Ho Phela Hammoho ka Lerato
Nkhono le Ntate-moholo ba Ratehang,
Le phela joang? Ke nahana hore ke tlil’o tšoaroa ke sefuba.
Kea leboha ha le ile la bapala le ’na ka letsatsi lela. Le ile la nkisa serapeng sa sechaba sa lifate le sebakeng sa ho tola sa sechaba. Ke ila ka thabela seo haholo.
Isao ka la 11 February, re tla ba le konsarete ea sekolo sa rōna. Haeba le ka khona ho tla hape, ke kōpa hore le tle.
Re thaba haholo ha le tlile, Nkhono le Ntate-moholo.
Ke kōpa hore le itlhokomele, ’me le phele hantle kamehla. Ho tla bata, kahoo hlokomelang hore le se tšoaroe ke sefuba.
Ke lebeletse nakong e tlang ha le tla tla ’me le bapale le ’na. Ke kōpa hore le ntumelisetse Yumi le Masaki.
Mika (Oa Japane)
NA SETLOHOLO sa hao se kile sa u ngolla lengolo le tjee? Haeba ho joalo, ha u le amohela, ntle ho pelaelo le ile la u thabisa haholo. Mangolo a joalo ke bopaki ba kamano e ntle le e lerato pakeng tsa bo-nkhono le bo-ntate-moholo le litloholo. Empa ho hlokahala eng ho theha, ho boloka, le ho matlafatsa kamano ea mofuta oo? E ka ba molemo joang bakeng sa meloko eohle e meraro?
Lerato—“Tlamo ea Phetheho”
Roy le Jean, nkhono le ntate-moholo ba Brithani, ba re: “Melao-motheo ea sehlooho, re nahana hore ke ho lemoha bohlooho le ho phelisana hammoho ka lerato.” Lipaki tsena tse peli tsa Jehova ka ho khetheha li ile tsa qotsa lengolo le leng ho Ba-Kolosse 3:14, le hlalosang hore lerato la Bokreste ke “tlamo ea phetheho.” Lerato le hlahisa tlhompho, tlhokomelo e nahanetsoeng, kameho e lerato le bonngoe ba lelapa. Ha Ntate a fihla lapeng a tsoa mosebetsing, lelapa lohle lea mo mathela ho mo amohela ka mofuthu. Haeba lerato le le teng lapeng, ho etsahala ntho e tšoanang ha bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba fihla. Ngoana ea thabileng o re: “Nkhono le Ntate-moholo ke bao!” Mantsiboeeng ao, lelapa le akarelletsang beng ka motho ba haufi le ja lijo tsa mantsiboea, ’me ntate-moholo, ho latela tloaelo, o lula setulong sa baeti ba bohlokoa. Na u ka ipona le lelapa la hao ponong ena e lerato? Na le thabela tlhohonolofatso ee?
“Moriri o Moputsoa ke Mokhabo”
Ka ho hlakileng, lerato le tlhompho bakeng sa bo-nkhono le bo-ntate-moholo le tlameha ho bontšoa ka linako tsohle, eseng feela maemong a khethehileng. Ka lebaka lena hoa hlokahala ho ruta bana nako le nako. Lapeng bana ba ithuta ho rata beng ka bona le ba bang, ba latela mohlala o behiloeng ke batsoali ba bona. Mohlala oa bona ke oa bohlokoa, joalokaha ho bontšoa ke ba bangata bao ho buisanoeng le bona mabapi le taba ena. Macaiah, ntate e mong oa Motseng oa Benin, Nigeria, o re: “Ke nahana hore mohlala oa ka oa ho hlompha batsoali ba mosali oa ka o boetse o thusitse bana ba ka ho ikokobetsa le ho ba le tlhompho. Ke bitsa batsoali ba mosali oa ka ‘Ntate’ le ‘’Mè.’ Bana ba ka ba utloa sena ’me baa bona hore ke ba hlompha joaloka batsoali ba ka ba sebele.”
Haeba litloholo li sa hlomphe bo-nkhono le bo-ntate-moholo, ba ka ’na ba halefisoa ke sena, eseng hakaalo ke phoso empa ke taba ea hore batsoali ha ba li khalemele. Demetrio, ntate-moholo e mong oa Roma, Italy, o re: “Ke bona lerato leo morali oa ka le mokhoenyana oa ka ba nang le lona ho rōna ka tsela eo ba rutang litloholo tsa rōna ho re hlompha le ho re tlotla ka eona.” Ka linako tse ling, litloholo li ka ’na tsa tloaela bo-nkhono le bo-ntate-moholo hampe, joalokaha eka ke lithaka tsa tsona, kapa tsa nka hore li ba phahametse. Ke boikarabelo ba batsoali ho lokisa tšekamelo leha e le efe e joalo. Paul, Paki e ’ngoe ea Nigeria, o re: “Nakong e ka etsang selemo e fetileng, bana ba ile ba qala ho shebela ’Mè fatše. Ha ke hlokomela sena, ke ile ka ba balla Liproverbia 16:31: ‘Moriri o moputsoa, ha o fumanoa tseleng ea ho loka, ke mokhabo oa hlompho,’ ’me ke ile ka boela ka ba hopotsa hore Nkhono ke ’mè oa ka. Joalokaha ba ntlhompha, ba lokela ho mo hlompha le eena. Ke ile ka boela ka ithuta le bona khaolo ea 10 bukeng ea Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona,a tlas’a sehlooho se reng ‘U Nka Batsoali ba Hao Joang?’ Hona joale, ha ba sa na mathata mabapi le ho hlompha nkhono oa bona.”
Melemo ea ho Hlaolela Likamano Tsa Lelapa
Kameho e lerato e bontšanoang e ka hlaoleloa esita leha litho tsa lelapa li lula hōle le tse ling. Stephen, ntate-moholo e mong oa Nigeria, o re: “Re ngolla e mong le e mong oa litloholo tsa rōna. Ke mosebetsi o hlokang boiteko bo bongata, empa moputso oa ho haha le ho boloka kamano e haufi le litloholo o moholo haholo.” Boiteko ba batsoali ke ba bohlokoa tabeng ena. Ba bang, ho latela maemo a bona, ba buisana ka thelefono.
Giuseppe, ntate-moholo e mong oa Bari, Italy, ea nang le litloholo tse 11, o hlalosa kamoo a hlaolelang botsoalle bo mofuthu le litho tsa lelapa la hae tse haufi: “Ha hajoale, malapa a mararo ho a tšeletseng a etsang ‘leloko’ la ka a lula hōle. Empa sena ha se tšitiso tabeng ea ho ba le litšebelisano tse ntle le ho ba le ’moka. Re na le tloaelo ea ho kopana bonyane hang ka selemo, kaofela ha rōna re le 24.”
Ha bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba lula ba le bang, haeba ho etelana, ho letsetsana thelefono, kapa ho ngollana pakeng tsa litho tsa lelapa e se lintho tse etsoang kamehla, ho ke ke ha ba le likamano tse haufi. Kameho e lerato e tlameha ho bontšoa kamehla. Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bang ba ntseng ba le lilemong tse bohareng kapa ba ntseng ba phetse hantle ba batla ho lula ba le bang ha ba sa ntse ba e-na le matla ’me ba khona ho iketsetsa lintho. Leha ho le joalo, haeba ba itšehla thajana ka ho feletseng ho litho tsa lelapa, ba ka ’na ba fumana hore nakong ea ha ba hloka kameho e lerato haholoanyane, ba tla lieha ho e fumana.
Tlhahiso e ’ngoe e molemo e hlaha ho Michael, ntate-moholo oa Nigeria: “Ke sebelisa Molao oa Khauta oa Jesu—ho etsa ba bang seo ke batlang hore ba nketse sona. Ka lebaka leo bana ba ka ba nthata haholo. Re thabela puisano e ntle.” Oa phaella: “Haeba tse ling tsa litloholo tsa ka li etsa ntho e nkhopisang, ke buisana le tsona haeba ho hlokahala. Empa haeba ke ntho eo nka iphapanyetsang eona, hangata kea e lebala.”
Limpho tse nyenyane le liketso tse nyenyane tse etsoang ke bo-nkhono le bo-ntate-moholo li hlahisa karabelo e ntle. Mantsoe a mosa, a khothatsang, ho e-na le litletlebo tsa kamehla, li etsa hore bophelo ba lelapa e be bo monate. Ho ipha nako ea ho ba le litloholo, ho li ruta lipapali tse tšehisang le mesebetsi ea bohlokoa e menyenyane, ho li qoqela lipale tsa Bibele kapa liketsahalo tsa lelapa, ho etsa hore ho be teng mehopolo e mofuthu le ea nako e telele. Lintho tse joalo tse nyenyane empa e le tsa bohlokoa li etsa hore bophelo e be bo thabisang haholoanyane.
Melemo ea ho Hlomphana
Ngaka Gaspare Vella, o re: “Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ho hlokahala hore ba hlokomele hore ba se hanyetse kapa ho phehisana le matla a batsoali a ho hōlisa bana.” O phaella ka ho re: “Ha ba etsa joalo, ba tlōla karolo ea ho ba bo-nkhono le bo-ntate-moholo ’me ba fetoha batsoali ba bo-nkhono le bo-ntate-moholo.” Tlhahiso ena e tumellanong le se boleloang ke Mangolo, hore batsoali ba na le boikarabelo bo boholo ba ho koetlisa bana ba bona.—Liproverbia 6:20; Ba-Kolosse 3:20.
Ka lebaka la phihlelo ea bona bophelong, ho bonolo hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba fane ka keletso. Leha ho le joalo, ba tlameha ho hlokomela hore ba se fane ka keletso e sa batloeng kapa ka linako tse ling e sa amoheleheng. Roy le Jean ba re: “Ho bohlokoa ho hlokomela hore batsoali ba na le boikarabelo bo boholo ba ho koetlisa le ho laea bana ba bona. Ka linako tse ling motho a ka ’na a nahana hore ba batla ba tiile haholoanyane ’me liketsahalong tse ling ha baa tiea joalokaha ho hlokahala. Ke ka hona ho hlokahalang hore ho loantšoe teko ea ho kenella.” Michael le Sheena, nkhono le ntate-moholo ba bang ba babeli ba Brithani, ba tiisa taba e tšoanang: “Haeba bana ba batla keletso ea rōna, re tla fana ka eona, empa hase hore ehlile re ba lebelletse hore ba e amohele, kapa hore re tla halefa haeba ba sa e sebelise.” Ho molemo hore batsoali ba hōlileng ba tšepe bara le barali ba bona ba leng lenyalong. Tšepo e joalo e ntlafatsa likamano har’a meloko e meraro.
Vivian le Jane, ba lulang ka boroa ho England, ba etsa boiteko ba ho tšehetsa ka linako tsohle taeo eo litloholo tsa bona li e fuoang ke mora le ngoetsi ea bona, bao ba lulang le bona: “Ha re leke ho kenya likhopolo tsa rōna moo mohlomong re bonang taba ka leihlo le fapaneng. Ka ho bona hore re tšehetsa ’m’a bona le ntat’a bona, bana ha ba leke le ho ‘re qabanya le bona.’” Esita leha batsoali ba le sieo, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba tlameha ho hlokomela taba ea ho laea litloholo. Harold, oa Brithani o re: “Taeo leha e le efe eo nkhono kapa ntate-moholo a nkang hore ea hlokahala ha batsoali ba le sieo e lokela ho tšohloa esale pele le batsoali.” Harold o phaella ka hore lentsoe le mosa, empa le le bonolo ho litloholo kapa khopotso feela ea “seo motsoali a tla se hloka” hangata le lekane.
Ha Christopher, ntate-moholo e mong oa Nigeria, a hlokomela mefokolo ea bana ba hae, o qoba ho bua ka eona litloholo li le teng: “Ke fana ka keletso e hlokahalang ha ke le mong le batsoali.” Batsoali le bona ho hlokahala hore ba phethe karolo ea bona ho tiisa hore karolo ea bo-nkhono le bo-ntate-moholo e ea hlomphuoa. Carlo, ntate e mong ea lulang Roma, Italy, o re: “Ke habohlokoa hore le ka mohla u se tletlebe ka liphoso tsa bo-nkhono le bo-ntate-moholo kapa litho tse ling tsa lelapa moo bana ba leng teng.” Hiroko, ’mè oa Lejapane, o re: “Ha ho hlaha bothata ka ba bohali ba ka, ke buisana ka bona pele le monna oa ka.”
Karolo ea Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ea ho Ruta
Lelapa ka leng le na le histori ea lona, meetlo, le liphihlelo tse le khethollang ho a mang ’ohle. Hangata, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ke sehopotso sa histori ea lelapa. Ho latela maele a mang a Afrika, “monna e mong le e mong ea tsofetseng ea shoang ke laebrari e chang.” Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba fetisa likhopolo ka beng ka motho le liketsahalo tsa bohlokoa tsa lelapa, esita le litekanyetso tsa lelapa tseo hangata li kopanyang lelapa metsong ea lona. Se sa akarelletse tataiso ea boitšoaro eo Bibele e fanang ka eona, setsebi se seng se ile sa bolela hore haeba “bacha ba se na seo ba se hopolang ka histori, ba hōla ba se na motheo oa phihlelo ea se etsahetseng pele ho bona, ha ba na litekanyetso, ha baa tsitsa, ’me ha baa sireletseha.”—Gaetano Barletta, Nonni e nipoti (Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo le Litloholo).
Litloholo li rata ho utloa pale ea ha ’Mè le Ntate le beng ka bona ba bang ba sa le banyenyane. Ho sheba albamo ea lifoto ho ka ruta haholo ’me ha khatholla. Ho ba le bonolo le mofuthu o mokaakang ha bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba pheta pale ea liketsahalo tse fetileng joalokaha li bontšoa ke lifoto.
Reg le Molly, nkhono le ntate-moholo ba babeli ba Brithani bao e leng Lipaki tsa Jehova, ba re: “Re thabisitsoe ke ho khona ho tloaelana le litloholo le ho etsa lintho hammoho le tsona, re sa kenelle kamanong ea tsona e haufi le ’mè oa tsona le ntate oa tsona, re araba lipotso tsa tsona tse ngata, re bapala hammoho, re bala hammoho, re li ruta ho bala, re li mamela ha li bala, re bontša thahasello ho seo li se etsang sekolong ka lerato.”
Phoso e tebileng eo bo-nkhono le bo-ntate-moholo le batsoali ba bangata ba e etsang ke ea ho ameha feela ka katleho ea ’mele ea bana kapa litloholo. Reg le Molly, ba boletsoeng ka holimo, ba re: “Lefa le leholo ka ho fetisisa leo re ka le fang bana ba rōna le litloholo tsa rōna ke ho ba bona ba hōlela tsebong ea ’nete ea Lentsoe la Molimo.”—Deuteronoma 4:9; 32:7; Pesaleme ea 48:13; 78:3, 4, 6.
Ho Sebetsa Tumellanong le Thuto ea Bomolimo
Bibele e Halalelang, Lentsoe la Molimo, e “matla” bathong. E na le matla a ho ba thusa ho laola kapa ho felisa litšobotsi tse bakang likarohano, tse kang boithati le boikhohomoso. (Ba-Heberu 4:12) Ka hona ba sebelisang lithuto tsa eona, ba thabela khotso le bonngoe ba lelapa. Le leng la mangolo a mangata a thusang meloko e meraro ho tlosa lekhalo leha e le lefe le ka ’nang la ba teng pakeng tsa eona ke Ba-Filippi 2:2-4, e khothalletsang bohle hore ba bontše lerato le kelello e inyenyefalitseng, ba boloke bonngoe, ‘ba se hlokomele tseo e leng tsa bona feela, empa ba hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.’
Ba sebetsa tumellanong le thuto ea bomolimo, batsoali le litloholo ka ho tšoanang ba ka nka ka ho teba khothatso ea ho “lefa puseletso e loketseng ho batsoali ba bona le bo-ntat’a bona moholo le bo-nkhono‚” ka lintho tse bonahalang, maikutlong le moeeng. (1 Timothea 5:4, NW) Ka tšabo e loketseng ea Jehova, ba bontša tlhompho e tebileng ho bo-nkhono le bo-ntate-moholo, ba hopola mantsoe ana: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng. Tšaba Molimo oa hao.” (Levitike 19:32) Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bontša molemo ka ho sebeletsa katleho ea leloko la bona: “Motho e motle o siela litloholo tsa hae lefa.”—Liproverbia 13:22.
Bo-nkhono le bo-ntate-moholo, batsoali, le litloholo, ebang ba phela hammoho kapa che, ba ka fumana molemo ba bang ho ba bang ka likamano tse nang le kameho e lerato tse thehiloeng leratong le tlhomphong, joalokaha Liproverbia 17:6 e re: “Litloholo ke moqhaka oa maqheku, ’me khanya ea bana ke batsoali ba bona.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho kopana hape ha lelapa ho tlatsetsa bonngoeng ba lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bo-nkhono le bo-ntate-moholo baa khothala ha u ba ngolla
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho phetla albamo ea lelapa hammoho le litloholo tsa hao e ka ba phihlelo e matlafatsang