng’” haeba, joalokaha ho tlalehile koranta ea Italy Corriere Salute, “molekane e mocha oa mora kapa morali oa bona a bile le bana lenyalong la pele.”

“Ho Natefisa Bophelo ba Rōna”

Leha ho le joalo, kamano e mofuthu, e lerato le bo-nkhono le bo-ntate-moholo, ebang ba phela le litho tse ling tsa lelapa kapa che, e molemo ho bohle. Ryoko, nkhono e mong oa Fukui, Japane o re: “Ho etsetsa bana ba rōna le litloholo tsa rōna lintho, ho lekane bakeng sa ho natefisa bophelo ba rōna.” Ho latela se fumanoeng ha ho etsoa phuputso e tlalehiloeng ke Corriere Salute, sehlopha sa litsebi tsa United States se tlalehoa se itse: “Ha bo-nkhono le bo-ntate-moholo le litloholo ba bile le lehlohonolo la ho thabela kamano e haufi le e lerato, ho na le molemo o moholo eseng feela ho bana empa hape le ho lelapa lohle.”

Joale, ho ka etsoa’ng ho hlōla ho se lumellane ka maikutlo a botho, makhalo a moloko, le litšekamelo tsa tlhaho tsa boithati tse bakang tšusumetso e kotsi hakaale likamanong tsa lelapa? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Ntho e mpe ka ho tsofala ke hore ha ho ea u mamelang.”—Albert Camus, sengoli sa lipale sa Lefora

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela