Malapa a Motsoali a le Mong—Tloaelo e Ntseng e Hōla
KA MONGOLLI OA TSOHA! BRITHANI
THE TIMES ea London e-ea tlaleha: “Ho na le malapa a motsoali a le mong a mangata United Kingdom ho feta naheng leha e le efe Europe. Batsoali ba se nang balekane . . . hona joale ke lihlooho tsa hoo e batlang e le lelapa le le leng ho a mahlano United Kingdom ao bana ba teng ba leng lilemo tse ka tlaase ho 18, ha ho bapisoa le le le leng ho a supileng a Denmark le le le leng ho a robeli Jeremane le Fora.”
Ho batsoali bohle ba leshome ba se nang balekane ba Brithani, ba robong ke basali. Lelapa le tloaelehileng, kapa leo ho thoeng ke la motheo, le etsoang ka ntate le ’mè hammoho le bana ba bona hona joale le bonahala feela e le ‘khopolo e ’ngoe ea lelapa’ har’a tse ling. Empa ke hobane’ng ha mofuta oa lelapa la motsoali a le mong o atile ho feta pele?
Tlhalo le karohano ke tsona lisosa tse ka sehloohong. Tabeng ena Brithani e latela tloaelo e United States, e leng moo palo e batlang e etsa halofo ea manyalo ’ohle e fellang ka tlhalo. Hape, seo batho ba se lebellang ka lenyalo se fetohile. Ho ea ka Zelda West-Meads oa Relate, e leng mokhatlo oa tataiso lenyalong, lilemong tse 20 kapa tse 30 tse fetileng, “likarolo tsa banna le basali li ne li khethollehile ka ho hlakileng haholoanyane. Monna e ne e le ea tlisang moputso lapeng; mosali e le mohlokomeli.” Empa ho thoe’ng kajeno? “Manyalo a kajeno e ka ba a hlasimollang le a thabisang haholoanyane, empa hape e ka ba a thata haholoanyane. Basali ba batla se eketsehileng lenyalong ho feta seo bo-’m’a bona le bo-nkhono’a bona ba neng ba se lebella. Ba batla ho lekana le banna, moratuoa ea motle, motsoalle ea molemo, menyetla ea mosebetsi—le bana ka ho tšoanang.”
Ho ba le likamano tsa botona le botšehali le motho leha e le ofe ho bontšoang boithabisong ho nyelisa lelapa le tloaelehileng. Bacha ba bang le likamano tsa botona le botšehali ba sa le lilemong tse tlaase hangata ha ba hlokomele liphello tse ka bang teng. Ho bona, lenyalo le hlahisa bothata, le fokotsa bolokolohi ba bona ba botho, le thatafatsa bophelo ho sa hlokahale.
Ba bang ba ikhethela ho ba batsoali ba se nang balekane; ba bang ba etsoa ke maemo. Ha ba qobelleha ho ba boemong ba motsoali a le mong, batho ba bangata ba lenyalong ha ba thabele ho itaola. Har’a bana ke batho ba neng ba le lenyalong le thabileng empa ba shoetsoe ke balekane ba bona.
Ka lehlakoreng le leng, ho na le bao manyalo a bona a ’nileng a tsebahala ka liqabang tse utloisang bohloko. Ba fumana phomolo ka ho hōlisa bana ba bona ba le bang. Ba bangata ho bana, ba hlalosa kamano e haufi-ufi le bana ba bona eo ba e hōlisitseng.
Le hoja ho e-na le lisosa tse ngata mabapi le tloaelo ea malapa a motsoali a le mong, ha ho shejoa boikarabelo le liphephetso tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, ho na le lintho tse itseng tseo batsoali ba se nang balekane ba amehileng ka tsona. Ke life? ’Me batsoali ba se nang balekane ba ka phetha boikarabelo ba bona ka katleho joang?