Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 8/8 maq. 26-28
  • Nare ea Metsing—E-ea Tšepahala Ebile e na le Thuso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nare ea Metsing—E-ea Tšepahala Ebile e na le Thuso
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phoofolo e Litšika-tšika e Fumanehang Likarolong Tse Fapaneg Tsa Lefatše
  • Bafalli ba Atlehileng
  • ’M’amanamane
  • Hase Terekere e Phelang Feela
  • Ho Fokotsa Boima ba Nare
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
  • Matsoalloa a Amerika—ho Fela ha Mehla
    Tsoha!—1996
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Leeto la Rōna Ghana
    Tsoha!—2001
Tsoha!—1995
g95 8/8 maq. 26-28

Nare ea Metsing—E-ea Tšepahala Ebile e na le Thuso

KA MONGOLLI OA TSOHA! BRAZIL

‘Balehang, balehang! Nkoe ke eo!’ ho hoeletsa bashemane. Ba mathela linareng tsa bona, baa li loakela, ’me ba li mathisa ka lebelo. Ka tšohanyetso, Saïdjah, e mong oa bashemane, o-oa chophoha ’me o oela ka har’a tšimo ea reise—e tla ba phofu ea nkoe e ntseng e atamela. Leha ho le joalo, nare ea Saïdjah, e bona se etsahetseng. E khutlela morao, e fihla e iketsa marulelo ka ’mele oa eona o sephara holim’a motsoalle oa eona e monyenyane, ’me joale e talimana le nkoe. Katse ena e khōlō e-ea hlasela, empa nare e ema e tiile ’me e pholosa bophelo ba Saïdjah.

BOEMO bona, bo ileng ba hlalosoa ke Eduard Douwes Dekker, sengoli sa lekholong la bo19 la lilemo se neng se lula Asia, bo bontša tšobotsi e ratehang ea nare ea metsing: ho tšepahala. Le kajeno, botšepehi e ntse e le letšoao la eona. Setsebi se seng se re “nare ea metsing e tšoana le ntja ea lapeng. E u bontša kameho bophelong bohle ba eona hafeela u e tšoara hantle.”

Bana ba Asia, esita le ba lilemo li ’nè, ba tseba ho etsa joalo. Letsatsi le leng le le leng, ba isa metsoalle ena ea bona e nonneng nōkeng, moo ba e hlatsoang, ’me ka matsoho a bona a manyenyane, ba hloekisa litsebe, mahlo le linko tsa liphoofolo tsena. Nare ha e ananela, e sisimoha ka khotsofalo. Letlalo la eona le lefifi le amohela mocheso o mongata, ’me ka lebaka la hore nare e na le litšoelesa tse fokolang haholoanyane tsa ho ntša mofufutso ha e bapisoa le khomo, e na le bothata ba ho lula e pholile. Hase feela e ratang ho tolisoa letsatsi le letsatsi tjena! Setsebi se seng sea hlokomela: “Ha li kene ka metsing kapa seretseng, li ntse li thuisa ’me li butse mahlo hanyenyane,” linare “li ba le ponahalo e bontšang thabo e fetisisang.”

Leha ho le joalo, ho rata ha tsona metsi empa feela e le e ’ngoe ea litšobotsi tsa tsona. Ke litšobotsi life tse ling tseo li nang le tsona? Ke hobane’ng ha li e-na le thuso? Taba ea pele, li shebahala joang?

Phoofolo e Litšika-tšika e Fumanehang Likarolong Tse Fapaneg Tsa Lefatše

Nare ea metsing (Bubalus bubalis) e shebahala joaloka pholo ea tonana ’me boima ba eona ke lik’hilograma tse 900 kapa ho feta. E na le letlalo le batlang le benya, le lethokoa. Bophahamo ba eona ba limithara tse 1,8 ho ea holimo ho fihla mahetleng—ka manaka a tinkane, mokokotlo o otlolohileng, ’mele o molelele, molala o kobotetseng, le sebōpeho se litšika-tšika—ke tlhaloso e bontšang matla. Meomo ea eona e tiileng e etsa hore maoto a eona e be a loketseng hantle bakeng sa ho tsamaea seretseng: litlhako tse khōlō tse kang lebokose li hokahane le manonyeletso a soenetsehang habonolo ka ho fetisisa. Ho soenetseha ka bonolo joalo ho nolofaletsa nare hore e kobele litlhako tsa eona morao, ho hlōla litšitiso le ho tsamaea masimong a nang le qhafutso moo likhomo li thellang.

Linare tsa metsing tse limilione tse 150 tsa lefatše tse ruiloeng li mefuta e ’meli: mofuta oa mokhoabong le mofuta oa nōkeng. Ho tloha Philippines ho ea India, nare ea mokhoabong, ka manaka a eona a malelele a petleki a limithara tse 1,2 ho ea ho 1,8 ke setšoantšo se ratoang haholo liposkareteng. Ha e sa itokisetse ho nkuoa foto, e tsamaea seretseng e kene ka mangole ho pholletsa le masimo a reise kapa e hula likariki litselaneng tseo literaka li ke keng tsa tsamaea ho tsona.

Nare ea nōkeng e tšoana le ea mokhoabong. ’Mele oa eona o batla o le monyenyane ’me manaka a eona a lekane hantle—a harehile haholo kapa a lioehla. Empa ka boima ba eona bo etsang lik’hilograma tse 900, le eona e ntse e shebahala ka tsela e tsotehang. Nakong e fetileng, bahoebi ba Arabia ba ile ba tlisa mofuta ona Bochabela bo Hare ho tsoa Asia; ’me hamorao, Masole a Bolumeli a tsoang ntoeng a ile a e tlisa Europe, moo e ntseng e atleha.

Leha ho le joalo u ke ke ua bona linare tsa metsing li jahile—li tsamaea butle, lik’hilomithara tse tharo ka hora—nare ea mokhoabong le ea nōkeng ka bobeli li fumaneha likarolong tse ngata tsa lefatše. Li ’nile tsa lula lebōpong la leoatle le ka leboea ho Australia, tsa tsamaea lebōpong la leoatle lihleke-hlekeng tsa Pacific, ’me li bile li entse tsela morung oa Amazon. Amazon?

Bafalli ba Atlehileng

Bahahlauli ba ithutang ka tikoloho le bophelo bo ho eona ba tsamaeang ka seketsoana Amazon hangata ba hlahloba ntle ho katleho ea letho mabōpong a nōka ba batla nkoe e sa fumaneheng habonolo kapa li-anaconda tse khōlōhali. Leha ho le joalo, ha ba hloke libonela-hōle, kapa esita le likhalase tsa mahlo, hore ba bone baeti bana ba bacha ba fihlang morung—linare tsa metsing, tse likete-kete.

Haeba u ikutloa hore bafalli bana ba Asia ba ipitikang seretseng Amazon ba sokela tikoloho ena le bophelo ba eona, u ka ’na ua nahana ka ho ipelaetsa ho sepolesa sa Marajó, e leng sehleke-hleke se pel’a nōka eo. Empa hlokomela! U ke ke ua mameloa ka mokhoa o hlokang leeme ha u fihla seteisheneng sa sepolesa, hobane moofisiri ea leng mosebetsing e ka ’na eaba o mothating oa ho leba seterateng ho ea lebela a palame nare e tšosang. U nepile, ke nare ea metsing—ho phaella moo e bile ke mofuta oa mokhoabong! Ke mang ea ka belaelang?

Dr. Pietro Baruselli, ngaka ea liphoofolo e sebeletsang se seng sa litsi tse peli tsa patlisiso ka nare ea metsing Brazil, o bolela hore ha e le hantle, nare ea metsing ke letlotlo sebakeng sa Amazon. O boleletse Tsoha! hore linare li na le tsamaiso ea ho siloa ha lijo e ntle haholo e li nolofaletsang hore li ’ne li none makhulong a sieang likhomo li mamarane. Bo-rapolasi ba ruileng likhomo ho hlokahala hore ba ’ne ba reme meru le ho chesa naha bakeng sa ho etsa makhulo a macha, empa linare li atleha ka makhulo a seng a ntse a le teng moo. Dr. Baruselli o bolela hore linare li “ka thusa ho sireletsa meru e nang le pula e ngata.”

Leha ho le joalo, hore nare e phele morung, e tlameha hore e be e iqapelang mokhoa oa ho phela—’me e hlile e joalo. Buka The Water Buffalo: New Prospects for an Underutilized Animal e hlalosa hore nakong ea lipula, ha Amazon e koahetse makhulo, nare e ikamahanya le maemo a sebaka se metsi. Ha likhomo li setse li le tsietsing libakeng tse phahameng tse se nang metsi, li talimile ka mahlo a tletseng mōna le maphako a se nang letho, linare tse pel’a tsona, li itsamaela feela metsing, li thabela ho ja limela tse phaphametseng ka holim’a metsi ’me li bile li fula ka tlas’a metsi. Ha makhulo a hlaha hape, nare e bonahala e ntse e atlehile joaloka pele.

’M’amanamane

Linare tsa metsing li ntse li eketseha ka potlako ka ho tšoanang libakeng tse ling tsa Brazil. Ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1980, mohlape oa naha o eketsehile ka potlako ho tloha ho likete tse makholo a mane ho ea ho limilione tse ’maloa. Ha e le hantle, linare li eketseha ka potlako haholoanyane ho feta likhomo. Hobane’ng?

Wanderley Bernardes, motsoalisi oa linare Brazil, o hlalosa hore nare e se e loketse ho tloleloa ha e le lilemo li peli. Ka mor’a likhoeli tse leshome tsa kemaro, e tsoala namane ea eona ea pele. Likhoeli tse ka bang 14 hamorao, namane ea bobeli e-ea tsoaloa. Ka lebaka la manamane a tsona a shoang ka palo e fokolang le ho ba ha ’ona le thibelo e phahameng khahlanong le mafu, linare li thabela bophelo bo bolelele le ba ho tsoala haholo. Halelele hakae? Karolelano ea lilemo tse fetang 20. E tsoala hangata hakae?

Monghali Bernardes ha a leba makhulong a mepopotlo ea polasi ea hae e lihekthara tse 300, lik’hilomithara tse ka bang 160 ka bophirimela ho São Paulo o re: “Ke tla u bontša. Enoa ke Rainha (’M’amanamane),” o bua ka kameho e lerato ha a ntse a supile phoofolo eo letlalo la eona le tsofetseng le manaka a eona a foforehileng li bontšang tlaleho ea nako e telele ea bophelo ba nare. “E lilemo li 25, ke nkhono oa litloholo tse ngata-ngata, empa,” o-oa phaella, a bososela ka thabo, “e sa tsoa tsoala namane ea eona ea bo20.” Ka bo-nkhono ba kang Rainha, hase ho makatsang ha litsebi tse ling li nahana hore lekholong le tlang la lilemo, mohlape o moholo ka ho fetisisa oa linare oa lefatše e ka ’na eaba o tla be o fula Brazil!

Hase Terekere e Phelang Feela

Leha ho le joalo, hajoale, polelo eo ke ea India feela, lehae la hoo e batlang e le halofo ea linare tsa lefatše. Moo le linaheng tse ling tsa Asia, ka thuso ea linare, malapa a limilione a futsanehileng a lihoai a phela ka naha e batlang e se na letho. E sa hloke disile kapa litšepe tsa ho e lokisa, “terekere e phelang” ea bona e-ea hula, e-ea lema, e-ea ekha, e hula kariki ’me e tšehetsa lelapa ka lilemo tse fetang 20. Mosali-moholo e mong oa Asia o itse: “Lelapeng la ka, nare e bohlokoa ho mpheta. Ha ke e-shoa, ba tla ntelela; empa haeba nare ea rōna e shoa, ba ka ’na ba bolaoa ke tlala.”

Ntle le ho ba mosebetsi oa masimong, nare e boetse e fana ka lijo. Hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea lebese lohle le hlahisoang India le tsoa nareng ea metsing, ’me lebese la nare le hlokahala haholo hoo lebese la khomo le rekoang ka thata. Ke hobane’ng ha ba bangata ba le rata haholo? Buka The Water Buffalo: New Prospects for an Underutilized Animal, e-ea hlalosa: “Lebese la nare le na le metsi a fokolang, ka kakaretso le na le limatlafatsi tse ngata haholoanyane, mafura a eketsehileng, le batla le na le tsoekere e eketsehileng, ’me le na le liprotheine tse fetang tsa lebese la khomo.” Le fana ka matla a mangata, le latsoeha hamonate, ’me le sebelisetsoa ho etsa mozzarella, ricotta, le lichisi tse ling tse monate haholo.

Ho thoe’ng ka nama ea nare? Rapolasi e mong, Bernardes, o re: “Re sitoa ho khotsofatsa tlhokahalo ea eona.” Litlhahlobong tsa tatso eo batho ba e ratang Australia, Venezuela, United States le linaheng tse ling, seteiki sa nare se ile sa ratoa haholo ho feta sa khomo. Ha e le hantle, hangata batho ba limilione ho pota lefatše ba thabela nama ea nare le hoja ba nahana hore ba ntse ba e-ja seteiki sa nama ea khomo se nang le moro. Dr. Baruselli o-oa hlokomela: “Hangata batho ba na le ho ahlola pele ba utloa ntho, empa nama ea nare e ntse e le monate joaloka ea khomo, ebile hangata e monate ho e feta.”

Ho Fokotsa Boima ba Nare

Le hoja nare e ntse e eketseha ka palo, e bothateng. Earthscan Bulletin e-ea hlokomela: “Lipoho tse khōlō tse neng li ka ba molemohali mererong ea tsoaliso, hangata li khetheloa ho ba liphoofolo tsa mosebetsi le ho etsoa lipholo, kapa li romeloa selakhapane.” Ka tsela eo, litšobotsi tsa lefutso tsa seemo se seholo lia fela, ’me boima ba linare boa fokotseha. Litsebi li bolela hore “lilemo tse leshome tse fetileng Thailand, ho ne ho tloaelehile ho fumana nare e boima ba lik’hilograma tse 1 000; hona joale ho thata ho fumana mofuta o boima ba lik’hilograma tse 750.” Na bothata boo bo ka rarolloa?

E, ho bolela tlaleho e bokeletsoeng ke litsebi tse 28 tsa saense ea liphoofolo, empa “ho hlokahala hore ho nkoe khato ka potlako . . . ho boloka le ho sireletsa mefuta e hlaheletseng ea linare.” Ho fihlela joale, baa lumela hore nare e hlokomolohuoe, empa “kutloisiso e molemonyana ka nare ea metsing e ne e ka ba bohlokoa haholo lichabeng tse ngata tse tsoelang pele moruong.” Li bolela hore patlisiso e eketsehileng e tla thusa hore “boleng ba eona ba sebele bo hlahelle.”

Qetellong, lefatšeng ka bophara bo-rasaense ba sibolla seo lihoai tsa Asia li se tsebileng ka makholo a lilemo: Nare ea metsing e tšepahalang le e nang le thuso ke e ’ngoe ea metsoalle e ka sehloohong ea motho.

[Lebokose le leqepheng la 28]

Tlhaloso e Fosahetseng

BUKA The Water Buffalo: New Prospects for an Underutilized Animal e-ea hlokomela: “Ka tloaelo ho lumeloa hore nare ea metsing ha e na botsoalle ebile e mabifi. Li-encyclopedia li tiisa pono ena.” Leha ho le joalo, bonneteng, nare ea metsing e thapisitsoeng ke “e ’ngoe ea liphoofolo tse bonolo ka ho fetisisa tsa polasing. Ho sa tsotellehe ponahalo e tšosang, e batla e tšoana le phoofotsoana ea lapeng—e botsoalle, e bonolo ’me e na le khutso.” Joale, ho tlile joang hore nare ea metsing e qetelle e na le botumo boo bo sa e lokelang? E ka ’na eaba e ferekanngoa le nare ea Afrika ea Kapa (Synceros caffer), eo ka sebele e khopehang le feela le hoja e sa amane haufi-ufi le nare ea metsing. Leha ho le joalo, linare tsa metsing li ke ke tsa tsoalisana le tsona. Li khetha ho qoba beng ka tsona ba halefang le feela joalo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela